Bothata ba Mopapa ba Afrika
● Leetong la hae haufinyane Afrika bo bong ba mathata ao Mopapa John Paul II a ileng a tlameha ho sebetsana le oona ke hore na Kereke ea hae e ile hole hakae ho ikamahanyeng le meetlo ea sebaka ea lenyalo. New York “Times” e tlaleha hore “likarolong tse ngata metseng e ka thōko, baprista le babishopo ba nyetse sethepu. Moruti oa bolumeli oa Belgium ea motseng o moholo a fana ka maikutlo a hore hase sethepu ka kutloisiso e tebileng haholo empa, ka kutloisiso ea lentsoe la kereke, ‘bonyatsi.’ Ha ho ameha moruti, a bolela hore, ha ho mohla manyalo a mangata a sebetsoang ka mokhoa.” Moruti oa bolumeli a boela a re: “E mong le e mong o hlokomela hore ke ho sa tloaelehang bakeng sa moprista ho ba le basali, kahoo ha ho tšebeletso e etsoang.”
Ka lehlakoreng le leng, mopapa o nkile boemo bo matla a buella ho se nyale ha baruti. Ho bohloko, boemo ba baeta-pele ba Kereke ba Afrika le ba Vatican bo hanana le lithuto tsa Kreste le tsa Bibele. Ba nyetseng sethepu le ba phelang hammoho ntle ho molemo oa lenyalo ke lihlola ’me hape mohlomong le bafebi. Ba tlameha ho lelekoa phuthehong—ruri ba ke ke ba lula setulo sa moprista kapa mobishopo. ’Me, Bibele ea K’hatholike ea “Douay” e re: “Ka baka leo ho hloka mobishopo hore a se nyatsuoe ka letho, e be monna oa mosali a le mong”—e seng hore ho hlokahala hore a se ke a nyala.—1 Tim. 3:2, 12; 4:3; Matt. 19:9; 1 Ba-Kor. 5:9-13.