Ba Fumana Thuso ea ho Loana ka Katleho le Lipelaelo Tsa Bophelo
MOTHO E MONG le e mong ea phelang o bile le lipelaelo tsa hae. Empa ho teng tsela ea bophelo e thusang batho ho loana ka katleho le ho tepella ho bohloko joalo kapa ho se iketle kelellong. E, monyetla o teng oa ho sebetsana ka katleho le lipelaelo. Joang? Ka ho phehella tsela ea bophelo ea Bokreste.
Ho kula ho bakela batho ba bangata lipelaelo tse khōlō. “Ke ne ke le boemong bo bosula haholo ba bophelo ha Lipaki tsa Jehova li qala ho nketela,” kamoo ho boletseng mosali e mong oa England, a phaella ka hore: “Methapo ea ka e ne e le boemong bo bobe haholo ’me ke ja lipilisi tsa methapo tse 140 ka khoeli, ntle ho ho tsuba lisakarete tse 40 ka letsatsi. Molaetsa oa tšepo o tsoang ka Bibeleng ea e-ba tšusumetso e khōlō ea ho tlohela mekhoa ena, empa ea e-ba ntoa e khōlō.” Leha ho le joalo, a fela a atleha, ’me a re: “Ka thuso ea Jehova le moea, ke tsebile ho tla tumellanong le litlhokahalo tsa hae ’me ke lebelletse bophelo bo phethahetseng haufi taolong ea hae e ncha.”
Khotso e bile ntho e fumanehang ka thata hoo ba bang ba e batlileng ka ho ngongoreha ho hoholo. “Ke ne ke batla khotso,” kamoo ho boletseng mohlankana e mong oa Canada, eo hape a neng a batla “lerato la ’nete la boena.” A hlahlobisisa bolumeli bo fapa-fapaneng, empa a soaba. Kamor’a nako, a “fetoha mohlanka oa lithethefatsi haholoanyane,” a leka ho ipolaea ka makhetlo a mabeli. Ha a le sepetlele a hlaphoheloa kamor’a ho leka ho ipolaea ka lekhetlo la bobeli, mohlankana a buisana le motho ea ntseng a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. A susumeletsehile ho bala Mangolo, mohlankana enoa a khahloa ke mantsoe a Joshua 1:8, ’me a etsa qeto ea hore o tla latela se ka Bibeleng. “Ka baka leo,” kamoo a bolelang kateng, “ka itlhatsoa, ka kuta moriri oa ka, ’me hang hang ka khaotsa ho noa lithethefatsi.” Lipaki tsa mo etela kamehla, ’me mohlankana a kolobetsoa kapele tšoantšetsong ea boineelo ba hae ho Jehova Molimo. Ha botsoa mohla letsatsi leo a kolobelitsoeng ka lona a bolella bamameli ba kopano: “Ke fumane khotso le lerato la ’nete la boena.” E, ho batla ha hae ka cheseho khotso le lerato la boena ho ne ho fumane moputso ka kopano e thabileng le bao ba phehellang tsela ea bophelo ea Bokreste.
Lenyalo le qhalaneng e ne e le bo bong ba maemo a bakang lipelaelo bophelong ba mosali e mong e monyenyane Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Ha e le ngoana ea lilemo li leshome oa ’mè oa letahoa lelapeng le qhalaneng, o ne a ile a leka ho ipolaea! Lilemo hamorao, a ipotsa, ‘Hantle sepheo le morero tsa bophelo ba ka ke life?’ Kamor’a hore le eena a qetelle ka lenyalo le qhalaneng le monna e mong, mosali enoa a boela a nyalana le monna e mong ’me a teana le molaetsa oa Bibele ka matsala’e oa mosali, e mong oa Lipaki tsa Jehova. Qetellong, hona ha fella ka boineelo ho Molimo le kolobetso. Ka baka la kameho e lerato e bontšitsoeng ke litho tsa phutheho le thuso ea botho ea khaitseli e mong oa Mokreste, mosali enoa o ne a ka re: “Bophelong bohle ba ka ke qala ho ikutloa hore ke motho ea feletseng. Pele, bophelo ba ka e ne e le ntho e sentsoeng ke tikoloho e mpe. Hona joale, leha ho le joalo, ke qalisitse bocha ka ho feletseng. Ho e-na le ho lakatsa ho ipolaea, ke na le hoo nka ho neang ba bang . . . ke fumane tšepo e phelang kamanong ea ka ea botho le Jehova.” Ka sebele, o ne a sibollotse se boleloang ke bophelo, a fumane ‘tšepo eo e phelang.’
Joalokaha ho hlokomelehile pelenyana, Mangolo a tšepisa mehla eo ka eona lipelaelo tse tepeletsang li tla fela. Leha e le hona joale, leha ho le joalo, ka litokisetso tsa Jehova ba bangata ba fumane thuso ea moea ho loantšeng ka katleho lipelaelo tsa bophelo.