Na u Fana Hamolemo, Hamolemo Haholo Kapa Hamolemohali?
NA U se u sibollotse hore ho khotsofala ho hlekela khotso ea kelello haesita le ho khothalletsa ho ba khotsong le ba bang? Ke ka baka leo moapostola Pauluse a neng a ka ngola: “Efela borapeli, ha bo e-na le ho kholoa ha pelo, ke leruo le leholo. Hobane ha rea ka ra tlisa letho lefatšeng, ’me hoa bonahala hoba re sitoa ho ea le letho, ha re le tlohela. ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” Ha e le hantle, a ea pejana, a khothalletsa hore motho a khotsofalle seo a nang le sona, le haeba ke lekhoba kapa motho ea lokolohileng, le haeba motho o lenyalong kapa ke lesooa.—1 Tim. 6:6-8; 1 Ba-Kor. 7:12-27.
Leha ho le joalo, ha ho fihloa tabeng ea ho fana ka bokhabane ba Bokreste, bo kang ho fana, ke hantle ha re ka ipotsa hore na re ka sekamela ho khotsofatsoeng ke seo re se etsang. Na re khotsofalletse feela ho etsa se ka ’nang sa boleloa se le “molemo,” ha ha e le hantle re ka be re etsa ho molemo haholo kapa ho molemohali?
Ka mohlala, ho thoe’ng ka ho fana ho seo kannete e leng tsela e tšoanelehang kapa ho thusa motho ea tšoanelehang ea hlokang? Ho etsa moneelo o itekanetseng ho ka boleloa e le ho molemo ka hore ruri ha ho tšoane le ho se fane ka letho ho hang; ’me ho sa tsotellehe hore na ke ntho e kae, ho tla etsa molemo o itseng. Ntlheng ena, ba bang ba ikakasa ka ho ntša karolo ea leshome ea meputso ea bona. Hona ruri ho ka boleloa hore ho molemo, le hoja ho se letho ka Lentsoeng la Molimo le hlokang hore Bakreste ba ntše karolo ea leshome. Leha ho le joalo, ’nete ke hore bakeng sa motho ea futsanehileng haholo kapa ea boemong ba bokopa-kopa, karolo ea leshome e ka ba bothata ba sebele, ha bakeng sa ba nang le hona ho sa etse sehlabelo sa letho.
Haeba ho fana hohle ho joalo ho ka nkoa ho le “molemo,” e be joale ke ho fana hofe ho ka nkoang ho le “molemo haholo”? E tla ba ho fana tumellanong le seo motho a nang le sona. Ke sona seo Jehova Molimo a neng a se hloka ho Baiseraele mabapi le mekete ea bona ea selemo le selemo. A ba laela: “Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pel’a Jehova, Molimo oa hao, nqalong eo a tla e khetha; mohl’a mokete oa Mahobe a sa lomosoang [mabapi le Paseka], le mohl’a mokete oa Liveke [nakong ea Pentekonta], le mohl’a mokete oa Metlotloane [qetellong ea nako ea kotulo]: ba se ke ba itlhahisa pel’a Jehova ba le feela; ba mpe ba tle, e mong le e mong ka mpho ea matsoho a hae, le kamoo Jehova, Molimo oa hao, a u hlohonolofalitseng kateng.”—Deut. 16:16, 17.
Ruri hoo e ne e mpa e le tlhokahalo e lokileng feela, ’me moapostola Pauluse o e lemohile ka tsela eona eo. Kahoo, ha a khothalletsa Bakreste ba ruileng ba Korinthe ho etsa meneelo bakeng sa baena ba hlokang ba Jerusalema, a ileng a ba ngolla: “Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ee a natefeloe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang. Hobane ha ho etsoe hore ba bang ba bone thuso, ’me lōna le tsielehe; ho mpa ho etsoa ka ho re, ho lekane hantle; hore nala ea lōna e tle e imolle bofumanehi ba bona nakong ea joale, ’me nala ea bona le eona e tle e imolle bofumanehi ba lōna, ho tle ho etsoe ka ho lekana; joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ea neng a bokeletse haholo ha a ka a salloa ke letho; ’me ea neng a bokeletse hanyenyane ha a ka a hloka.”—2 Ba-Kor. 8:12-15.
Taba ena ea ho fana kamoo motho a nang le hona ho ka ’na ha boleloa hore ke motheo o tšelisang le o batlisisang pelo. Joang? Ke matšeliso ho Mokreste ea nang le ho fokolang hoo a ka fanang ka hona. Ha feela hoo a nang le hona hore a fane ka hona ho lekana le matla a hae a ka khotsofala. Ka lehlakoreng le leng, ke motheo o batlisisang pelo bakeng sa Mokreste ea nang le matlotlo a mangata, ea ruileng, hobane ke hantle ha a ka ipotsa hore na mpho ea hae, le hoja e le kholoanyane ho ea ba bang, na e kamoo letlotlo la hae le leng kateng.
Haeba ho boleloa hore ho fana kamoo motho a nang le hona ke ho fana ho “molemo haholo,” joale ke eng ho ka boleloang e le ho “molemohali” ha ho fihloa tabeng ea ho fana? E ka ba ho fana ka boitelo bo boholo ba botho. Ntlheng ena ’Mōpi, Jehova Molimo, o re etsetsa mohlala o motle haholo, hobane ke eng eo re e balang ho Johanne 3:16? “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši,” letlotlo la hae le turu ka ho fetisisa le leruo, “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” ’Me Mora oa Molimo, Jesu Kreste, le eena a fana ka tsela e joalo, hobane o itse: “Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.”—Joh. 15:13.
Ho sena Jesu o sebeletsa e le mohlala bakeng sa rōna hore re latele mehatong ea hae haufi, joalokaha eena ka boeena a boletse: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Joh. 13:34, 35; 1 Pet. 2:21.
Bakreste ba Filippi ba bontša lerato la mofuta ona oona. Rea bala ho 2 Ba-Korinthe 8:1-4: “Banab’eso, joale re le tsebisa mohau oo Molimo o o etselitseng likereke tsa Macedonia, Ke hobane, mahareng a moleko oa mahlomola a maholo, thabo ea tsona ea ’na ea eketseha, ’me bofumanehi bo boholo ba tsona bo tšolotse monono oa ho fana ha bona. Hobane ba ithaopile ho ntša ka matla a bona—teng ke paki—le ka ho fetisa matla. Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re n’o amohela ketso eo ea mohau le ho kena ha bona lithusong tse etsetsoang bahalaleli,” ke hore, Bakreste ba hlokang ba Jerusalema. E ne e se ntle ho lebaka Pauluse a ileng a eletsa Bakreste ba ruileng ba Korinthe hore: “Le fele le ateloe le ke ketso eo ea mohau.”—2 Ba-Kor. 8:7.
Ke hobane’ng ha re ka ikhotsofatsa ka ho fana ho tloaelehileng, le ho nang le bopaki ha ha e le hantle re ka fana ka mokhoa o molemo haholo kapa o molemohali? Hobane ho joalo ke tlamo e beiloeng holim’a Bakreste ke Lentsoe la Molimo, ka ho etelloa pele le ka mohlala, joalokaha re se re bone. Ho feta moo, khotsofalo e teng ho tsebeng hore motho o hlōtse lefutso le phehellang la boithati ’me o fane ka tšoanelo. ’Me, ho feta moo, ho boetse ho teng motheo oa Mangolo o laolang litabeng tse joalo, e leng oo phello ea oona re ke keng ra e qoba, e leng: “Ea jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; ’me ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.” A kotula eng? E seng moputso oa lintho tse bonahalang empa oa lintho tsa moea, tumellanong le mantsoe a Jesu: “Ho nea ke leseho le fetisang la fuoa.”—2 Ba-Kor. 9:6; Lik. 20:35.