Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 2/1 maq. 5-6
  • Na u Iphumana u Nahana Seo Molimo o se Hloileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u Iphumana u Nahana Seo Molimo o se Hloileng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Nako ea ho Rata le Nako ea ho Hloea”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Metsoalle ea Molimo e Qoba Lintho Tse Mpe
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Se Hlokahalang ho Ikarola Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ho Ipusa
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 2/1 maq. 5-6

Na u Iphumana u Nahana Seo Molimo o se Hloileng?

’MOLELI oa Mokreste le mosali oa hae ba ne ba e-na le litekete ho ea ho seo ho neng ho itsoe ke papali ea Shakespeare. Leha ho le joalo, ha ba fihla sebakeng seo ba fumana hore papali ea Shakespeare ha e ka ea atleha ’me kahoo ea nkeloa sebaka ka papali ea kajeno. Ba teng e ne e hlile e le moloko o moholo, oa ba nang le mokhoa oa bophelo o bohareng le o phahameng, sebaka seo sa boithabiso e le se seng sa tse ntle haholo tsa motse oa New York.

Kamor’a ho shebella papali ka metsotso e meraro kapa e mene ’moleli a retelehela ho mosali oa hae ’me a botsa, “U s’o lokile?” Mosali, a tseba hantle hore na monna o hopotse eng, a re, “E,” ’me ba ema ka bobeli ba tsoa. Hobane’ng? Qaleho ea papali eo e ne e le litšila puong ka ho ke keng ha nahanoa le liketso tsa eona le seo e buang ka sona hoo ba sa kang ba ikutloa hore ba batla ho mamella lihlong tse joalo. Ka makhetlo a mang, hape, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste ba ho fumane ho hlokahala ho etsisa banyalani bana, ka baka la hore ba khelositsoe ke liphatlalatso.

Molimo o hloile eng? O hloile bobe bohle. Har’a lintho tse ling, o hloile ‘pelo e rerang mano le maoto a potlakelang ho ea bobeng.’ (Liprov. 6:16-19) Kaha o hloile bobe bohle o tla ahlola hampe bohle ba itloaelitseng litšila boitšoarong.—Ba-Heb. 13:4.

Ha ho mohla ho kileng ha e-ba litšila tse hlahang kae le kae joaloka hona joale. Libaesekopo, lipapali tsa sethalleng, lipontšo tsa TV, libuka le limakasine kaofela li hlahisa ho ineela thahasellong e ratehang bootsoeng le lintho tse lihlong.

Ke hobane’ng ha batho ba iphumana ba sekametse hakana ho nahaneng seo Molimo o se hloileng? Ke ka baka la qalo e mpe eo batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva ba re qalisitseng ka eona. Ka baka la ho hloella ha bona tseleng ea boithati, ho se utloe le borabele ‘pelo ea motho e sekametse bobeng ho tloha bonyenyaneng ho ea pele.’ Kamor’a ho lokisoa hoba a etse libe tse matla khahlanong le Jehova, Morena Davida a ngola: “Ke tsoaletsoe bokhopong, ’mè o nkemoletse sebeng.”—Gen. 8:21; Pes. 51:5; 2 Sam. 12:7-14.

Monyaka oo batho ba sa phethahalang ba o fumanang ka lintho tseo Molimo o li hloileng o ka tšoantšoa le takatso eo motho ea jeoang ke tsoekere a nang le eona bakeng sa lipompong. Lefu la tsoekere hangata ke lefu le futsoang, le hoja ho ja ntle ho khethollo le ho noa kapa mabaka a mang li ka potlakisa ho re le hlasele le ho mpefatsa matla a lona. Ka baka la ho sebetsa ho phoso ha metsoako ea ’mele, motho eo le mo tšoereng o na le takatso e matla bakeng sa lintho tseo a sa lokelang ho li ja. Ho hopotsa ka taba e tsoang bukeng ea Shakespeare: “Seo u se ratang se tšoana le takatso ea motho ea kulang, ea lakatsang haholo se tla atisa bohloko ba hae.” E, hantle joalokaha maloetse a itseng a tsamaea le ho lakatsa ho tla totisa bohloko, kahoo nama ea rōna e oeleng e re sekamisetsa bobeng.

Ho hang re se leke ho ineela takatsong ea monahano o mobe. Hobane’ng? Hobane re tla o tloaela hoo re tla iphumana re sekametse ho itloaetseng ona, ’me ha teko e matla e e-tla re tla ineela ’me re oe, bohlokong ba ka ho sa feleng ho rōna.

Le moapostola Pauluse o bile le ntoa ntlheng ena. Ke ka baka leo a ileng a ngola: “molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa. Ke moo ke fumanang molao ka ho ’na ea ratang ho etsa botle, oa hore bobe bo nkhomaretse. Hobane ha e le ka motho oa kahare, ke thabela molao oa Molimo . . . empa ke fumana molao osele lithong tsa ka, o loantšanang le molao oa kelello ea ka, o mpofellang molaong oa sebe, o lithong tsa ka.”—Ba-Roma 7:19, 21-23.

Ke eng se tla re sireletsa? Ho hloea ka botebo le kannete seo Jehova a se hloileng, e, ho se nyonya: ‘Le nyonye se sebe.’ (Ba-Roma 12:9, NW) Ha ho bonolo ho etsa joalo. Joalokaha mongoli e mong oa mosali ea ileng a thatafalloa haholo ha a leka ho khaotsa ho tsuba a ho bolela: “Nka hloea se nthabisang joang?” Empa motho a ka ’na a inahana ’me a ipolella hore a hloee, a nyonye se sebe, se khopo, se kotsi, se senyang, le se seng bohlale. Moapostola Pauluse a etsa ho hong ka hona, joalokaha a ile a ngolla phutheho e ’ngoe ea Bokreste: “Ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.”—1 Ba-Kor. 9:27.

Hona ha ho bolele hore Pauluse o ne a hlile a laea ’mele oa hae ka tsela eo Martin Luther a neng a etsa ka eona ha e sa le momonke, a hlaba ’mele oa hae ho fihlela o lutla mali. Ho e-na le hoo, Pauluse o ne a ikhalemela; a itšoara ka mokhoa o tiileng le o matla. Ka baka la ho etsa joalo o ne a ka ngola hore: “Ha re lihele batho le ka nthoana e nyenyane, tšebeletso ea rōna e tle e se ke ea nyatsuoa. Re mpa re iketsetsa ka hohle kemelo e loketseng, bahlanka ba Molimo, ka tiisetso, ka hloeko, . . . ka lerato la ’nete.” Ho hlokahala re etse ka ho tšoanang.—2 Ba-Kor. 6:3, 4, 6.

Re laeloa hore re rate Molimo ka pelo eohle le moea, le khopolo le matla. Haeba re rata Molimo kannete re tla rata ho qoba sohle se sa mo khahliseng. (Mar. 12:30) Oa halalela ’me o batla hore le rōna re halelele. (1 Pet. 1:15, 16) Hape ho teng ho ipiletsa ho ithateng ka mokhoa o nang le leseli. Molimo o re laela hore re ithate, empa hape le hore re rate bahabo rōna joalokaha re ithata. (Mar. 12:31) Re tlameha ho ’na re ipolella hore ho etsa ho hobe ho hang ha hoa lokela. Joalokaha lentsoe la Molimo le ho bolela: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.”—Ba-Gal. 6:7, 8.

Ho hōlisa mekhoa e molemo ea kelello ho tla thusa. Ha re aloseng seo re se balang, seo re se shebellang, seo re lumellang likelello tsa rōna li lule ho sona. Ho bala Bibele ka mehla ho tla thusa, le hona ho hopola ka hlooho litemana tsa Bibele. Leha e le hore re ka hlokomoloha molemo o fumanoang ka thapelo. Itloaetse ho rapela. “Le tiee thapelong.” Jesu o re beetse mohlala o motle, hobane ho ngotsoe tjena ka eena: “U ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo.”—Ba-Roma 12:12; Ba-Heb. 1:9.

Ho na le moputso ofe bakeng sa boiteko bo joalo? Re tla fumana mantsoe a eang pele a moapostola Pauluse e le ’nete tabeng ea rōna: “Borapeli bo thusa kahohle, bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.” Hona ho bolela ho tsamaea tsela e tšesane le e thata ea boikhalemelo, empa ho khotsofala kelellong le khotso li tsamaea le hona hona joale, ’me pheletso ea teng ke bophelo bo sa feleng.—1 Tim. 4:8; Matt. 7:13, 14.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela