Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 3/1 maq. 7-10
  • ’Nete ea Bibele e Supa Tsela e Isang Tšireletsehong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ea Bibele e Supa Tsela e Isang Tšireletsehong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Ho Sebetsa Tlas’a Thibelo
  • Ho Fihla Metseng e Thōko
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 3/1 maq. 7-10

’Nete ea Bibele e Supa Tsela e Isang Tšireletsehong

—Tlaleho e tsoang Dominican Republic

LIK’HILOMITHARA tse ka bang 960 ka bochabela ho Florida, pakeng tsa lihleke-hleke tsa Cuba le Puerto Rico, ke sehleke-hleke sa Caribbean sa Hispaniola. Likarolo tse peli ho tse tharo tse ka bochabela tsa sehleke-hleke sena li nkiloe ke Dominican Republic. Ke naha e nosetsehileng hantle, e ntle bakeng sa temo. Litlhahisoa li akarelletsa ’moba, kofi le “cocoa,” hammoho le litholoana tse kang “papayas,” libanana le “mangoe” le pineapole.

Batho ba Dominican Republic ba botsoalle ’me ba thabela meqoqo e phelang. Ba bua ka matsoho, sefahleho, le ’mele kaofela. Madominican a mangata ke Maprostanta, empa ba bangata haholo ke Mak’hatholike, joaloka baahi ba Europe ba ileng ba tla Hispaniola ba tsoa Spain lekholong la lilemo la bo15.

Batho ba mosa le ba ikokobelitseng ba naha ena ea Caribbean ba ne ba tla arabela joang ’neteng ea Bibele? Ka la 1 ’Mesa, 1945, baromuoa ba tsoang sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade ba qala ho ho fumana. Ba batla hotele e setsing sa Santo Domingo ’me hona letsatsing leo ba tsoa ho ea batla ngaka e neng e bontšitse thahasello thutong ea Bibele le eo ba neng ba fumane aterese ea eona ha ba ntse ba le New York. Ngaka ea fumaneha ’me ea qala ho ithuta Mangolo. Ea ahisaneng le eona le eena a kopanela lipuisanong tsena. Ka baka leo, Juan Pedro Green le Moisés Rollins ea e-ba bona Madominican a pele ho ba Lipaki tsa Jehova.

Mosebetsi oa ho kopanela ’nete ea Bibele le Madominican ha o ka oa fella Santo Domingo empa oa phakisa oa elella hare ho naha. Baromuoa ba sebetsa ho elella ka leboea ho Santiago, motse oa bobeli o moholo oa naha e ipusang. Joale ba nkela pejana ho ea ka leboea ho ea Puerto Plata lebōpong la leoatle. Libakeng tsena ba bangata ba thabela ho mamela linnete tsa Bibele. Tseo ho neng ho se mohla ba li utloileng kerekeng.

Nakoana hoba mosebetsi oa bona oa boboleli o qalehe, Lipaki tsa Jehova tse Dominican Republic tsa thabela ketelo ea N. H. Knorr le F. W. Franz, bao ka nako eo e neng e le mookameli le motlatsi oa mookameli ba Watch Tower Society. Ka baka la ketelo eo ha rōmeloa baromuoa ba bangata naheng eo. Qetellong ha theoa mahae a baromuoa Santiago, Puerto Plata, San Francisco de Macorís, La Romana, le San Pedro de Macorís.

Qetellong ea 1946, ho ne ho le teng lipaki tse 28 naheng e ipusang. Kaha boholo ba batho mona bo ne bo sa tloaelana leha e le feela le lithuto tsa motheo tsa Bibele, molaetsa o boleloang ke sehlotšoana sena oa utloahala o makatsa. Lenane la Lipaki la eketseha butle qalehong. Ha e le hantle, mosebetsi oa tsona oa kopana le khanyetso e matla nakoana hoba o qalisoe. Empa ‘mehleng ea matsoalo Jehova ea e-ba setšabelo sa bona,’ joalokaha mopesaleme Davida a boletse.—Pes. 9:9.

Balateli ba Jesu Kreste ha ba nke lehlakore mabapi le litaba tsa lipolotiki tsa batho le likhohlano. Ka baka la sena, ba lebelletse ho thulana le mahloriso libakeng tse ling. (Joh. 15:18-20) Khanyetso ho Lipaki tsa Jehova Dominican Republic e qalile ka 1948. Ka nako eo naha e ne e busoa ke ’m’ampoli Rafael Trujillo. Ka 1948, setho se tsebisahalang sa Partido Dominicano (Mokha oa Dominican) ea Trujillo sa amohela molaetsa oa Bibele o boleloang ke Lipaki tsa Jehova ’me sa etsa liphetoho tsa bohlokoa bophelong ba sona. Ka sebete sa qala ho bolela molaetsa oa Bibele le ba bang motseng oa habo oa San Cristobal. Bahlanka ba ’muso ba se ke ba khahlisoa ke karabelo e ntle eo batho ba neng ba e nea molaetsa oo. Moprista oa K’hatholike le mongoli oa sebaka seo ba phahamisa mantsoe a bona ho hanyetsa liketso tsa Lipaki tsa Jehova. Ka Phuptjane 1950, Lipaki tsa thibeloa ka molao. Thibelo ea tlosoa ka 1956, empa ea beoa hape selemo hamorao. Ha e ka ea tlosoa ho fihlela ka 1960.

Ho Sebetsa Tlas’a Thibelo

Na thibelo e ile ea atleha ho felisa ho boleloa ha ’nete ea Bibele ke Lipaki tsa Jehova? Ho fapana le hoo, mosebetsi ona oa atleha. Joalokaha ho hlokomelehile kaholimo, ho ne ho le teng Lipaki tse 28 Dominican Republic ka 1946. Ha thibelo e tlosoa ka 1960, palo ena e ne e hotse ho fihla ho 460.

Lilemo tsa 1961 le 1962 ea e-ba nako ea tlhophiso. Watch Tower Society ea lokisetsa baemeli ba tsamaeang ho etela le ho tiisa liphutheho. Ka 1961, baevangeli ba 17 ba nako e tletseng ba rōmeloa libakeng tse neng li e-so thetsoe tsa naha. Boiteko bona ba ipaka bo na le litholoana, ’me ka 1963 Madominican a fetang 1 000 a ne a bontša thahasello e phelang kananelong ea mantsoe a mopesaleme: “Jehova, ke uena u ’notši ea nkahisang boiketlong.”—Pes. 4:8.

Ho Fihla Metseng e Thōko

Mosebetsi oa thuto ea Bibele o ne o tsoela pele metseng eohle le metsana ea naha ena ka 1973. Ka Tšitoe selemong seo, Mokhatlo oa etsa litokisetso tsa ho hlokomela litlhokahalo tsa moea tsa batho ba phelang libakeng tse thōko. Liphutheho tsa amohela mangolo a memang batho hore ba eo nka likhoeli tse peli libakeng tse thōko joalo. “Bo-pula-maliboho ba ka mehla” (baboleli ba nako e tletseng) ba leshome le metso e robong ba ithaopela tšebeletso ena e khethehileng. Pakeng tsa Tšitoe 1973 le Pherekhong 1977, lihlopha tse tšeletseng tsa hlophisoa le ho rōmeloa libakeng tse Lipaki tsa Jehova li neng li li sebelitse hanyenyane kapa li sa li sebetsa ho hang. Baithaopi baa ba tsoella joang le mosebetsi oa bona? E mong oa bona o re:

“Pele ra fallela sebakeng se setsing sebakeng seo re neng re tla se sebetsa ka boboleli. Ra hira ‘mokhoro’ o monyenyane. Ra lula moo ka bethe e nyenyane, setofo se senyenyane se lulang tafoleng, pitsa e phehang ka mosi oa metsi le lintho tse ling tse joalo. Hoseng ho hong le ho hong re ne re tsoha hoseng, re ja ka mokhoa o khotsofatsang ’me re itlhomella ka libuka tse lekaneng tse hlalosang lithuto tsa motheo tsa Bibele. Linakong tsa hoseng re ne re imeloa ke libuka. Empa hona ho sa nke nako e telele. Batho ba ne ba thabela ho utloa Lentsoe la Molimo. Ha re tsoela pele ho bolela, mabokose a libuka a bebofala.

“Kamor’a letsatsi re tsebisa batho molaetsa oa Bibele le ho ba siela libuka, letsatsi la bobeli re ne re le qeta re etsa maeto a ho boela ho ba bontšitseng thahasello. Kaha batho ba metseng e ka thōko ba e-na le chelete e nyenyane, re ne re fana ka libuka tsa Bibele bakeng sa likhoho, mahe le Iitholoana. Re leboha Jehova, ha ho mohla re kileng ra lapa.”

Karabelo ea baahi ba libaka tsena tse thōko e bile e tsotehang. Ba bangata ba ne ba qala ho utloa ba balloa Bibele bophelong ba bona. Mabakeng a mang baetapele ba bolumeli ba ne ba boleletse batho hore Jehova ke Diabolose. Ba makala haholo ke ho bala litemana tsa Bibele tse kang tsena: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notsi lefatšeng lohle.” “Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse ’Moloki oa ka.” (Pes. 83:18; Esa. 12:2) Libakeng tse ling, thahasello e ne e le khōlō hoo ho ileng ha hlophisoa liboka tsa pontšeng. Se seng ho liboka tsena sa ba le batho ba 68. Ba ne ba lakatsa ho ithuta ka Lentsoe la Molimo hoo ba ileng ba ithaopela ho hira ntlo ho “emisa kereke.” Ruri ba ne ba batla tšireletso moeeng. Pula-maliboho e mong o re ba “Bang ba lla ha re tsamaea.” Ho ntse ho etsoa litokisetso tsa liphutuho tsa ho bolela libakeng tsena.

Ka lekhetlo le leng Jesu a re ho bamameli ba hae: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla.” (Matt. 11:28) Batho ba bangata Dominican Republic ba fumana ho imolloa hoo, hammoho le tšireletseho ea moea, ha Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho bolela ‘litaba tse molemo’ naheng ena.—Matt. 24:14, NW.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela