Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Ke tataiso efe eo Bibele e fanang ka eona ka papali ea chelete? Ka mohlala, na ho ka ba phoso bakeng sa Mokreste hore a kenye chelete e nyenyane e le ho itekela lehlohonolo papaling ea likarete e le feela bakeng sa boithabiso?
Mangolo ha a fane ka motheo bakeng sa molao o tiileng khahlanong le ho “becha” ha mofuta ofe kapa ofe, ho sa tsotellehe hore na ke ho honyenyane hakae. Leha ho le joalo a re thusa ho bona hore papali ea chelete ke phoso e tebileng, e ka ’nang ea fella ka ho behelloa thōko ho phutheho ea Bokreste le ’musong oa Molimo.
Baahloli 14:11-19 e bolela ka teko eo Samsone a ileng a e bea e amang tefo, empa ho e-na le hore e be e amang papali ea chelete, hona e ne e le leano leo a le sebelisitseng ha a batla ‘leqheka khahlanong le’ lira tsa Bafilista. Leha e le hore ho sebelisoa ha “lotho” Iseraeleng e ne e le papali ea chelete; e ne e le mokhoa oa ho fumana tsamaiso ea Molimo kapa ho lokisa liqabang. (Liprov. 16:33; 18:18; 1 Sam. 14:41, 42.) ’Me le hoja Baheberu ba ne ba bapala lipapali ’me ba na le lipeiso, ha ho bopaki ba hore ba ne ba becha linthong tsena. (Jer. 12:5) Encyclopædia of Religion and Ethics ea Hastings e hlokomela hore: “Ha feela [Baiseraele] ba ne ba lutse e le balemi, ho bonahala e le bona feela ba neng ba lutse ba lokolohile bobeng ba papali ea chelete. Bababylona e bile bahoebi, ’me ba tsoakane le batho bao har’a bona lipapali tsa ho itekela lehlohonolo e neng e le karolo ea bophelo e tloaelehileng.—Moq. VI, leq 164.
Ntlheng ena Esaia 65:11, 12 e bua ka ‘molimo oa Mohlohonolo’ (NW) oo Bababylona ba neng ba bapala papali ea chelete ba neng ba lebelletse thuso ho oona. Moiseraele leha e le ofe eo, joalokaha litemana tseo li bolela, a neng a teka tafole ea lijo bakeng sa melimo e joalo ea litšoantšo ea mahlohonolo o ne a tla be a latela tsela ea bokoenehi.
Ha e le hantle, taba feela ka Bibeleng e ka boleloang e le papali ea chelete kapa ho becha ke nakong ea ha masole a Baroma a lahla lotho ho lekanyetsa hore na ke mang ea tla nka kobo ea Jesu.—Matt. 27:35; Joh. 19:23.
Le hoja Bibele e sa bue ka papali ea chelete ka mokhoa o qaqileng, e fana ka metheo e re thusang ho lekanyetseng papali ea chelete ka mokhoa o loketseng. Ena e hlakisa hore Mokreste o lokela ho ba seli ka sepheo se amanang le papali ea chelete le ka liphello tse atisang ho hlahisoa ke papali ea chelete.
Ke ntho e lumeloang hohle hore papali ea chelete e atisa ho isa kapa ho tsosa meharo. Hona ke habohlokoa ho Bakreste, hobane ka matla Bibele e nyatsa “meharo.” Molimo o re tsebisa hore batho ba “meharo” ba ke ke ba ja lefa la ’muso oa hae, le hore ho lakatsa leruo ho ka tšoantšoa le borapeli ba litšoantšo. Kahoo, Bakreste ba tiileng ba batla ho qoba mekhoa e ka ’nang ea ba etsa hore ba bontše meharo ’me kahoo ba sitoe ho finyella khanya ea Molimo.—Ba-Kol. 3:5; 1 Ba-Kor. 6:9, 10; Ba-Roma 3:23.
Koana, meharo e ka bontšoa ka litsela tse ngata. Motho a ka ’na a ba meharo haholo ha a ja, a fetoha monyollo. Kapa, ho noa ka mokhoa o tlōtseng ho ka mo etsa letahoa. (Tite 1:12, 13; Liprov. 23:20; 1 Tim. 3:3) Leha ho le joalo, ho ja ke tšobotsi e tšoanelehang le e hlokahalang ea bophelo. Le eona thabo eo ba bang ba e fumanang ka lino tse itekanetseng tsa lino tse tahang e ama tšebetso ea tlhaho, ho noa e le karolo ea metsi a tsatsi le leng le le leng ea lino eo ’mele o ka e ‘chesang’ e le libeso. Kahoo “meharo” hase hangata kapa habonolo e amanang le lintho tsena joaloka papali ea chelete.
Meharo ea papali ea chelete ke lebaka le leholo la tlōlo ea molao le qhoebeshano e amanang le litsamaiso tse tebileng tsa papali ea chelete. Empa le tabeng ea motho ka mong ea bapalang papali ea chelete meharo hangata ke eona pakane e khōlō. Na ba bangata ha ba beche hobane ba tšepile hore ba tla fumana se lahlehelang ba bang? Hona ho hlokomeloa le ke batho bao monahano oa bona o hlileng o sa theoang Bibeleng. Setsebi D. M. Smyth o ile a qaqisa hore: “Ka ho phahamisa ha eona lilothari mebuso e ipiletsa ho e ’ngoe ea litšoaneleho tse tlase ka ho fetisisa tsa botho—meharo. E tlatsetsa tšilafalong, e seng ho ntlafatsoeng ha bophelo ba batho. . . . Ba etsang lilothari ba khothalletsa maikutlo a hore ho nepahetse hore motho a fumane molemo ka ho lahleheloa ha ba bangata.”—Toronto Star.
Leha ho le joalo, e mong a ka ’na a bea lebaka: ‘Ho thoe’ng haeba nka bapala papali ea setsoalle ea likarete kapa ea lematjana le beng ka ’na? Re ka ’na ra becha ka lichelete tse nyenyane haholo, e le hore ho se be ea fumanang haholo kapa ea lahleheloang haholo. Na hoo e ke ke ea e-ba boithabiso bo se nang molato, bo se nang meharo ea letho?’
Motho e mong a ka ’na a phea khang joalo. Empa moo ho sebelisoang chelete, leha e le ka tekanyo e nyenyane bo bokae, kotsi e totobetse. Ke ho qala kotsi moo e lutseng, ’me hona ho ka ba kotsi haholo ho khothalletseng moea oa papali ea chelete moo bana ba leng har’a libapali. Ke hobane’ng ha le ke ke la ngola lintlha feela ka potloloto, kapa la bapala papali feela hore le ithabise? Baholo ba moea ka phuthehong ba ke ke ba batla ho ameha ho seo le se etsang ntlheng ena. Ba ke ke ba rata ho bea melao joalokaha ho entse baeta-pele ba bolumeli ba hlalosoang ho Luka 6:1-5. Leha ho le joalo, haeba ho ka tla tlhokomelong ea bona hore moea o kotsing, ba ka fana ka keletso e mosa joaloka ba ‘alositseng meea’ ea mohlape.—Ba-Heb. 13:17.
Phihlelo e bontša hore ba bangata ba ileng ba fetoha ba meharo, ba bapalang papali ea chelete ba se ba tlamehile ba ile ba qala ka ho becha hanyenyane ‘bakeng sa boithabiso.’ Ba bona hore ba ka fumana ho honyenyane ’me ba kena molekong oa ho leka ho fumana ho hongata. Tlameho e tsoaloang ke meharo e ka tloaella motho, e bile e isa bophelong bo neng bo sa nahanoe le nakong e fetileng. Ea neng a bapala papali ea chelete nakong e fetileng Canada o ile a hlalosa hore: “Ke na le mochana ea lahleheloang ke $100 ka beke. Monna oa hae o tlameha ho sebetsa mesebetsi e ’meli. Bana ba hae baa lapa. A ka qela, a kalima le ho utsoa hore a bapale.”
Boikhohomoso le bona hangata boa ameha e le tšusumetso e potelletseng ka papali ea chelete. Ho hlōla ho ipiletsa moeeng oa boikhohomoso. Empa Molimo o re: “Ke hloile boikhantšo le boikhohomoso.” Barapeli ba ’nete ba khothalletsoa ho hlaolela bokhabane le boikokobetso.—Liprov. 8:13; 11:2; 22:4; Mik. 6:8; Jak. 4:16.
Ba bapalang papali ea chelete ba atisa ho phahamisa ‘Lehlohonolo.’ Ho bona “lehlohonolo” hase lentsoe feela le bolelang liphello tse molemo, empa ke tšusumetso e phahametseng batho e kang molimo. Meharo le boikhohomoso li susumelletsa ba bapalang papali ea chelete ho tšepa “lehlohonolo.”
Hangata papali ea chelete e na le phello ea ho khothalletsa botsoa. E khothalletsa batho ho lora ka ho fumana ho hong “mahala,” e bile e ba khannela ho qala leshano kapa ho qhekella hore ba hlōle ho e-na le ho sebetsa. Empa Lentsoe la Molimo le eletsa khahlanong le botsoa ’me le khothalletsa mahlaha-hlaha, masene le mosebetsi o thata. “Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.”—Liprov. 6:9-11; Ba-Ef. 4:28; 2 Ba-Thess. 3:10.
Litholoana tse mpe tsa papali ea chelete li tsebisahala hoo libakeng tse ngata batho ba bapalang papali ea chelete ba nkeloang tlase, le haeba papali ea chelete e le e etsoang ka molao. Kahoo, takatso ea ho ba le ‘bopaki bo botle bo tsoang ho ba ka ntle,’ le ho qoba ho hloisa ba bang ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ ho phaelletse mabakeng ao ka baka la oona Bakreste ba bangata ba qobang papali ea chelete ho hang.—1 Tim. 3:7, 10; Matt. 24:14; 1 Ba-Kor. 9:11-23; 2 Ba-Kor. 6:3.
Ba sebeletsang e le ‘balisa ba mohlape’ ka nepo ba thahasella ho thusa Bakreste ba bang ho qoba lintho tse ka ’nang tsa senya boemo ba bona ba moea. Kahoo, haeba motho a ameha papaling ea chelete ’me a iponahatsa kannete hore o sekametse meharong kapa ho hlahiseng litholoana tse ling tse mpe tse amanang le papali ea chelete, baholo ba tla rata ho thusa. Ba ka fana ka keletso lekunutung kapa pontšeng moo ba bonang litšekamelo tse kotsi tse isang meharong. (1 Pet. 5:2, 3; Ba-Gal. 6:1) ’Me haeba Mokreste ka ho se bake a phehella tsela ea meharo, ho ka ba ha e-ba molemo ho mo tlosa phuthehong, tumellanong le litaelo tsa Lentsoe la Molimo, tse reng, “Tlosang e mobe har’a lōna.” Pauluse oa eketsa: “Ana ha le tsebe hoba bakhopo ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo na? Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Kor. 5:11-13; 6:9, 10.
Leha ho le joalo, ke seoelo litaba li fihlang boemong boo, hobane Bakreste ba ’nete ba qoba ho hang litšobotsi tsohle tsa papali ea chelete. Ba batla ho bea tholoana ea moea, e seng ho kopanela liketsong tseo ho tsebisahalang hore li susumelletsa meharo le ho hlahisa mesebetsi ea nama. (Ba-Gal. 5:19-23) Ba ananela bohlokoa ba ho fumana bophelo ba bona ka mosebetsi o tšepahalang. Joalokaha moapostola Pauluse a laea: “Re mpa re le khothatsa, banab’eso. . . . le tiise matla ho lula ka khotso; le itšebelletse tsa lōna, ’me le sebetse ka matsoho a lōna, joale ka ha re le laetse; le tle le etse ka mokhoa o tšoanelang ka nqeng ea ba kantle, ’me le se ke la hloka letho.”—1 Ba-Thess. 4:10-12.
Bakreste ba talima seo ba nang le sona—ho akarelletsa bophelo ba bona le chelete ea bona kapa lintho tse bonahalang—e le tse neetsoeng ho Molimo. Ba ikarabella ho Molimo bakeng sa hore na ba li sebelisa joang. Kahoo ho e-na le ho senya nako ea bona le chelete telekisong ea papali ea chelete e ka ’nang ea kenyelletsa meharo ho bona le e ka ntšang ba bang kotsi, ba sebelisa nako ea bona le chelete ka litsela tse tla tlotlisa Jehova. (Liprov. 3:9) Ka tsela eo ‘ba etsa mosebetsi o motle ba sebetsa se molemo ba tle ba tsebe ho fana.’ ’Me, joalokaha Pauluse a ngotse, ba ‘ipokellela letlotlo mehleng e tlang, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.’—1 Tim. 6:17-19.