Na u ‘Cheseha Moeeng’?
“BAKENG sa mafolo-folo, le se ke la ba botsoa; le be le cheseho moeeng; le sebeletse Morena.” Ke moapostola Pauluse oa Mokreste ea ileng a ngola joalo. (Ba-Roma 12:11) Ke habohlokoa hore ba ineetseng ho Molimo ba mo sebeletse ka cheseho, moo e kang ha ho boleloa ‘litaba tse molemo’ tsa ’Muso. (Matt. 24:14) Ka sebele, ho bolela molaetsa oo ka cheseho ho ka ba le liphello tse pholosang bophelo ka potlako. Hona ho totobatsoa ke ketsahalo e latelang e etsahetseng Philippines:
“Likarolo tse ka boroa tsa naha li amehile ke liketso tsa marabele, ’me Lipaki tsa Jehova li ile tsa talimana le mathata a mang ka baka la sena. Paki e ’ngoe e sebakeng seo ea fumana hore cheseho ea eona ea ho bolela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe e hlile ea pholosa bophelo ba eona. Paki ena e ne e le molebeli oa potoloho, ’me o ne a tloha phuthehong e ’ngoe ho ea sebeletsa e latelang potolohong ea hae. O ne a tlameha ho tsamaea ka lanza (seketsoana), ’me ha a ntse a emetse sekepe hore se tlohe, a pakela monna ea neng a lutse pel’a hae ka sekepeng. Mong a lanza a halefa haholo. O ne a sa batle hore sekepe sa hae se ka fetoloa ‘kereke’ bakeng sa bolumeli bo bong, ’me a tlakolohela Paki hore e tsoe ka sekepeng sa hae. . . . Paki ea tsoa ka boikokobetso ka sekepeng ’me ea emela se hlahlamang seo.
“Ha ba le leoatleng, [molebeli oa potoloho le baeti ba bang ba sekepeng sa bobeli] ba bona sekepe sa pele. E mong le e mong ea ka ho sona o ne a shoele, ho kopanyelletsa le mong a sona ea neng a ile a rohakana. Kamoo ho neng ho bonahala kateng, matsatsi a se makae pelenyana sehlopha sa marabele se ne se ile sa kōpa mong a lanza hore a ise litho tsa bona kaekae, ’me a hana. Joale a ne a iphetelitse. Kahoo, bopaki bo sa rereloang ba molebeli oa potoloho ba hla ba pholosa bophelo ba hae.”
Ruri ho sebeletsa Jehova ka cheseho e tukang ho ka pholosa bophelo ka litsela tse ngata. Ho ka ’na ha fella ka ho bolokoa ha bophelo ba motho ka potlako. Ka ho khethehileng, leha ho le joalo, ho ka isa hore qetellong ’moleli oa ’Muso a bolokehe le momameli ea neng a mametse ka hloko. (1 Tim. 4:13-16) Na u amohetse ‘litaba tse molemo’ ho tloha botebong ba pelo? Haeba ho joalo, na u ‘tletse cheseho moeeng’ ho kopaneleng molaetsa oa Bibele le ba bang?