Na u Lokela ho Lumela Bibele?
TUMELO kapa pelaelo? Ea tšepahala kapa ha e tšepahale? Lintho tsena tse ka ’nang tsa etsahala li fetohile karolo ea bophelo ba batho ba tsatsi le leng le le leng. Lintho tse ngata haholo tseo re li balang le tseo re li utloang ha li tšepahale. Ka bohlale ba batho, seqapi Aldous Huxley se kile sa ngola: “Ho fumana mabaka a mabe bakeng sa seo motho a se lumelang ka mabaka a mang a mabe—ke bona bohlale.”
Ha e le ka thuto ea mahlale, liluloana matlong a polokelo ea libuka a maholo a lichaba tsohle a tletse ka libuka tsa thuto ea mahlale le tse ngotsoeng ka bokhabane thutong tse seng li se na molemo oa letho ka lilemo tse fetileng tse 50. Hase feela batho ba seng ba le lekhonono ka seo ba se balang.
HO BELAELA HAMPE KAPA HO BATLISISA KA TŠEPO
Lefatšeng leo ho lona ho ba lekhonono ho hlokahalang hangata ho itšireletsa ho thetsoeng le ho qhekelloeng, motho a ka ’na a oela habonolo mokhoeng oa ho belaela ntho e ’ngoe le e ’ngoe le motho e mong le e mong. Ho atisa hore ho boleloe hore “Monna ha a bone habeli,” ’me e le ka ho utloahalang. Empa na ho hlile hoa khotsofatsa ho phela lefatšeng la lipelaelo? Na motho a ka hla a kholiseha kannete ha ho se mohloli o tšepahalang oa litaba?
Ho belaela ho hobe ho ke ke ha u tsoellisa. Ho botsisisa ka tieo le ho batlisisa ka tšepo ho ka u etsa hore u tsoelle, ea e-ba likofuto tse molemo bakeng sa ea batlang ’nete. Ke ’nete lebaleng la thuto ea mahlale. Bukeng ea hae e khabane Introduction à l’étude de la médecine expérimentale (Kenyelletso Thutong ea Lipatlisiso ka Meriana), mohlalefi oa Lefora Claude Bernard o itse: “Ntho ea pele e hlokahalang hore mohlalefi ea batlisisang ka lintho tsa tlhaho a thulane le eona ke hore monahano oa hae e be o lokolohileng ka ho feletseng. . . . Ea belaelang ke mohlalefi oa ’nete, a ipelaela eena ka boeena le kamoo a hlalosang lintho kateng, empa a lumela thutong ea mahlale.”
Kahoo ka ho ea ka mohlalefi enoa oa Lefora, liphuputso tse etsoang ka thuto ea mahlale li hloka pelaelo le tumelo. Mohlalefi ea etsang liphuputso o belaela hore na ebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e ithutiloe lebaleng le itseng, empa ha a etsa liteko tsa hae o tlameha ho lumela seo ho lumeloang hore ke ’nete ho latela thuto ea mahlale mabaleng a mang. Ka mantsoe a mang, ha a belaelle thuto ea mahlale ka kakaretso ea eona. Ho belaela ha hae lebaleng le itseng ho molemo, joalokaha le eena a tšepile ho atolosa lithahasello tsa thuto ea mahlale ka ho sibolla ho hong ho hocha.
E ka ’na ea e-ba ’nete bolumeling. Ho sa belaelloe hore na Molimo o teng, ka toka motho a ka belaella lithuto tse ling tse rutoang ke likereke tse ipolelang hore ke tsa Bokreste. Liphuputso tse tiileng li ka fella ka ho hana phoso bolumeling; hape li ka etsa hore ho fumanoe borapeli ba ’nete. Empa phuputso eo e ka etsoa motheong ofe?
BIBELE—MOTHEO OA TUMELO
Motheo o amohelehang hohle oa ho hlahloba bolumeli ba Bokreste ke Bibele e Halalelang. Ka ho khahlisang, Bibele ka boeona ha e hloke hore babali ba eona ba e lumele ka bofofu feela. Ha e lemosa ka ho lumela ntle ho mabaka, e re: “Sethoto se lumela litaba tsohle, empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liprov. 14:15) Hape: “Lekang tsohle; le tiise tse molemo.” (1 Ba-Thess. 5:21) Hoo ho akarelletsa tlhahlobisiso e seli, ho hlokola, ho sebelisa ‘matla a hao a ho nahana’ joale le ho tšoarella ho seo ho fumanehileng hore ke ’nete.—Ba-Roma 12:1, 2.
Monahano o joalo, le ho ipakela lintho, ho nolofaletsa motho hore a kholisehe. ’Me ho kholiseha ho joalo ho haha tumelo. Joalokaha e hlalosoa ka Bibeleng, “Tumelo ke tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng, ke pontšo e kholisang ea tse sa bonoeng.” (Ba-Heb. 11:1) Tumelo ea Bibele e hloka “pontšo” bopaki. Ho hloka tsebo ho ba le tumelo e khothalletsoang ke Bibele. Ha ho motho ea tsoaloang le tumelo e joalo. Ke ntho e hōlang le tsebo le phihlelo. Bibele e boetse e re: “Tumelo e fela e tla ka ho utloa, ’me kutlo e tla ka polelo ea Molimo.” (Ba-Roma 10:17) ’Me sebaka feela seo ho ka fumanoang “polelo ea Molimo” ea ’nete ho sona ke ka Bibeleng.
TUMELO—TŠOANELEHO E LAKATSEHANG KAJENO
Ho haha tumelo ea hao, u hloka tsebo le bohlale ba ho e sebelisa. Bohlale bo sebetsang joalo ke sona seo Bibele e se bitsang “bohlale.” Hore u ka etsa ho hong ka ho fumana bohlale bo joalo ho senoloa ke keletso e latelang ea Bibele: “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kope ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa. Feela, a kōpe ka tumelo, a se ke a lika-lika; hobane motho ea lika-likang o joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, . . . ke motho ea pelo tse peli, ea lika-likang metsamaong ea hae eohle.”—Jak. 1:5-8.
Lefatšeng le tlakiloeng ke lipelaelo le le sa tsebeng hantle hore na qetello ea lona ke efe, lefatše le hanneng melao ea boitšoaro e pakiloeng ka nako e telele, na ha hoa totobala hore motho o hloka motataisi oa moea eo a ka itataisang ka eena? Motho ea belaelang ruri o “joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, le akheloang hohle ke moea,” o hlile o akheloa koana le koana ke maikutlo a ntseng a fetoha a batho ba sa tsitsang. Motho ea joalo ha a na tiiso ea letho. Ha a kholisoe ke letho. Ha ho khang, ho sa tsotellehe hore na e utloahala hakae, e ka mo kholisang. Ha a lumele hobane a sa rate ho lumela.
LEKA BIBELE
Ba lekhonono joalo ba belaela hore na bophelo bo hlile bo na le seo bo se bolelang. Ba khotsofalletse ho phela bophelo ba bona (bo bokutšoanyane ho ba liphoofolo tse ling) le ho shoa, ba se na tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Re na le tšepo ea hore uena, ’mali ea khabane, u balelloa har’a ba ikutloang hore ha ho utloahale ho nka hore motho a phele lilemo tse 70 kapa 80 feela, e le hore a shoe, ka tsebo eohle eo a e bokelletseng le phihlelo li nyamela ka ho sa feleng. Tšepo e teng ea hore u har’a ba batlang bophelo, bao hape ba batlang ’nete. Ka batho ba joalo ba neng ba phela lekholong la pele la lilemo Bibele e re: ‘Bohle bao ka nepo ba neng ba phetlehetse bophelo bo sa feleng ba lumela.’—Lik. 13:48, NW.
Ho u thusa ho lumela hore Bibele e tseba ho fana ka tsebo e phelisang, re u mema ho nahana ka bopaki bo latelang ba thuto ea mahlale le mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo e epolotsoeng ea ho tšepahala ha Bibele.