Lelapa la Hao le Busoa ka Tsamaiso Efe?
HO KA ’na ha bonahala e le maikutlo a akaretsang hore ho boima ho tsamaisa lelapa ho feta ho tsamaisa ’muso. Ho hong ho bonahala ho sa rarahana joaloka ho hong. Empa ho talimela haufi ho senola tšoano e ngata. Ha e le hantle, lichaba qalehong e ne e le lihlopha tsa malapa tse atolositsoeng. (Gen. 10:5) Litsamaiso tse ngata tsa ’muso kajeno li na le ho tšoana le malapa a kajeno. Re ka fumana molemo ka ho hlahloba tšoano ena e ’ngoe.
Linaha tse ngata tsa Bophirima li ipolela hore ke tsa puso ea lentsoe la sechaba: puso ea batho ka batho. Tlas’a puso e joalo, ho beoa khatiso e khōlō bolokolohing ba motho ka mong. Ba bea kotsing boipolelo ba bona ba bolokolohi ba puo le bolokolohi ba ho fumana seo ba se lakatsang, batho ba bang ba kena lipontšong tsa boipelaetso le literaeke, kahoo ba bea kotsing bophelo ba ba bang. Malapeng a mang, lintho li batla li tšoantšoa le seo haholo, ka setho se seng le se seng se tsitlella ‘ho etsa kamoo se ratang’ le ho ipelaetsa ka matla haeba se ikutloa hore se amohuoa litšoanelo tsa sona.
Na hona ho utloahala ho tloaelehile? Haeba ho joalo, mohlomong u hlokometse hore boemo bo joalo ba litaba ha bo thabise kapa bo fella ka litlamano tse matla tsa lelapa. Empa ho nahana ka boiketlo bo akaretsang ba lelapa, le ho etsa ho hong ka bona, ho tla tlisa thabo e khōloanyane lapeng.
Linaha tse ngata tsa puso ea lentsoe la sechaba li na le mebuso e entsoeng ka ho ikopanya. Kaha mokha o busang litulo tsa oona li se ngata bo khotsofatsang, ho bonahala ho le molemo ho thea kopano, ‘setsoalle sa ho itšireletsa’ le mokha o nang le litulo tse nyenyane. Ha e le hantle kopano ena e etsoang le mokha o monyenyane e ba le matla a ho thibela ho fetisoa ha melao. Ntle ho tumello ea eona, melao ha e fetisoe. E na le matla a ho liha mokha o busang ka ho khetha le mokha oa bohanyetsi.
Manyalo a mang a sebetsa ka mokhoa o batlang o le joalo. Monna ke eena ea nang le lentsoe le matla, empa mosali o sebelisa boemo ba hae ho hanyetsa eng kapa eng eo a sa e rateng. Ha monna a etsa tlhahiso ea bohato bo sa rateheng, mosali le bana ba ka ikopanya ho hanyetsa. Hona ho fokolisa tsamaiso ea lelapa ho isa moo monna a ‘khoehlisang marapo’ hanyenyane. Tlas’a maemo a joalo, mosali a ka hlokomela hore monna ha a hlokomele boikarabelo bo bong, bo kang ho khalemela bana. Empa ha a hlokomele hore ke eena ea ikarabellang haholo ka boemo bona. Ho e-na le ho nka bohato ka tsela eo a tlang ho fokolisa matla a monna, mosali oa Mokreste oa ikokobetsa. Karolong ea hae, monna a ’ne a rate mosali oa hae, a se ke a mo halefela. (Ba-Kol. 3:18, 19) Botsitso bo tla hlaha bo tla fumantša litho tsohle tsa lelapa molemo.
Ka lehlakoreng le leng, mosali habobebe o oela karolong ea bohanyetsi ka molao: a supa lintho tsohle tseo monna oa hae a lokelang ho li etsa, tse kang ho lokisa marulelo, ho lila ntlo, ho lokisa koloi, ho kuta mohloa. Koana, mosali oa tseba hore ha hoa lebelloa hore a etse lintho tsena. Haeba a tsoela pele ho mo hopotsa ka liphoso le litšito tsohle tsa hae, mosali o tla kholisa monna hore ha a mo tšepe. Leha ho le joalo, lenyalo ke kamano e phahameng hore e ka sebetsoa ka tsela eo. Ka lapeng, setho se seng le se seng se bontše ho tšepa tse ling. Ho na le lintho tse ngata tse hahang tse ka etsoang hoo ho sa hlokahaleng—ebile e le ho hloka lerato—ho totobaletsana liphoso tse fokolang. Ha u batla liphoso, batla tseo u ka etsang ho hong ka tsona—tsa hao.—Liprov. 14:1.
Na re ka fihlela qeto ea hore matla ’ohle a beiloe matsohong a monna le hore a ka etsa kamoo a ratang? Che, seo hase se rutoang ke Bibele. E re monna ke hlooho ea lelapa. (Ba-Ef. 5:22, 23) Empa na bona ke bohatelli bo kang bo bontšoang ke babusi ba bang kajeno? Che, hobane monna o na le matla a seetsoeng moeli. Monna oa Mokreste o tlas’a mebuso ea sebaka le oa sechaba, ho baholo ba phutheho ‘me, ho feta tsohle habohlokoa, ho Molimo le Kreste. (1 Ba-Kor. 11:3; Tite 3:1; Ba-Heb. 13:17) Ho feta moo, monna oa Mokreste le ntate o hlokoa ke Mangolo hore bohlooho a bo phethe ka lerato.—Ba-Ef. 5:25-30, 33; 6:4.
Tsamaisong ea kajeno, boikokobetso bo bosula ho basali ba bangata, empa pono e leka-lekaneng e ka fetola sena. Ea ikarabellang o na le boikarabelo bo boholoanyane, ’me kahoo le mathata a mangatanyana, ho feta ea tlas’a hae. Ngoana o tlas’a batsoali ba hae, empa hona hase bothata ho eena. Leha ho le joalo, batsoali ba hae ba lokela ho bona hore oa ja, oa apara le ho ruteha. Kahoo, boikokobetso ba ngoana bo hlile bo eketsa bolokolohi ba hae. Ea boikarabellong o tlas’a maima a mangata. ’Mè o na le matla holim’a ngoana oa hae. Empa ha lesea le kula ’me le lla le sa khaotse, ke eena ea oelang tlas’a se hlokoang ke ngoana. Monna ke hlooho ea lelapa. Empa o boetse o iphumana a le tlas’a maemo le litlameho tse hlokoang. Koana, monna le ka mohla a se talime ho etsetsa mosali oa hae le bana lintho e le ho nyenyefatsoa ha matla a hae. Ba matla ba thuse ba fokolang.—Ba-Roma 15:1, 2.
Tokisetso e molemo ho tsohle bakeng sa banna ba boemong ba tsamaiso ea malapa, sechaba kapa lichaba ke puso ea leholimo: Puso ea Molimo. Ho fihlela ha ’muso oa Molimo o nka matla a feletseng lefatšeng lohle, Bakreste ba sa le boikokobetsong bo seetsoeng moeli ho ’muso leha e le ofe o busang karolong ea lefatše eo ba leng ho eona. Ba etsa joalo ntle ho ho tsoa letšolo ho lokisa kapa ho batla puso e ka nkang sebaka sa e teng. (Ba-Roma 13:1, 2) Ka ho tšoanang, Mokreste, ha a phela lapeng leo ho sa lateloeng taolo ea Mangolo ke hlooho ea lelapa, a se ke a nka karolo ea tšitiso. Mosali oa Mokreste le bana ba lula ba le tlas’a taolo litabeng tsohle tse sa hananeng le melao ea Molimo. (Lik. 5:29; 1 Pet. 3:1) Boikokobetso ba bona bo tiisetsang le boikokobetso bo nang le moeli li lumellana le thato ea Molimo, le ho tšoarella karolong eo ba e filoeng ke Molimo ho bontša hore baa mo tšepa. Hape, ho phetha bohlooho ka lerato, banna ba bontša ho ikokobetsa ha bona ho Molimo.
Kahoo, he, lelapa la hao le busoa ka tsamaiso efe? Na ke “bohatelli bo bonyenyane,” kapa na e mong le e mong ‘o ikela ka tsela ea hae?’ Na hlooho ea lelapa e phetha karolo eo e e filoeng ke Molimo ka tsela e lerato? Na litho tse ling tsa lelapa lia sebelisana, li bontša hlompho e loketseng? Na uena ka bouena u latela mohlala oa Kreste le phutheho ea hae? Ha ho pelaelo: Ho etsa lintho ka tsela ea Molimo ho tla tlisa kopano le thabo ka ho fetisisa lapeng la hao.