Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 5/15 leq. 32
  • Ruri ke ea Bohlokoa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruri ke ea Bohlokoa!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • BUKA EA KA EA LIPALE TSA BIBELE
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 5/15 leq. 32

Ruri ke ea Bohlokoa!

“The Sun,” koranta ea Grand Centre, Alberta, Canada, karolong ea eona ea “Litaba tsa Ntlo ea Pokello ea Libuka,” e tlalehile hore:

BUKA EA KA EA LIPALE TSA BIBELE

Batsoali ba bangata ha ba batle feela hore bana ba bona ba e bale, empa ba e thabele, hobane ba hlokomela hore ho bala ke senotlolo sa tsebo. Ba bangata, le bona ba batla ha bana ba bona ba tseba ho hong ka Bibele le ka Molimo.

Buka ena e hatisitsoe ho phethahatsa sepheo seo. E ngotsoe ka Sesotho se hlakileng se khutsufalitsoeng, bana ba e balang ba ka e utloisisa habonolo. Leha ho le joalo, Ntate le ’Mè ba ke ke ba khathala ke ho e balla ba s’o tsebe ho bala. Pale e ’ngoe le e ’ngoe e khutšoanyane, ’me e lokiselitsoe ho hōlisa puisano pakeng tsa motsoali le ngoana. Hape ho na le litšoantso tse ntle tse bontšang Pale ea Bibele.

Ho seithuti se tebileng haholo sa Bibele, ho na le litšupiso tsa Bibele ka boeona, qetellong ea pale e ’ngoe le e ’ngoe, e le hore u ka li bala ha u rata joalo. Kaha lipale li ngotsoe ka tatellano ea ho etsahala ha tsona, ba bangata ba fumane buka ena e le e thusang ho pheta liketsahalo tsa Bibele, e seng feela kamanong le likarolo tse ling tsa Bibele, empa hape le liketsahalo tse ling tsa pale.

Bukeng eohle, ho khothalletsoa boitšoaro bo botle le kamano e ntle le Molimo.

Hoba e lokolloe ka 1978, ho hatisitsoe tse fetang 13 millione bukeng ena e maqephe a 256 ka lipuo tse 35. Amohela ea hao, poso e lefelletsoe, ka ho romela feela R2,50 ho Watch Tower, Private Bag 2, Elandsfontein, 1406.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela