“Khotso ea Molimo e Fetisang Kutloisiso Eohle”
“’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lona le mehopolo ea lona ho Jesu Kreste.”—Ba-Fil. 4:7.
1. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a tsebile hore batho ba barapeli ha ho hlokahale hore ba belaele ntle ho lebaka?
MOAPOSTOLA oa Mokreste Pauluse o tsebile ka phihlelo hore batho ba barapeli ha ba na lebaka la ho belaela ka ho sa hlokahaleng, hobane Jehova o na le bona. Pauluse o ne a kentsoe litlamong, a shapiloe, a tlepelitsoe ka majoe, a ba lekhatheng la lefu hangata, ’me a ba likotsing tse ngata, le har’a baena ba bohata. Empa ha ho mohla molimo o mo furaletseng. Moapostola o ne a retelehela ho Ntate oa hae oa leholimo nako le nako ka thapelo e tiileng a lahlela lipelaelo ho eena ’me ho se mohla a soabang.—2 Ba-Kor. 4:7-9; 11:23-27.
2. Ho ka fella ka eng haeba Bakreste ba bang ba ka latela keletso ea Pauluse e ngotsoeng ho Ba-Filippi khaolo ea bone, temana ea botšelela?
2 Kahoo ke ka kholiseho e tiileng Pauluse a neng a phehella Bakreste bahabo hore ba se ke ba belaela ka letho, empa ba tsebise Molimo likōpo tsa bona, ba isa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho eena ka thapelo le kōpo hammoho le teboho. Ho ne ho tla hlaha eng ha ba etsa joalo? Moapostola o tsoela pele: “’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Fil. 4:6, 7.
Khotso e “Fetisang Kutloisiso Eohle”
3. (a) “Khotso ea Molimo” ke eng? (b) Ha re e-na le khotso e fanoeng ke Molimo, ke hobane’ng ha re se na lebaka la lipelaelo tse boima?
3 “Khotso ea Molimo” ke ho khoba matšoafo le khutso tse thabeloang ke lipaki tse ineetseng tsa Jehova le har’a maemo a thata ka ho fetisisa. E hlomela kamanong e haufi haholo le Ntate oa rōna oa leholimo. Re le ba nang le khotso e joalo e tsoang ho Jehova, re lumella moea o halalelang oa Molimo o re susumetse ’me re utloa tsamaiso ea oona. Ha e le hantle, re rapella moea oo, le tholoana ea oona ea khotso. (Luka 11:13; Ba-Gal. 5:22, 23; Ba-Ef. 4:30) Kahoo, ha re na lebaka le ho tšosoa ke lipelaelo, hobane rea tseba hore ha ho letho le ka etsahalang le phahametseng mohau oa Molimo. (Bapisa Liketso 11:26.) Ka sebele, Jehova o etsa hore bahlanka bohle ba hae ba ‘ahe boiketlong.’—Pes. 4:8.
4, 5. (a) Ha ho bapisoa le Lipaki tsa Jehova, ba bang ba na le khotso ea mofuta ofe? (b) “Khotso ea Molimo” e ka fapana joang le khotso efe kapa efe e ka fihleloang ke ba sa sebeletseng Jehova ka botšepehi?
4 Ha ho bapisoa le Lipaki tsa Jehova, batho ba bangata ba rutehile haholo thutong ea lefatše kapa ba na le mahlale a maholo mabaleng a itseng a boiteko ba motho. Ba na le mathata, empa ba kholisehile hore ba tla tseba ho nahana ka lipheko tse tšoanelehang. Kahoo, ba ikutloa ba sireletsehile haholo, ba se na pelaelo ka bokamoso ba bona. Ba bonahala ba le khotsong, ba thabela khutso eitseng. E, Mangolo a bolela le eona ‘khotso ea ba khopo’!—Pes. 73:3, NW.
5 “Khotso ea Molimo,” leha ho le joalo, e fapane ho hang. Ha e-ea theoa boitšeping ba botho le maikutlong a hore monahano oa motho o tla atleha ka mehla. Pauluse o itse khotso ena e fanoeng ke Molimo e ‘fetisa kutloisiso eohle.’ E bitsoa ‘khotso eo ea Molimo, e kholo ho feta kamoo re ka hlalohanyang.’ (Ba-Fil. 4:7, The Jerusalem Bible) E, ba sebeletsang Jehova ka botšepehi ba na le khutso eo batho ka kakaretso ba se nang eona kapa ba ke keng ba e utloisisa.
6. (a) Ho ee ho totobale neng hore re na le “khotso ea Molimo”? (b) Ha re emetse Jehova hore a nke bohato ka taba eo re e rapeletseng, na re na le thuso e ’ngoe? (c) Na ho matlafatsa moeeng ho ‘jarisa Jehova liphahlo tsa rōna,’ ’me u arabela joalo ka lebaka lefe?
6 Hore na ba ineetseng ho Jehova ba na le “khotso ea Molimo” ho totobala haholo ha ba etsahalloa ke lintho tse phahametseng taolo ea bona. Ha re bua ka botho, ha ba na hona ho loana ka katleho le lipelaelo tse joalo. Na ka linako tse ling re ee re iphumane re le boemong bona? Ke ho loketseng hakaakang hore re rapele ka tieo, re tobile likōpong tsa rōna ’me re bolela lintho ka kotloloho bakeng sa thuso ea Molimo kapa tsamaiso! (Bapisa Baahloli 6:36-40.) Kamor’a moo, re lokela ho emela Jehova hore a nke bohato. Ho sa le joalo, haeba re na le “khotso ea Molimo,” re ka utloa thuso ea moea o halalelang oa Jehova ’me ra lula re khutsitse, ka sebete re emetse ho bona hore na Ea Holimo-limo o tla sebetsa bothata ba rōna joang. Ha ho booatla ba letho ka boikutlo bona, hobane mopesaleme Davida o itse: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” (Pes. 55:22) Ho feta moo, ha bothata bo rarollotsoe ka tsela eo ’me teko e fetile, re tla tseba hore ‘Molimo o neang khotso’ o arabetse lithapelo tsa rōna.—Ba-Roma 15:33.
O Alosa Lipelo le Likelello
7. (a) Mangolong, hangata “pelo” e supa eng? (b) Haeba re e-na le “khotso ea Molimo,” ke hobane’ng ha re ke ke ra ‘halefisoa ke baetsalibe’?
7 Pauluse o itse “khotso ea Molimo” e tla “boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna.” (Ba-Fil. 4:7) Phetolelo e ’ngoe ea Bibele e bitsa khotso ena “qhobosheane e sireletsang lipelo le likelello.” (Weymouth) Ka Mangolong, “pelo” hangata e supa setsi sa lerato le tšusumetso. (Ex. 35:21, 26, 29; Pes. 119:11) Haeba re hlasetsoe ke lipelaelo tse sa tšoaneleng, lerato la rōna le litšusumetso li ka ’na tsa sebetsa ka mokhoa o kotsi ’me ra itšoara ka mokhoa o sa tsitsang kapa o sa tšoanelang. Ka mohlala, re ka ’na ra ‘hlora ke ba bolotsana,’ kahoo re amohuoa khutso eohle ea rōna. Empa hona ho ke ke ha etsahala ha re e-na le “khotso ea Molimo,” hobane ke nakong eo moo re tla tseba hore Jehova o bona lintho tsohle ’me o tla lokisa litaba ka nako e tšoanelang. (Pes. 37:1-11) Kahoo lipelo tsa rōna li tla lula li iketlile ’me li ke ke tsa re tlamella hore re nke bohato bo phosumelang. Hona ho molemong oa rōna maikutlong, moeeng le ’meleng, hobane “pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.”—Liprov. 14:30.
8. (a) Ho Ba-Filippi 4:7, phapang ke efe pakeng tsa “lipelo” le ‘kelello’? (b) Haeba re e-na le “khotso ea Molimo,” ke hobane’ng ha ho se bonolo ho lahleheloa ke botsitso kelellong? (c) Na ntho leha e le efe e lumelloang ke Ntate oa rōna oa leholimo e ka re ntša kotsi e sa feleng?
8 ‘Matla a kelello’ ha a tšoane le “lipelo,” le hoja e le lintho tse sebelisanang. Ha kelello eona e bea mabaka ka boitsebiso boo e bo fumanang, pelo e susumetsa motho. Hore re tiise hore re phehelletse tsela e nepahetseng, re tlameha ho tseba Lentsoe la Molimo ’me re tlameha hore re itšetlehe ho oona ka thapelo. Haeba likelello tsa rōna li tepelletse ka ho sa hlokahaleng, haeba lipelaelo tsa rōna e ka ba tse khōlō, re ke ke ra etsa liqeto tse loketseng. Leha ho le joalo, ha ho bonolo hore hona ho re etsahalle haeba re e-na le “khotso ea Molimo,” hobane ha ho le joalo lipelo tsa rōna li kalosong ’me likelello tsa rōna li phomotse. Ruri re lumela hore ‘letsoho la Jehova le na le rōna’ le hore ha ho letho le ka lumelloang ke Ntate oa rōna oa leholimo le ka re etsang hore re be kotsing ka ho sa feleng. (Matt. 10:28; Lik. 11:21) Ho e-na le ho belaela le ho tšoenngoa ke mehopolo e mengata e tšoenyang, ruri re tšepa Jehova, ’me kahoo “likelello” tsa rōna li kalosong. Joang? Ka “Kreste Jesu,” eo ka eena ho entsoeng hore kamano ea botho e haufi le Ntate oa leholimo e be teng.—Ba-Gal. 1:3-5.
9. Le hoja Pauluse a ne a e-na le “khotso ea Molimo,” na o ne a hloka kameho e tlohang botebong ba pelo?
9 Ka tlhaho, Pauluse ka boeena o ne a tseba hore Bakreste ba na le boikutlo bo tlohang botebong ba pelo. A lumela hore ho hlōleha ha Bajode bahabo ho amohela ‘litaba tse molemo’ ho mo bakela ‘bohloko bo boholo, le sello se sa feleng sa pelo.’ Leha ho le joalo moapostola o ne a sa imeloa ke lipelaelo ’me a khotsofalletse ho tlohella litaba matsohong a Molimo, o etsang ka toka ha o khetha bao o tla ba hauhela. (Ba-Roma 9:1-18) Kahoo, ho sa tsotellehe boikutlo bo matla, Pauluse a lumella “khotso ea Molimo” e alose pelo ea hae le kelello.
10. Ke joang, khotso e fanoeng ke Molimo e tla lebela lipelo tsa rōna le likelello?
10 Ho tšoana le Pauluse, eo ntle ho pelaelo a neng a amehile ka ho tebileng, re ka ba le “khotso ea Molimo”—khutso eo e ka hare le boiketlo tse hlahisoang ke kamano ea bohlokoa le Jehova. Ruri e ka lebela lipelo tsa rōna le likelello hore li ka tšoenyeha haholo ka seo re se hlokang. Re ka kholiseha, ra tiisetsoa kannete hore Jehova o lokisetsa bahlanka ba hae le ho arabela lithapelo tsa rōna. Ho e-na le ho ferekana nako le nako, lipelo tsa rōna le likelello li tla phomola hobane ka ho feletseng re tšepile Ntate oa rōna oa leholimo.—Pes. 33:20-22.
Tiisetso ea Lintho tsa Bophelo
11. Ho ba le “khotso ea Molimo,” ke hobane’ng re ke ke ra belaela ntle ho lebaka ka se hlokahalang bophelong?
11 Haeba kannete re e-na le “khotso ea Molimo” ’me re kholisehile hore o “utloa merapelo,” re tla ba le hona ho loana ka katleho le lipelaelo. (Pes. 65:2) Ka mehla re tla utloa hore re na le thuso ea Molimo, ’me ho eona khotso e khōlō ea pelo le kelello. Ka mohlala, re ke ke ra belaela ka ho sa lokelang ka litlhokahalo tsa bophelo. Jesu o itse ho balateli ba hae: “Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lōna, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa ’mele.” Ke hobane’ng ha re sa lokela ho belaela joalo? Hobane Jehova, ea lokisetsang linonyana le likhahla ka mokhoa o moholo, ruri a ka re fepa, a apesa bahlanka ba hae ba tšepahalang ’me o tla ho etsa. “Ka baka leo, le se ke la batla seo le tla se ja le seo le tla se noa, ’me le se ke la ipelaetsa; . . . le mpe le batle ’muso oa Molimo pele, ’me ntho tseo kaofela le tla li ekeletsoa,” ho rialo Jesu. (Luka 12:22-31) Ka sebele, ha re etelletsa lithahasello tsa ’muso pele bophelong, re ka kholoa hore Ntate oa rōna oa leholimo o tla re hlokomela.
12. Ke papiso efe ea Mangolo e bontšang hore le bona ba ineetseng ho Jehova ba lokela ho qoba ho bea khatiso e khōlō linthong tse bonahalang?
12 Le bona batho ba ineetseng ho Jehova ho hlokahala hore ba khaotse ho bea khatiso e khōlō linthong tse bonahalang. Ka mohlala, kaha sebaka se ne se ke ke sa ba phelisa ka bobeli le ho felisa liqabang tsa balisana ba bona, Abrahama a fa Lota ngoana oa ngoan’abo monyetla oa ho khetha moo a ikhethelang ho ea phela teng. Lota a khetha sebaka se setle haholo, empa hona ha bolela ho phela har’a bafosi. Kamor’a nako, a hapuoa ’me a tlameha hore a lopolloe. (Gen. 13:1–14:16) Hamorao, Lota a ho fumana ho hlokahala hore a tlohele matlotlo a hae a bonahalang e le hore bophelo ba hae bo ka bolokoa ha Jehova a timetsa Sodoma. Hamorao hape, Lota a ikutloa a tlamehile ho sia motse oa Tsoare ’me a eo phela mahaheng. (Gen. 19:1-26, 30-38) Le hoja a bitsoa “Lota, monna ea lokileng,” ho bonahala a ithutile ka “tsela e thata,” booatla ba batho ba barapeli ba beang khatiso e khōlō melemong e bonahalang eka e teng ea lintho tse bonahalang. (2 Pet. 2:7, 8) Ke ho molemo hakaakang ho rapella tsamaiso e tobileng ’me ka mehla ho etelletsoe lithahasello tsa moea pele bophelong!
13. Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho lula lipelaelong ka se hlokahalang bophelong?
13 Haeba re etsa litaba tsa moea tsa bohlokoa haholo bophelong ba rōna, hona ho tla tlatsetsa khotsong ea pelo le kelello ho rōna. Ka sebele, re ka kholiseha hore Eo gauda eohle le silevera e leng tsa hae o na le hona ho hlomella bahlanka ba hae ka se hlokahalang bophelong. (Hag. 2:8) Bonneteng, ho loketse ho rapela hore Molimo o “re fe kajeno bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng,” ’me ke ho loketseng ho sebetsa ka mahlaha-hlaha ho fumana se hlileng se hlokahalang. (Liprov. 6:6-11; 31:10, 13-24; Matt. 6:11) Empa kaha “ha rea ka ra tlisa letho lefatšeng, ’me hoa bonahala hoba re sitoa ho ea le letho, ha re le tlohela. ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Tim. 6:6-12) ’Me ke hobane’ng ha re ka ba lipelaelong tse sa feleng? Mopesaleme o ne a nepile ha a re: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.”—Pes. 37:25.
Tsela e Isang Katlehong ea Sebele
14. Ke hobane’ng ha ho sa re lokela, re le lipaki tsa Bakreste ho bea khatiso e khōlō linthong tse finyelloang ke motho le hoo ho thoeng ke katleho e amanang le tsona?
14 Ho tloaelehile har’a batho ba lefatše hore ba ipakele lipelaelo tse khōlō ka ho hatisa haholo linthong tse finyelloang ke motho. Ke ’nete hore Bibele e khothalletsa masene le ho hōlisa mahlale mosebetsing oa motho. (Liprov. 22:29) Empa meharo e foufatsang ea ho batla lintho tse khōlō le ho belaela ho hongata li hanana le “khotso ea Molimo.” Ha e le hantle, lenyora la ho busa ba bang le ka bakela motho ea ratang lintho tse khōlō hore a sebelise mekhoa e belaetsang, mohlomong a nyelisa boiteko ba batho ba bang bao a sebetsang le bona ’me a phehella tsela ea bolotsana e fellang ka ho se amohelehe ho Molimo. (Liprov. 3:32; 2 Ba-Kor. 4:1, 2) Ke ’nete, ba ipatlelang boholo ka mokhoa o fetisisang ba ka ’na ba rorisoa ke batho, le bona baeta-pele ba bolumeli ba ba baikaketsi ba lilemong tse fetileng tse makholo a 19 ba ne ba fana ka limpho, ba rapela le ho itima lijo ka tsela ea hore ba rorisoe. Empa Jesu Kreste a nyatsa liketso tsa bona ’me a bolela hore baikaketsi bao ba baikhohomosi ba ne ba ‘amohela moputso oa bona ka botlalo.’ (Matt. 6:1-18) E ka ba booatla bo bokaakang ho mang kapa mang ho Lipaki tsa Jehova ho phela ka lipelaelo tseo a iketselitseng tsona ka ho leka ho ba “moholo,” e le hore feela a fumane hore ka ho etsa joalo o lahleheloa ke mahlohonolo a ka ho sa feleng!—Bapisa Jeremia 45:5.
15. Ka hoo ho nahanoang hore ke katleho, motho oa morapeli a ka ithuta eng ka Moeklesia 9:11 le 10:5-7?
15 Ho motho ea hlileng a thabelang “khotso ea Molimo,” tsela e isang katlehong ea sebele ha e ise mekhoeng e belaetsang le likhang tse se nang ntlha. Ka Mangolo o ithutile hore tsamaisong ea kajeno, e tletseng ka batho ba sa phethahalang le ba baetsalibe, “peisong ea lebelo ha a siee ba bang ka mehla, ntoa hase ea liqhenqha ka mehla, bohobe hase joa ba bohlale ka mehla, le leruo hase la ba kelello ka mehla, le ho ratoa hase ha batsebi ka mehla.” (Moek. 9:11) Ka sebele, “bothoto bo ee bo beoe tulong tse phahameng,” ’me motho a ka bona “bafo ba palamang, le mahosana a tsamaeang ka maoto joale ka bafo.” (Moek. 10:5-7) E, batho ba bohosana kapa ba phahameng ba ke ke ba neoa hlompho e ba lokelang, ha bahlanka—batho ba sa tšoaneleheng haholo—ba ka ‘palama’ joaloka marena.
16. Katleho ea borapeli le ho finyella ho hong li itšetlehile ka eng?
16 Na u ‘behelletsoe ka thoko’ kamoo ho leng kateng, u sa thabele katleho ea boinahanelo eo u kileng ua e lakatsa? U ka belaella hoo hobane’ng? “Khotso ea Molimo” e ke e buse pelong ea hao, ’me u thabele khutso e tšelisang e tlang le eona. Tsoela pele u etsa thato ea Molimo ’me u shebelle ho Ntate oa hao oa leholimo hore a hlohonolofatse boiteko ba hao tšebeletsong ea hae. Ke sona se hlileng se tsotellehang bophelong. Katleho ea bomolimo le ho finyella ho hong e itšetlehile ka lipakane le maikutlo a moea. Mopesaleme o ile a bolela ka nepo: “Ho lehlohonolo motho ea sa lateleng keletso ea bakhopo, . . . a ithabela molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana motšehare le bosiu. O joale ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi a koellang, se beang litholoana tsa sona ka khoeli ea tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; see a se etsang kaofela sea mo atla.”—Pes. 1:1-3.
17. (a) Ho thabela katleho e khōlō ho tsohle, re lokela ho etsa joang? (b) U ka etsa eng ho thusa ba bang ho thabela “khotso ea Molimo e fetisang kutloisiso eohle”?
17 Ha ho katleho e khōlō eo re ka e thabelang bophelong ho feta ho kena le ho boloka kamano e haufi le Jehova Molimo. Takatso e tebileng ea ho mo thabisa e tla re susumelletsa hore re mo hlomphe ka mesebetsi ea rona ea bomolimo le lipolelo, hore re etse batho ba bang hantle le ho kopanela le bona ‘litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo o thabileng.’ (1 Tim. 1:11, NW) Thabo ea rōna e tla ba kholo haeba, ka tlhohonolofatso ea Ntate oa rōna oa leholimo, re ka thusa ba bang ho ithuta ka merero ea hae e babatsehang hape le ka ho kena kamanong ea bohlokoa e ineetseng le eena. Joale, joale ka rōna, ba tla ithuta ho loana ka katleho le lipelaelo tsa bophelo. Le bona ba ka thabela “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle.”
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Le har’a maemo a thata Mokreste a ka thabela “khotso ea Molimo”