“Le se ke la Belaella Letho”
“Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.”—Ba-Fil. 4:6.
1. Ke ka mabaka afe a Mangolo re ka reng Jehova ke “Molimo oa khotso”?
JEHOVA ke “Molimo oa khotso.” (Ba-Fil. 4:9) Ha a na pelaelo ea letho e tepeletsang, ho se tsitse ha kelello kapa ho tšoha. Ha ho letho—leha e le tsona liketso tse mpe tsa ba khopo—li ke ke tsa amoha Molimo khutso kapa tsa mo etsa hore a lahleheloe ke botsitso. Litšoaneleho tsa hae li tsitsitse ka ho phethahetseng kamehla. Ka mohlala, a etsa ka lerato, Jehova “o chabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae.” (Matt. 5:44, 45; 1 Joh. 4:8) Ha ho mohla a sothang toka. (Gen. 18:25) Bohlale ba Molimo boo ho seng bo kang bona bo mo nolofaletsa ho ‘bona tse tlang ho tla lia s’o hlahe’ ’me a loane ka katleho le ntho leha e le efe e tla hlaha. Hape, matla a hae a se nang moeli, ao ho seng mohla a sebelisoang ka mokhoa o se nang boikarabelo, kamehla a fella ka ho phethahala ha thato ea hae e lokileng.—Jobo 12:13; Esa. 40:26; 46:9, 10.
2. Jehova o lokela ho talingoa joang ke barapeli ba hae?
2 ‘Molimo ona oa khotso’ oo ho seng o kang oona o lokela ho talingoa joang ke ba lelapeng la hae la bokahohle la barapeli ba hae? (Bapisa Ba-Efese 3:14, 15.) Kaha Ntate oa bona oa leholimo o tseba ho loana ka katleho le boemo leha e le bofe, barorisi ba Jehova ba na le lebaka le leng le le leng la ho ba le khotso. Ba ka ba le kelello ea tšireletseho ea ’nete kamanong ea bona le eena.
Ha Ba na Lipelaelo ho Hang?
3. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore bahlanka ba Jehova ba ka ba le lipelaelo tse itseng?
3 Hona ha ho bolele hore “ba ratang Jehova” ha ba na lipelaelo ho hang. (Pes. 97:10) Ba na le ho se phethahale hoo ba ho futsitseng ho Adama ’me ba tlameha ho phela har’a bana ba bang ba baetsalibe ba motho oa pele. (1 Mar. 8:46; Ba-Roma 5:12) ‘Matsatsi a bona a khotše litsietsi,’ ’me batho bohle ba sa phethahalang ba ‘phela hakhutšoanyane ba tletse khathatso.’ (Jobo 14:1; Pes. 90:10) Kahoo ha ho makatse hore bahlanka ba Jehova ba ka utloa lipelaelo tse itseng.
4. Ke mangolo afe a bontšang hore batho ba barapeli ba ke ke ba lokoloha ho hang lipelaelong?
4 Ka mohlala, u ka ’na ua imeloa maikutlong, joalokaha basali ba Esau ba Bahethe e ne e le “bohloko pelong tsa Isaaka le Rebeka” batsoali ba hae ba rapelang Molimo. (Gen. 26:34, 35) Ho kula ho thea pelaelo e itseng bakeng sa bahlanka ba Molimo kajeno, joalokaha ho tlameha hore ebe ho bile joalo bophelong ba Bakreste ba tšepahalang ba kang Timothea le Trofime. (1 Tim. 5:23; 2 Tim. 4:20) Ho tšoana le “Lota ea lokileng,” barorisi ba kajeno ba Jehova ba tepeletse ke boitšoaro bo bobe ba batho ba tlōlang molao. (2 Pet. 2:7) Ka linako tse ling, batho ba ineetseng ho Jehova ba tlameha ho tsoella ka litokisetso tse nyenyane haholo, ruri ke ntho e bakang kameho e khōlō. (Ba-Fil. 4:12) ’Me ho tšoana le moapostola Pauluse, banna ba bangata ba Bakreste ba mehleng ea rōna ba na le lipelaelo ka balumeli bahabo bona. (2 Ba-Kor. 11:28) Ho sena sohle u phaelle likhathatso tse sa tšoaneng tse tlakileng batho ba barapeli ka bomong ’me ho ka bonoa hore ba ke ke ba lokoloha ho hang lipelaelong.
5. (a) Ke thuso efe e khethehileng eo batho ba Jehova ba nang le eona ho loana ka katleho le lipelaelo? (b) Joalokaha e sebelisitsoe ka Mangolong, “khotso” e supa eng?
5 Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova ba thusoa ke Molimo ho loana ka katleho le lipelaelo tsohle tsa bona—thuso ea bohlokoa e sa thabeloang ke mang kapa mang ea haelloang ke boemo ba moea. (Bapisa Juda 17-21.) Jehova hase feela “Molimo oa khotso,” empa, ka thabo, hape ke “Molimo o neang khotso.” (Ba-Roma 15:33) Mangolong, “khotso” e bolela ho fetang hore ha ho teng qhoebeshano. Har’a lintho tse ling, e bontša ‘boiketlo, thabo, nala le molemo oa mefuta eohle.’ (Gen. 41:16; Mar. 5:34; Luka 1:79) Ka sebele, ho ba le khotso e akaretsang joalo ho lokela ho theola kapa ho fokotsa lipelaelo tsa bophelo.
6. Re tlameha ho etsa joang haeba re tla finyella ’me re boloke khotso e fanoeng ke molimo?
6 Empa ho finyella le ho boloka khotso ena e fanoeng ke Molimo, motho o tlameha ho ba le lerato le tebileng bakeng sa Jehova le Lentsoe la hae. Hona ho akarelletsa ho rata Molimo, ho boloka melao ea oona, ho ba le tumelo lebitsong la Mora oa hae Jesu Kreste, le ho ratana. (1 Joh. 3:19-24; 5:2-4) Koana, ho boloka melao ea Molimo re tlameha ho e tseba. Hona ho hloka hore re amehe ka ho ithuta Mangolo tsatsi le leng le le leng. (Josh. 1:8) ’Me, ntle ho pelaelo, ha re nka nako e ngata re le Lentsoeng la Jehova, re tla bōpa ‘takatso’ e eketsehileng bakeng sa lona. Hona, le hona, ho tla re tlisetsa khotso e khōlō ea pelo le kelello.—1 Pet. 2:1-3.
Ntate ea Lerato oa Liketso tse Matla
7. Tsebo e ntlafalitsoeng ea Lentsoe la Molimo e ama kamano ea rōna le oona joang, ’me e re lopolla lipelaelong joang?
7 Tsebo ea rōna e ntlafetseng ka Lentsoe la Molimo e tla re hulela haufi le Ea Holimo-limo, ha feela re mo atamela ka boikokobetso bo kang ba ngoana le ka takatso e tlohang pelong ea ho fumana “bohlale bo tsoang holimo.” (Jak. 3:17, 18) Re tla khahloa ke ’nete ea hore Jehova ke “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete.” (Ex. 34:6) Re tla hlokomela haholoanyane hore ‘o mosa, o tletse lereko.’ (Pes. 86:5) Re sa phethahala re bile re le baetsalibe, re tla khothometseha tseleng ea rōna, empa re na le tiiso ena: “Joale ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.” (Pes. 103:13, 14) Hona ho tlosa hakaakang lipelong tsa rōna le likelellong pelaelo e neng e ka ’na ea re thumakanya ntle ho moo! ’Me ketso ea lerato eo motho a ke keng a e utloisisa ke tokisetso ea Jehova ea topollo, e entsoeng ka Mora ea ratoang oa hae “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:16; 1 Tim. 2:5, 6.
8, 9. (a) Mangolo a re bolella joang kamoo Jehova e leng Moetsi oa “liketso tse phahameng”? (b) Ke hobane’ng ha u ka re liketso tsa nakong e fetileng tsa Molimo li paka hore batho ba oona ba ka lebella ho ba le thuso ea oona ho loaneng ka katleho le lipelaelo tsa bophelo?
8 Ntate oa rōna oa leholimo hape ke Moetsi oa “liketso tse phahameng.” (Pes. 106:1, 2; 145:4, 11, 12) Ha a kōpa mohau ho Jehova, Moshe o itse: “Morena Jehova, u se u qalile ho bontša mohlanka oa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla. Hobane molimo ke ofe, maholimong le lefatšeng, o ka etsang mesebetsi le liketso tse phahameng joale ka tsena tsa hao?” (Deut. 3:23, 24) Moshe o ne a hopola kamoo ka matla Jehova a ileng a lokolla batho ba hae bohlankeng Egepeta ’me a ba etella pele ba omile ho tšela Leoatle le Lefubelu. (Ex. 12:29-42; 14:5-31) Hape, moprofeta o ne a hlokometse liketso tsa Jehova ha a etsa hore Iseraele e hlōle Baamore, ba neng ba le tlas’a Marena Sihone le Oge. Ho feta moo, kaha Jehova o ne a loanela Baiseraele, Moshe o ne a tšepile hore Molimo o tla liha mebuso ea lira ’me o nee batho ba Oona naha ea pallo. (Deut. 3:1-22) E, ’me Molimo oa etsa hona hoo hantle, hobane o boloka litšepiso. (Josh. 23:1-5) “Ba ratang Jehova” ba lokela ho ikutloa joang ha ba nahana ka ho tšepahala ha Molimo le liketso tsa oona tsa ho lopolla? Na ho teng motheo oa lipelaelo tse tepeletsang ho batho ba hae kajeno? Ho hang ha o teng, hobane Jehova oa tšepahala, ’me o tseba kamoo ‘a ka loelang barapeli.’—2 Pet. 2:5-9.
9 Koana, liketso tsa Molimo lebitsong la ba ineetseng ho eena ka ho feletseng ha lia lekanyetsoa feela liketsong tsa ho lopolla. Leha ho le joalo, liketso tse joalo li paka hore “Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae.” (Pes. 94:14) Kahoo re ka kholoa hore o tla ba thusa hore ba loantšane ka katleho le lipelaelo tsa bophelo.
‘Mo Tsebise Seo u se Hlokang’
10. Ho ea ka mantsoe a moapostola Pauluse ho Ba-Filippi 4:6, 7, re ka tiisa tlamo ea rōna le “Molimo oa khotso” joang?
10 Ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mehla ho tla hulela motho ea tšepahalang haufi le Jehova. Ho tla ba joalo le ka ho nahanisisa ka litsela tse lerato tsa Ntate oa leholimo le liketso tsa hae tse matla lebitsong la ba mo sebeletsang ka botšepehi. Leha ho le joalo ho teng tsela e ’ngoe ea ho tiisa tlamano ea rōna le “Molimo oa khotso.” Hona moapostola Pauluse oa Mokreste o ho totobalitse ha a phehella balumeli hammoho le eena hore: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.” Hona ho fella ka khutso e fanoeng ke Molimo eo ho seng motho ea ka e utloisisang.—Ba-Fil. 4:6, 7.
11. Ke mehlala efe ea Bibele e ka fanoang ho paka hore Jehova ke “ea utloang merapelo”?
11 Khale pele Pauluse a ngola mantsoe ao, Jehova o ne a ipakile hore ke “ea utloang merapelo” ea tšepahalang le ea lerato. (Pes. 65:2) Barapeli ba hae ba ne ba ka mo tšollela lipelaelo tsa bona ka tšepo ea hore likōpo tsa bona li tla utluoa. Ho etsa papiso: Thapelo ea mohlanka oa Abrahama Eliezare e ile ea arabeloa ha a tataisoa ho fumaneleng mora oa mong a hae, Isaaka, mosali. (Gen. 15:2; 24:10-27, 62-67) Anna oa nyopa a ‘rapela halelele’ ka meokho ’me a neoa mora, Samuele, eo a ileng a mo ‘khethela Jehova ka litšiu tsohle tsa ho phela ha hae.’ (1 Sam. 1:4-28) Ka meokho e mengata, Morena Ezekiase ea neng a kulela lefu a ithapella ho Jehova ’me a phekoloa. (2 Mar. 20:1-11) Ka matsatsi-tsatsi Nehemia a itima lijo le ho rapela—’me ka nako e thata haholo a etsa thapeli a khutsitse ho “Molimo oa maholimo”—ka phello e thabileng ea hore o ile a neoa matla a borena a ho tsosolosa Jerusalema e oeleng. (Neh. 1:1–2:8) Tempeleng Anna ea tšepahalang a etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare le ho ‘itima lijo le ho rapela’ ’me a putsoa ka ho ba teng ha lesea Jesu le tlisoa moo. (Luka 2:36-38) Bosiung ba ho qetela a phela lefatšeng, Kreste a kōpa Jehova ’me a matlafatsoa ke Ntate oa hae oa leholimo hore a noe “senoelo” seo a se reretsoeng.—Matt. 26:36-47.
12. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba ka mo rapela ka tšepo ha ba na le lipelaelo?
12 Hape nahana ka lithapelo tse ngata tse tlalehiloeng ka Mangolong—tsa maipolelo, thoriso, liteboho. Joale ipotse: Na bahlanka ba Jehova ba kajeno ba ke ke ba retelehela ho eena ka thapelo leha ba thabile, ba leboha, ba tepeletse kapa ba belaela? Ruri ba ka ho etsa, ba kholisehile hore Ntate oa bona oa leholimo o utloa likōpo le lipolelo tsa bona tse ikokobelitseng.
13. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ne a ka phehella Bakreste bahabo ho se ‘belaelle letho’?
13 Pelenyana Pauluse a eletsa Bakreste bahabo hore ba tsebise Molimo seo ba se hlokang, moapostola a phehella hore: “Le se ke la belaella letho.” (Ba-Fil. 4:6) Ho sena, o ne a pheta keletso ea Jesu ea itseng: “Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lōna” hape “le se ke la belaela ka seo le tla se bolela.” (Matt. 6:25; Mar. 13:11) Moapostola o tsebile hore Ntate oa leholimo o tla hlokomela barapeli ba Hae le hore ba tla thusoa ke moea o halalelang oa Jehova ho etseng eng kapa eng e amohelehang ho Molimo.
14. Ka thapelo, “likopo” ke eng?
14 Re hlokomela hore Jehova ke “ea utloang merapelo,” rōna ba phehellang bophelo ba borapeli kajeno ka kholiseho re ka ela hloko keletso ea Pauluse: “Empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.” Hangata lithapelo tsa rōna ke ‘likōpo.’ Ke hore, li akarelletsa ho kōpa lintho tse tobileng kapa likōpo tse tiileng. Eliazare le Anna ba bile har’a batho ba tšepahalang bao likōpo tsa bona tse tiileng li ileng tsa utluoa ke Molimo, ’me Jesu o bontšitse hore ho loketse ho kōpa Molimo ka tsela e tobileng. Ka mohlala, Kreste o boleletse barutuoa ba hae hore ba kōpe Ntate: “U re fe, ka matsatsi ’ohle, bohobe ba rōna, bo lekanang letsatsi le leng le le leng.”—Luka 11:2, 3.
15. (a) Mabapi le thapelo ‘liqelo’ li supa eng? (b) Ba-Heberu 5:7 e re ruta eng ka lithapelo tsa Jesu Kreste?
15 Pelaelo e khōlō e ka hōla ka litaba tse ngata, ’me hona ka linako tse ling ho hloka ‘liqelo.’ Lentsoe lena le hatisa bohlokoa ba qelo e hlokahalang le e ikokobelitseng, e tlang ka tieo eohle. Kahoo hase feela taba ea ho buisana le Molimo ka thapelo e akaretsang. Likōpo le liqelo lia hlokahala ka linako tse ling. “Mehleng ea nama ea hae,” kamoo re balang, ke ‘Jesu . . . ea kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokho, merapelo ea hae e bohloko ho Ea neng a ka tseba ho mo loela lefung; ’me a utluoa, ka baka la borapeli ba hae.’ (Ba-Heb. 5:7) A lumela litlhokahalo tseo a neng a ke ke a li latola, Jesu a kōpa ka lithapelo tse bohloko, a qela ntate oa hae. Ho feta moo, Kreste a rapela Jehova, a etsa likōpo tse tobileng.—Joh. 17:9, 10, 15-21.
16. Mokreste a ka ameha joang ha lithapelo tsa hae li arabeloa?
16 Ha ho finyelloa likōpo tse tobileng tsa Mokreste, leha thapeli tsa hae tse tiileng li arabeloa, o tseba hore Jehova o na le eena. Ho hlokomela thuso ena ea Molimo ho ka ’na ha tlisa karabelo e tšoanang le ea Jobo, ea ileng a tsota kamor’a ho mamella teko: “Ke ne ke utloile tsa hao [Jehova Molimo] ka litsebe feela; empa joale mahlo a ka a u bone.” (Jobo 42:5) Joaloka Jobo, ka leihlo la kutloisiso, tumelo le kananelo re ka sheba litšebelisano tsa Jehova le rōna ’me ra mo ‘bona’ ka tsela eo rea s’o ’mone ka eona le pele. Ke khotso e kaakang ea pelo le kelello e hlahisoang ke katamelano ena le Ntate oa rōna oa leholimo!
“E Nang le Teboho”
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha Molimo thapelong?
17 Pauluse o ile a phehella balumeli hammoho le eena ho tsebisa Molimo likōpo tsa bona ka thapelo le ka kōpo “e nang le teboho.” (Ba-Fil. 4:6) Mabaka a ho leboha le ho rorisa Ea Holimo-limo a mangata haholo. (1 Likron. 29:10-13) Jesu o beetse balateli ba hae mohlala ha a leboha lijo le bohobe le veine tsa tšoantšetso tse sebelisoang Sejong sa Morena sa Mantsiboea. (Matt. 15:36; 26:26, 27; Luka 22:19, 20) Ntle ho ho bontša teboho e joalo ho Molimo, re lokela ‘ho leboha Jehova’ ka “mehlolo ea hae ho bana ba batho,” hobane ‘likahlolo tsa hae ke tsa ho loka,’ le tse ling tse ngata. (Pes. 33:2-5; 92:1, 2; 100:4, 5; 107:1, 8, 15, 21, 31; 119:62) Ke ho loketseng hakaakang ho leboha Molimo ka Lentsoe la oona la ’nete leo ho seng le kang lona! ’Me re lokela ho leboha hakaakang sehlabelo sa Mora oa hae se nolofalitseng ho boelana le Jehova!—Ba-Roma 5:6-11.
18. Haeba re etsa thato ea Molimo ka botšepehi, ke hobane’ng ha re se na libaka la ho imeloa ke lipelaelo?
18 “Ba ratang Jehova” ba ka mo leboha, le bona, hobane o hlile oa ba hlokomela. Moapostola Petrose o ngolile: “Le ke le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo.” (1 Pet. 5:6, 7) Kahoo Petrose le Pauluse ka bobeli ba phehelletse balumeli hammoho le bona hore ba se ke ba belaella letho empa ba bee tsohle tsa bona ho Jehova. ’Me keletso eo ke e loketseng hakaakang! Ha ho letho ho hang leo Ea Holimo-limo a ke keng a le etsa kapa a le laola lebitsong la ba ineetseng ho eena ka pelo eohle. (Mar. 10:27; 12:29, 30) Eng le eng eo Molimo o e lumellang, ba tšepahalang ba ka e mamella hobane o ba nea ‘matla a lintho tsohle.’ (Ba-Fil. 4:13; 1 Ba-Kor. 10:13) Ka lebaka le letle, mopesaleme Davida o itse: “U laeletse tsela ea hao ho Jehova, u mo tšepe; ho tla sebetsa eena.” (Pes. 37:5) E, ka botšepehi u etse thato ea Molimo ’me ha ho lebaka la ho thothomela le pelaelo e sitang. Ho e-na le hoo, ho na le lebaka le utloahalang la ho khotsofala ka hare ho uena, le har’a mahlomola le mefere-fere. Empa khotso eo e khōlō hakae?