Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/1 maq. 28-29
  • Thuto ea Bibele Riphabliking e Nyenyane Haholo ea Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea Bibele Riphabliking e Nyenyane Haholo ea Lefatše
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • E mong le e mong ea lulang sephiring sa Mookameli ea Phahameng o tla phomola moriting oa Ea Matla ’ohle. Ke tla re ho Jehova: ‘U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka oo ke o tšepang!”—Pes. 91:1, 2.
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/1 maq. 28-29

Thuto ea Bibele Riphabliking e Nyenyane Haholo ea Lefatše

ITALY e ka leboea, haufi le leoatle la Adriatic, ho na le riphabliki e nyenyane ho tsohle lefatšeng. Boholo ba eona ke lik’hilomithara tse 61 tse lekanang kahohle. Re bua ka San Marino, riphabliki e ipusang e potapotiloeng ke riphabliki ea Italy.

Ha ba kena motse moholo, San Marino, baeti ba phakisa ba khahloa ke mehaho e hahiloeng sekhale ea teng. Neano e bolela hore sehahi sa majoe se bitsoang Marinus ea tsoang Dalmatia (motse o lebopong la leoatle oo hona joale e leng Yugoslavia) ke eena ea theileng riphabliki lekholong la bone la lilemo C.E. O ile a balehela moo ho pholoha mahloriso a Bakreste a neng a etsoa ke Morena oa Roma Diocletian.

Mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova San Marino e qalile lilemong tse fetileng tse 20. Qetellong ea bo1950, mooki oa monna ea seng a hōlile oa Motaliana a qala ho kopanela linnete tsa Bibele le baahi ba riphabliki. Boiteko ba hae ba teana le khanyetso. Ka makhetlo a mangata mapolesa a moo, a susumelitsoe ke baprista ba K’hatholike, a ne a mo felehetsa ho ea moeling, ka taelo ea hore a se hlole a khutla. Leha ho le joalo, ha a etsisa Bakreste ba sebete ba boletsoeng Bibeleng mooki enoa oa monna o ne a ikemiselitse ho ‘utloa Molimo ho e-na le batho.’ (Lik. 5:29) A tsoela pele ho buisana le batho ba San Marino ka linnete tsa Bibele.

Mosebetsi oa hae ha e ka ea e-ba oa lefeela. Mosali-moholo e mong a mamela ka hloko molaetsa oa hae oa Mangolo. Qetellong mosali-moholo a amohela seo a ithutang sona e le ʼnete ʼme a kolobetsoa. Hamorao, litho tse ling tsa lelapa la hae, le hoja li ne li hanyetsa Lipaki tsa Jehova qalehong, tsa etsa joalo. Ka Phato 1968 sehlotšoana sa Lipaki sa San Marino se ne se fihla ho ba robong. Ka lekhetlo la pele ha moemeli ea tsamaeang oa Mokhatlo oa Watch Tower a ba etela, ho ne ho le teng ba 31 ho tla mamela puo ea hae. Ka nako eo Holo ea ʼMuso e ne e le sebakeng sa Mataliana, ka mose feela ho moeli o ka bophirimela ho San Marino.

Kamor’a nako, baahi ba bang ba San Marino ea e-ba Lipaki tsa Jehova. Hona ha rala motheo o tiileng bakeng sa keketseho ea kamoso. Lipaki tsa moo li ne li ka bolela ka bolokolohi tšimong. Pele mapolesa a ne a thibela mosebetsi oa tsona. Empa kamor’a ho fumana hore ke baahi ba San Marino, mapolesa ha a ka a hlola a thibela boiteko ba bona ba ho bolela pontšeng le ka ntlo le ntlo.

Ka 1971 palo ea Lipaki tsa Jehova San Marino e ne e phahametse ho 17. Ka selemo seo lekala la Mataliana la Mokhatlo oa Watch Tower la khothalletsa hore sehlopha se hlophisoe ho etsoa phutheho. Ka 1972 ha e-ba bonolo ho fetisetsa holo ea ʼMuso San Marino. Ka nako eo ba boholong ba lumella ho sebelisoa ha mohaho oa ʼmuso, Kursaal, bakeng sa kopano ea pele ea Lipaki tsa Jehova San Marino. Ebile thabo e kaakang bakeng sa Lipaki tsa moo ho bona kopanong eo bongata ba ba 1 749, ho kolobetsoa ba 35!

Hona joale phutheho e San Marino e eketsehile ho fihla ho ba 70. Ha ho ne ho ketekoa Sehopotso sa lefu la Kreste ka 1980 ho bile teng ba 134, hoo e bileng a le mong ho baahi ba bang le ba bang ba 151 ba riphabliki. Hona joale ho na le Paki e le ʼngoe bakeng sa baahi ba San Marino ba 257.

Le hoja baruti ba K’hatholike ba riphabliki ena e nyenyane nako le nako ba etsa letšolo sefalaneng le loantšang mosebetsi oa thuto ea Bibele oa Lipaki tsa Jehova, batho ba San Marino ba atisa ho arabela hantle. Ba nkang ka ho teba molaetsa oa Lentsoe la Molimo ba fumana hore le na le phello e tsotehang bophelong ba bona.

Nakong e fetileng, ha li ntse li bolela ka ntlo le ntlo, Lipaki tsa fumana mosali ea neng a thahasella kannete. Ha etsoa lipuisano tsa ka mehla le eena tsa Bibele ʼme qetellong a kolobetsoa. Matsala’e oa mosali le eena ea e-ba Paki. Ka baka la ho tšoareha haholo ka mesebetsi ea lefatše, qalehong lelapa la habo le ne le iphapantse. Leha ho le joalo, baholo ba babeli ba phutheho ea moo ba etela lelapa ka botsoalle ʼme qetellong ba thea lipuisano tsa ka mehla tsa Bibele le bona. Ka baka leo, batho ba robeli lelapeng leo ba bontšitse takatso ea ho etsa hore bophelo ba bona bo lumellane le metheo ea Bibele.

Setho se seng sa lelapa lena sa hanyetsoa boitekong ba sona ba ho utloisisa Lentsoe le bululetsoeng la Molimo. Ha e le hantle, moprista oa K’hatholike a se hatella hore se saene polelo e latolang hore se tla tsoela pele le thuto ea Bibele le Lipaki tsa Jehova. Kamor’a moo mosali enoa a ea mose ʼme a nyaloa. Leha ho le joalo, ha a khutlela San Marino, hona hoo feela a qala ho hlahloba Mangolo a Halalelang hape. A re, “motho a ke ke a lebala ʼnete.” Qalehong monna oa mosali enoa a mo hanyetsa. Empa joale monna a fihlela qeto ea ho hlahloba Lentsoe la Molimo ka boeena ʼme a kholiseha hore ke ʼnete. Re leboha matla a Bibele a ho fetola bophelo ba batho hore bo be molemo, lelapa lena hona joale le kopane ka matla borapeling ba Molimo oa ʼnete, Jehova.

Ka mosebetsi o moholo o neng o tla etsoa ke Bakreste, Jesu o itse: “Evangeli ena ea ʼmuso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matt. 24:14) Ka thabo hona ho etsoa riphabliking e nyenyane ho tsohle lefatšeng.

E mong le e mong ea lulang sephiring sa Mookameli ea Phahameng o tla phomola moriting oa Ea Matla ’ohle. Ke tla re ho Jehova: ‘U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka oo ke o tšepang!”—Pes. 91:1, 2.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela