Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/1 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Tlisa Bara ba Bangata Khanyeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • ‘Nyakallang ka ho sa Feleng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Buka ea Bibele ea 58—Ba-Heberu
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Leru le Leholo Hakaalo la Lipaki!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/1 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ho ea ka Ba-Heberu 12:22, 23 (Authorized Version) moapostola Pauluse o buile ka “meea ea banna ba lokileng ba entsoeng ba phethahetseng.” Na ho ka etsahala hore “banna” bana e be ba tšepahalang bao Pauluse a ngotseng ka bona ho Ba-Heberu khaolo ea 11?

Maikutlo a hore mantsoe ana a ka sebetsa ho banna ba tumelo le ba neng ba tšepahala pele ho mehla ea Bokreste ha a macha. Tokollo ea Senyesemane ea Molula-Qhooa ea Phato 15, 1913, maqephe 248 le 249, ka masene a maholo e ne e se e ile ea fana ka maikutlo ana, ʼme pono ena ea sebelisoa ka lilemo tse ngata. Ho ea ka mangolo a se-Gerike a pele lentsoe “banna” ha lea ngoloa. Ke ka baka leo Bibele ea Sesotho e balehang tjena, “ho meea ea ba lokileng ba setseng ba phethehile.”—Bona Jerusalem Bible, Emphatic Diaglott, Rotherham, Westminster Version, Kingdom Interlinear Translation.

Ba-Heberu 11:8-11 e bua ka Abrahama, Isaaka le Jakobo ʼme e bontša hore Abrahama o ile a tsoa motseng oa Ure oa Kaldea le hore eena le Isaaka le Jakobo ba ile ba phela e le bajaki ho fihla ha Jakobo a nkeloa naheng ea Egepeta matsatsing a ho phela ha mora oa hae Josefa. Ka hona nakong eo eohle ba ne ba sa lula motseng o itseng ka ho khethehileng. Mangolong a Seheberu ha ho moo ho boleloang hore Molimo o ile oa tšepisa banna bana ba bararo “motse o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.” Ke hlaloso ea Pauluse tabeng ena. Ho hlakile hore ka mantsoe ana o ne a lebisitse ho hlonngoeng ha ʼmuso oa Molimo ka ‘peo ea Abrahama’ oo bapatriareka bana ba bararo ba neng ba tla phela ho oona le ho amohela bophelo ba botho bo phethahetseng qetellong ea lilemo tse sekete.—Ba-Gal. 3:16.

Ha Molimo o ntša bana ba Abrahama, Isaaka le Jakobo naheng ea Egepeta ʼme o ba isa naheng eo o e tšepisitseng Abrahama, ba ile ba lula metseng ea Bakanana, motse o ileng oa timetsoa ke Molimo ka matla a oona e bile motse oa Jeriko feela. Kamorao ho moo baprofeta bohle ba tšepahalang le basali ba tšepahalang ba mehleng ea khale ba ile ba fetoha baahi metseng. Ka baka leo, mantsoe ao a ileng a boleloa ho Abrahama, Isaaka le Jakobo a ne a ke ke a sebetsa ho bona, hore ba ne ba letetse motse o tlang oa lefatšeng. Jerusalema e ile ea timetsoa ka selemo sa 70 C.E., lilemo tse 39 kamor’a hore Johanne Mokolobetsi a bolaoe. Kahoo esita le Bakreste ba Bajode ba ile ba phela motseng o bonahalang oa lefatšeng ho fihla ha mabotho a Molaoli Gallus a khaotsa ho loantša Jerusalema ka hore a khutlele morao, ha Bakreste bao ba tsoa motseng ka baka la kutlo ea bona mantsoeng a Jesu a boprofeta.—Matt. 24:15-22.

Ba-Heberu 13:12-14 e bolela hore Jesu o ile a bolaeloa ka ntle ho marako a Jerusalema oa lefatšeng, kapa “ka ntle ho monyako oa motse.” Mabapi le boemo bona Pauluse o tsoela pele hore, “Re ke re tsoeleng ho eena ka ntle ho setša sa litente [joalo ka phooko e jarisoang libe kapa “phooko . . . ea Azazele” e neng e tlohelloa hore e ikele felleng ka letsatsi la lipheko, (Lev. 16:10)], re ntse re jere sekhobo sa hae. Hobane mona, ha re na motse o tieang, empa re batla o tlang ho hlaha.” “Motse” ona ke ʼmuso oa leholimo, Jerusalema e Mocha, oo Pauluse a buang ka oona ho Ba-Heberu 12:22.

Banna ba tšepahalang ba khale, haholo-holo ho tloha ka Abrahama ho fihla ka Johanne Mokolobetsi, ba ne ba sa batle ho ea leholimong le ho kena ho Jerusalema oa leholimo. Ba ne ba sa hopole ka ntho e joalo. (Matt. 11:11) Ba ne ba ke ke ba boloka tšepo e joalo hobane ba ne ba sa tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo. Johanne 7:39 e pakela sena, e re: “Ka taba eo, o na a lekanya Moea oo ba lumelang ho eena ba tlang ho o neoa; hore Moea o Halalelang o no o e-so ho hlahe, kahobane Jesu a na a e-so ho tlotlisoe.” Ha ho Bakreste ba banna le basali ba ileng ba tlotsoa ka moea ho fihla ka Pentekonta ea 33 C.E. Ba ileng ba tlotsoa ka moea o halalelang ho tloha nakong eo ho ea pele ba na le tebello ea ho ea phela motseng oa leholimo o ileng oa tšoantšetsoa ke Jerusalema ea lefatšeng.

Ke ka baka la sena ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu ka nepo a ileng a bolela sena ho Ba-Heberu 12:22, “Empa le tlile Thabeng ea Sione [e seng Thabeng ea Sinai ho la Arabia], motseng oa Molimo o phelang, Jerusalema oa leholimo, liketeng tsa likete tsa mangeloi.” Mehleng ea Pauluse, ‘kereke ea matsibolo a ngoliloeng maholimong’ e ne e-so ho qete lilemo tse 30 e hlonngoe, ka hona e ne e sa tsoa qala, ʼme litho tsa eona li ne li le nyenyane haholo ho palo ea ba 144 000. Ho tlatsoa ha palo ea 144 000, “matsibolo a ngoliloeng maholimong,” ho tla phethahala bofelong ba mehla ea Bokreste, e fihlang bofelong ba eona nakong ea ‘mahlomola a maholo’ a ho Tšenolo 7:14 le Mattheu 24:21, 22. Ka baka leo Pauluse le Bakreste ba Baheberu bao a neng a ba ngolla ba ne ba le “kerekeng” e sa tsoa qala mabapi le litho tsa eona tse feletseng tse 144 000.

Kamor’a hore a bue mantsoe ao, Ba-Heberu 12:23, 24 e re “‘me Molimo, moahloli oa bohle, ho meea ea ba lokileng ba setseng ba phethehile, ho Jesu, ʼmuelli oa selekane se secha, le maling ao re fokiloeng ka oona, a bolelang litaba tse fetisang tsa mali a Abele ka molemo.” Kahoo Molimo ke moahloli oa bohle, ho akarelletsa le ba 144 000 bao mabitso a bona a ngoliloeng. Litho leha e le life tsa ‘kereke’ e tlotlisitsoeng li lokela ho feta nakong ea kahlolo pele li amoheloa ke moahloli e moholo Jehova. Ke ka baka leo, kamor’a hore a bue ka eena, temana e tsoelang pele hore, “meea ea ba lokileng ba setseng ba phethehile.” Ke litho tsa ‘kereke’ ea Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea tse entsoeng tse lokileng ka tumelo. (Ba-Roma 5:1; 8:1-4) Ka lebaka lena ba boleloa e le “ba lokileng ba setseng ba phethehile.”

Ka ho loketseng ba khothalletsoa ho ‘beela ʼmele ea bona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng.’ (Ba-Roma 12:1) Ka baka leo ‘ba tsoela ka ntle ho setša sa litente, ba ntse ba jere sekhobo sa hae.’ (Ba-Heb. 13:13) Ka sebele Bakreste bana ba tlotsitsoeng ka moea ba na le “bophelo ba moea” hona joale lefatšeng ʼme ba khothalletsoa ho tsamaea ka moea oo ba o amohetseng.

Moapostola Pauluse o bua ka “bophelo ba moea” ba Bakreste bana ba lokileng khaolong e tšoanang ea Ba-Heberu 12:9: “Na haholo-holo re ke ke ra utloa eo e leng Ntat’a meea, re tle re phele na?” Ke ntate oa phutheho e tlotsitsoeng ka moea eo Pauluse a neng a e ngolla ʼme ka baka leo New World Translation e akareletsa polelo ena ka mantsoe a botho, e re “Ntat’a bophelo ba rona ba moea.” Polelo ena e fumanoa litemaneng tse 14 pele re fihla ho Ba-Heberu 12:23 ʼme ka hona ha e hole le taba eo e e hlalosang.

Ho Ba-Heberu 12:1 moapostola Pauluse o ile a tlosa hlokomelo ea hae ho banna ba tšepahalang le basali ba phetseng pele ho mehla ea Bokreste ʼme joale a bua ka phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea le tšebeletso ea Molimo e neng e beiloe ka pele ho Bakreste bana ba tlotsitsoeng ka moea. Kahoo ho Ba-Heberu 12:23 ha a khutlele tabeng eo a neng a bua ka eona khaolong ea 11. Leseling la linnete tsena mantsoe a reng “meea ea ba lokileng ba setseng ba phethehile” a emela ‘kereke ea matsibolo a ngoliloeng maholimong’ ʼme ha hoa phetoa feela taba e boletsoeng temaneng ea 22. Ka ho loketseng ha ho hlokahale hore re leke ho a sebelisa sehlopheng se seng sa batho ba tšabang Molimo ho tšoana le banna le basali ba tšepahalang ba ileng ba phela ho tloha ka Abele ho fihla ka Johanne Mokolobetsi.

Taba e ʼngoe e bontšang hore Ba-Heberu 12:22, 23 e lekanyetsoa ho phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, Pauluse o re, “Jesu, ʼmuelli oa selekane se secha, le maling ao re fokiloeng ka oona, a bolelang litaba tse fetisang tsa mali a Abele ka molemo.” (Ba-Heb. 12:24) Phutheho e tlotsitsoeng ka moea e selekaneng sena se secha ’me ke ho utloahalang hore Jesu ke ’muelli oa eona. Ke bona bao “mali” a Jesu Kreste a fokiloeng holim’a bona ka tsela ea moea hore ba hlahise litholoana tse molemo ho feta tsa mali a mo-shoela-tumelo, Abele. (Ba-Heb. 11:4) Ke ka baka leo ho boleloang ka bona hore ba lokile tumelong ka baka la mali ao.—Ba-Roma 5:9.

Ho lumellana le taba ena eohle, Pauluse o tsoela pele ho bolella phutheho e tlotsitsoeng ka moea ho BaHeberu 12:25-28, a ba khothatsa hore ba tšepahale ʼmusong oa leholimo, “motseng oa Molimo o phelang, Jerusalema oa leholimo,” oo ba tlisitsoeng ho oona. Masala a phutheho e tlotsitsoeng ka moea a litho tse 144 000 a haufi haholo le lintho tse thathamisitsoeng ke Pauluse litemaneng 22 le 23 ho feta Bakreste ba Baheberu lekholong la pele la lilemo. ʼMe bongata bo boholo ba “linku tse ling” bo thabela le bona sena. Ka sebele kajeno bongata bo boholo bo tsamaea ka tumelo joaloka banna le basali ba tšepahalang ba ileng ba phela pele ho mehla ea Bokreste.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela