Lehloeo Pele Lerato la Bokreste Hamorao
JESU KRESTE o itse ka balateli ba hae ba ’nete: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Joh. 13:35) Le ba bang bao e leng Bakreste ba ’nete hona joale, ba kile ba hloeana pele. Ke Jehova Molimo feela ea neng a ka ba thusa ho fetola boikutlo ba bona. Bopaki ba sena bo totobala phihlelong e latelang e tsoang sehleke-hlekeng sa Caribbean:
“Ke ne ke le moeta-pele oa mokha o mong oa lipolotiki o neng o thahasella ho bona phetoho ’musong. Re ne re sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ho finyella sepheo sa rōna, joale ka bolelloa hore ho na le lefokisi le abetsoeng ho ntšala morao hore le ntšoare. Kaha joale ke ne ke tseba ho etsahalang, ke ne ke lokile ke bile ke falimehetse ha motho enoa a ka hlaha. Hoja ka teana le eena, ha ke tsebe hore na ho ne ho tla etsahala joang, empa ho ne ho ka ’na ha etsahala kotsi habonolo. Ka qala ho mo hloea pelong ea ka e le pontšo ea seo ke loantšanang le sona. Leha ho le joalo, ka ea New York, ke moo ke ileng ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ka tlohela metsoalle ea ka ea nakong e fetileng le likamano le mokha oa lipolotiki ’me ka fetola bophelo ba ka hore ke sebeletse Jehova.”
Kamor’a nako, monna enoa a khutlela hahabo. O tsoela pele a re:
“Ka letsatsi le leng ke ne ke sebetsa kopanong ea [Lipaki tsa Jehova], ke pheha, ke ne ke thusa moo ho pheheloang. Motho e mong a mpotsa, ‘Ak’u cho, Moena B——, u ithutile ’nete joang?’
Ka qala ho hlalosa ’me ka bolela kamoo ke lebohang Jehova hore ha nka ka teana le lefokisi le neng le ntšetse morao hobane mohlomong ho ka be ho etsahetse ntho e mpe haholo. Ka motsotso oo moena e mong, ea neng a ntse a hlatsoa lipitsa le lipane, a tla ka potlako ’me a botsa, ‘Na ke uena Moena B——?’ Ka re, ‘E’ ’me ‘Na ua tseba hore na ke mang? Ke lefokisi le neng le abetsoe ho u tšoara.’ “Joale batho ba bona ntho e ntle! Ra tšoarana ka matsoho, ra hakana ’me ra phathatsana mahetleng. Ha tšoloha meokho ea thabo. Moo ho pheheloang ha fetoha sebaka sa nyakallo le thabo ho feta leha e le neng pele ha mosebetsi o khaotsa ’me bohle ba kopanela motsotsong ona o khethehileng. Kamoo ho pheheloang ha bonoa bopaki bo phelang kamoo lehloeo le ka fetohang lerato ka matla a moea oa Jehova le mosa oa hae o lerato.”