Ho Itšehla Thajana ho Kotsi
“TLHOKOMELISO: Ho itšhela thajana ho kotsi bophelong ba hao.” Litlhokomeliso tse ngotsoeng joalo li atisa ho bolokeloa lintho tse kotsi boiketlong ba motho, hammoho le mathata a hlahisoang ke metsoako le lithethefatsi. Empa se fumanoeng haufi tjena se bontsa hore temoso ena ke e ka ntšoang ka toka ho bao ka baka la maemo kapa boikhethelo ba phelang bophelo bo thōko.
Ka mohlala, boima ba ho lahleheloa ke molekane oa lenyalo bo ka ba kotsi haholo. Makasine ea Time o tlaleha hore “lefu le tsoaloang ke lefu la pelo har’a bahlolohali le phahame ka makhetlo a mahlano ho ba lilemo li 25 le 34 ho feta ho basali ba nyetsoeng ba lilemong tsona tseo. Lilemong tsohle, ba hlalaneng ba mocheng oa kankere ea matšoafo kapa ho qhashoha methapo ho feta ba lenyalong.”
Leha ho le joalo, bolutu bo tsoaloang ke ho itšehla thajana le bona bo nka palo ea bona har’a batho ba baholo bao ho seng mohla ba kileng ba kena lenyalong. Boithuto bo entsoeng ke Dr. James Lynch oa Univesithi ea Maryland bo bontša hore lefu la pelo le phahame ka makhetlo a mabeli ho isa ho a mahlano ho batho ba masooa. Boithuto bona bo bontša hore monyetla oa hore lesooa le kene sepetlele sa mafu a hlooho o phahame ka makhetlo a 23 ho feta banna ba nyetseng, ’me ho basali ba masooa ka 10 ho feta basali ba nyetsoeng. Ho totobetse hore ngaka ena ha ea ka ea hlahloba tlaleho ea ba phelang haufi tumellanong le Bibele e Halalelang, ba kang Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Lipalo ho bona e tla ba tse fapaneng ho hang. Ho ea ka lipalo tsa ngaka, bolutu bo tsoaloang ke ho itšehla thajana bo ka tsoala mahlomola kelellong le boikutlong a bakang kotsi bophelong.
Phihlelo ea litsi tseo ho thoeng ke tsa ho tepella tse metseng e meholo e bontša ho teba ha bothata bona. Nka Toronto, e ruileng, Canada, e nang le baahi ba fetang limillione tse peli. Setsing se seng sa tse ngata tsa ho tepella ho ile ha letsa batho ba ka bang 33 000 ka thelefone ka selemo se le seng. Hoo ke motho a le mong ea letsang ka metsotso e meng le e meng e 16. Batho ba nkang karolo ea 75 lekholong ho ba neng ba letsa e ne e le ba jeoang ke bolutu, “ba pelo li maoma” kamoo ngaka e ’ngoe e ho bolelang. Ba tšeletseng ho bona ba ne ba rera ho ipolaea. Toronto Star ea ba bitsa batho ba jeoang ke “boloetse bo sa bonahaleng,” bo seng bo fetohile seoa. Dr. Vello Sermat o ho hlalositse e le “boikutlo ba boinotši bo feletseng joalokaha eka motho ha a har’a batho ho hang. . . . Ho haelloa ke litlamahano tsa botho.” Ba bangata ho ba jeoang ke bolutu ke maqheku, ho akarelletsa bahlolohali.
Ka masoabi, maqheku a phelang a le mang hangata a oeloa ke likebekoa. Metseng e mengata e meholo bana ba malimabe ba qobelloa ho ’na ba phela libakeng tse ntseng li theoha ho ea pele, moo litlokotsebe tsa bacha li ba nkang e le liphofu. Ho utsoetsoa, kotlo ea bobatana, peto le tlhokofatso e bile karolo e fihleloang ke maqheku ana a bolutung. Tšabo e etsa hore maqheku ana a itšehle thajana ho feta. Ba ka ’na ba bea litšepe menyakong ea bona le ho koala lifenstere tsa bona ka mapolanka, ’me ba etsa hore ba tlisetsoe lijo le lintho tse ling tsa bohlokoa.
Bacha le bona, ba ’nile ba hlomoha ke bophelo ba ho itšehla thajana. Ba bang ba nahana hore ba ka thea mokhoa o mocha oa bophelo o sa itšetlehang ka tumellano ea ho sebelisana ea nakong e fetileng. Ba ba le tšepo ea bophelo bo thabileng haholoanyane. Empa na e bile bo khotsofatsang kannete? Toronto Star e tlaleha hore tekanyetso ea ho ipolaea e hōlang ka potlako e khōlō sebakeng sa Ontario e pakeng tsa ba lilemo li 20 ho ea ho 30. Joale ho teng ba hlokomelang nako e se e ile hore ba oetse litšusumetsong tsa batho ba babe. Joalokaha e mong ea lilemo li 26 a bolela: “A mpolella hore oa ‘hlanya’ ke ’na, . . . a nthomella lipalesa . . . a nthekela lijo . . . eaba joale o mpollela ’nete. O phela le mosali e mong.”
Mathata A Ho Itšehla Thajana
Le bona ba thabelang ho phela ba le bang ba qala ho fumana hore motho a ke ke a latola habonolo seo e leng tlhaho bophelong. Ho sa tsotellehe se bonoang ka mahlo, ho ntse ho hlokomeleha har’a bacha hore botsoalle bo tiileng ke se hlileng se lakatsehang bophelong bo khotsofatsang le se hlokahalang. Tabeng e neng e re “Ho Itšehla Thajana har’a Bongata—Ho Bonahala Maphao Torong ea Masooa,” makasine ea beke le beke ea Canada Maclean’s e hlokometse: “Basali ba bangata—le banna ba bang—ba lumela hore ba khathetse, ba nyahame le ho teneha ke likamano tsa botona le botšehali tse sa hlompheheng.” Likamano tsa botona le botšehali ka botsona hase karabo. Ho na le ho haellang: Lerato la ’nete le boitlamo. Ka lilemo li feta ka potlako hakana, ba bangata ba talimane le bothata ba ho fumana molekane oa lenyalo ea tšoanelehang. Kakaretso ea ho itšehla thajana ha bona hoo ba iketselitseng hona e fetohile—thabo ka bo-1960, ho koata ka bo-1970 le bohloko kajeno.
Kamoo ho bonahalang, ho na le ntho e etsahalang ka monahano oa motho ea itšehlileng thajana ka boikhethelo kapa ka ho qobelloa ke maemo. Ho atisang ho etsahala ke hore, ho fapana le keletso e fanoeng ka Bibeleng, o inahana ho tlōla, a bile a ikhauhela. O halefisoa ke tse haellang ba bang ’me o nahana ho tlōla ka litšito tsa bona ho eena, ka nako e ’ngoe a ba nahanela bobe. O emela ba bang hore ba mo etse metsoalle ’me o ikutloa hore ba mo sitetsoe ha ba sa etse joalo. Mohlala ke mosali e mocha ea nyetsoeng ea nang le bana ba babeli. Ka nako e telele mosali enoa a ikarola botsoalleng ba batho bao a ba tsebang hantle. Ha motsoalle a bolela hore e se e le nako a sa mo bone, a arabela: “Ke ho entse hore ke bone hore na ho na le ea hlokomelang kapa ea tsotellang.”
Kahoo hoa totobala hore ho sitoa ha batho ka kakaretso ho bōpa likamano tse tiileng tsa botho ho ka bea bophelo ba motho kotsing. Empa motho a ka etsa joang ha maemo ho bonahala a ke ke a a laola? A ka fetohela liphetohong tseo a sa li rateng joang bophelong ba hae?