Lentsoe la Molimo Lea Phela
Ho Fana Hoa Hlohonolofatsa
KE PHAPOSING e ka holimo kae-kae Joppo, motse o lebopong la Leoatle le Leholo. Mosali ea robetseng moalong o ne a kula ’me a shoa. Ke morutuoa oa lekholong la pele la lilemo oa Mokreste ea bitsoang Tabitha, Dorkase ka Segerike. Hoba Dorkase a shoe, ha rōmeloa manqosa a mabeli motseng o haufi le moo oa Lydda ho ea lata moapostola Petrose.
Eare ha Petrose a isoa ntlong e ka holimo, a fumana basali ba llang. Ba ne ba rata Dorkase ka baka la liketso tsa hae tse ngata tse mosa. Ba bontša Petrose liaparo tseo a neng a ba etselitse tsona. E le morutuoa oa Mokreste, Dorkase o tlameha ebe o ne a boetse a le mafolo-folo ho bolella ba bang ka ’muso oa Molimo. Empa Petrose o ne a ka mo etsetsa eng ha e le mona a se a shoele?
Ntho ea pele, Petrose a ntša bohle. Joale, hoba a khumame le ho rapela, a retelehela setopong ’me a re: “Tabitha, tsoha!” ka ho rialo joalokaha u bona, o mo tutubolla mahlo. O phela hape! Petrose a mo thusa ho tsoha.
Eaba Petrose o bitsa ba bang. U ka inahanela thabo ea bona ha ba eme ka thōko ’me ba bona Dorkase a tsohile ’me a phela! Kannete, ke lehlohonolo le lekaakang ho tsosoa bafung!—Lik. 9:36-42.
Re ka ithuta ho hong mona. Ho bontša hore motho ea batlang ho thusa ba bang—a fana nako ea hae ka lerato, le matla le mahlale—o tla putsoa haholo. Tabeng ena, basali bana ba ne ba sa rate Dorkase feela ka baka la liketso tsa hae tse mosa, empa ho ne ho le joalo le ho Jehova Molimo. Ke ka baka leo a ileng a nea Petrose matla a ho mo tsosa bafung.
Kahoo, ithute thuto ena hantle: Ha u fana ho ba bang, u tla hopoloa ka lerato la bona. Ho feta moo, ho fana ke e ’ngoe ea litšoaneleho tsa bohlokoa tseo u li hlokang e le hore u ka hopoloa ke Molimo. ’Me o ka u putsa ka bophelo—bophelo bo sa feleng taolong e ncha ea oona ea ho loka.—Liprov. 11:25; 1 Joh. 2:17.