Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 6/15 maq. 10-15
  • Tsela ea ho Fola e Phetloa ke Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Fola e Phetloa ke Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Fumanoeng ke Molimo ka Boikaketsi ba Bolumeli
  • Ba Nkileng Tsela E Isang Phekong
  • Boikaketsi Boa Pepesoa!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Ho Itima Lijo—Na ho U Atametsa Haufi le Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na Molimo o Hloka Hore Re Itime Lijo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na ho Itima Lijo ho Siiloe ke Nako?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 6/15 maq. 10-15

Tsela ea ho Fola e Phetloa ke Molimo

Pele ’mali a bala lihlooho tse tharo tse latelang ke hantle ha a ka itloaetsa taba eo lihlooho li theiloeng ho eona, e leng, boprofeta ba Esaia likhaolo 58 le 59

“Ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela.”—Esa. 58:8.

1. Ke hobane’ng ha sethó se hloka ho folisoa bophelong ba sona ka kakaretso?

NA BATHO bohle ba hloka ho fola—pheko? Batho ba nang le tsebo ea litaba ba li tsebisoa ka mekhoa eohle ea kajeno e bokellang litaba hole le haufi ba ke ke ba tsila-tsila ho arabela ka E! Potso ke hore, Ke mang ho rōna batho ea ka tlisang pheko e hlokoang hakana? Batho ba nang le botho ba ntse ba leka ka tšepo, empa boiteko bohle ba bona bo tiileng bo hlōlehile ho emisa boemo bo ntseng bo senyeha ba batho ba kahisano, boitšoaro, moruo le ka lapeng. Mohoo oa pelaelo o tsoang ho batho ba kulang o ntse o phahama!

2, 3. (a) Ke mang ea nang le lebaka le leholo la ho belaela hore na batho ba oele hakae ho feta batho ka bobona? (b) Ke joang, ho Ba-Roma 3:9-18, boemo ba ho oa ba batho bo hlalosoang?

2 Haeba rōna batho feela re fumana sebaka se sengata sa ho belaela, ho joalo hakaakang ka ’Mōpi ea phahametseng motho oa bokahohle hore a be le lebaka la ho belaela! Ruri ha a ka a tlontlolla matla a hae a ho bōpa ka ho qalisa moloko oa motho ka motsoebere o joalo o kang oo re iphumanang ka har’a oona kajeno. Kannete o bolela hore ho kena ha sebe ke oona mohloli oa sena sohle. Lilemong tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robong o ile a supa hore na batho ba oeleng ba kene hakae ka ho oa ho tloha phethehong ea pele ka ho bululela e mong oa bangoli ba buka tsa Bibele hore a ngole mantsoe ana a hlalosang:

3 “’Me joale, ke’ng? Hleka re fetisa balichaba na? Che, le hanyenyane; hobane re se re bontšitse pele hore bohle, leha e le ba-Jode, leha e le ba-Gerike, ba sebeng, joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ha ho ea lokileng, leha a le mong; ha ho ea nang le kutloisiso, ha ho ea batlang Molimo; bohle ba khelohile bohle hammoho ba ikentse ntho ea lefeela; ha ho ea etsang botle, leha a le mong; ’metso ea bona ke lebitla le ahlamileng; ba thetsa ka maleme a bona; mahloko a marabe a ka tlas’a melomo ea bona; hanong ho bona ho tletse lihlapa le ho baba; maoto a bona a lebelo ho ea tšolla mali; tšenyo le bosenyehi bo litseleng tsa bona; ha ba tsebe tsela ea khotso; ho tšaba Molimo ha ho eo pel’a mahlo a bona.”—Ba-Roma 3:9-18.

4. (a) Ka mantsoe ao, Pauluse o ne a qotsa ho eng? (b) Joale re fumana boemo ba litaba e le bofe kajeno, makholo a lilemo a 19 hamorao?

4 Karolong e ka holimo ea lengolo la hae le neng le ngoletsoe phutheho ea Bakreste e Roma ea boholo-holo, moapostola Pauluse o ne a qotsa Mangolong a Seheberu a neng a ngotsoe tlas’a tšusumetso lilemo tse fetang 450 pele a ngola lengolo la hae hoo e ka bang ka selemo sa 56 C.E. Ka mohlala, Pauluse o qotsa ho Esaia 59:7-20. Hona ho bontša hore boemo bo ne bo se bo le bobe haholo morao koo mehleng ea hae, e seng feela mabapi le batho ka kakaretso, empa haholo mabapi le ba ipolelang hore ke batho ba Jehova Molimo, e leng, Bajode, kapa Baiseraele. Joale, kajeno, lilemo tse fetang makholo a 19 kamor’a hore Pauluse a ngole lintho tse joalo a li ngolla phutheho ea Bakreste motse moholo oa Roma ea boholo-holo, re ka lebella eng boemong ba boitšoaro le ba bolumeli ba lefatše, re sa siee karolo e bitsoang Bojakane? Seo re se senoleloang ke likoranta le limakasine tse ngata tse buang ’nete sea nyarosa, e, sea sisimosa.

5, 6. (a) Ka mohloli oa lebitso la Bojakane, lichaba tse sebakeng sa bona li ne li lokela ho itšoara joang? (b) Ha re bala boprofeta ba Esaia bo lebisitsoeng ho Iseraele, ke tšebeliso efe e khōloanyane ea bona eo re lokelang ho e hopola?

5 Ho ea ka mohloli oa lebitso la bona, Bojakane bo ne bo lokela ho etsisa Kreste Jesu le ho phelela lithuto tsa hae. Lichaba tse theang Bojakane li lokela ho tseba hore na hona ho etsoa joang. Har’a lichaba tseo ho thoeng ke tsa Bokreste Libibele, haholo “Testamente e Ncha,” e tsamaisoa ka makholo a limillione ka lipuo tsohle tse tsejoang tsa sebaka sa tsona. Boholo ba baahi ba tsona ba tseba ho bala Mangolo ao a bululetsoeng e le hore ba ka ithuta hore na e ka ba Bakreste joang. Kaha Bojakane bo itsebahatsa le Kreste ’me bo ipolela hore ke phutheho ea hae, ho sitoa ha bona ho latela mohlala oa Kreste ho bo bea e le boikaketsi. Boemo ba bona ba tulisano, boitšoaro, le bolumeli bo tšoana le ba ‘sechaba se neng se khethiloe’ pele sa Jehova Molimo mehleng ea moprofeta Esaia lilemong tse 800 pele Bokreste bo bonahala lefatšeng.

6 Ruri, boemo bo soabisang ba Bojakane bo tšoana le ba Iseraele mehleng ea Esaia, kaha bo ipolela hore bo nkile sebaka sa Iseraele e le sechaba se khethiloeng sa Molimo. Kahoo, ha re bala likhaolo tse ling tsa boprofeta ba Esaia, re ka hopola ka ho sebelisoa ho hoholo ha bona ho Bojakane. Na Molimo oa Esaia o ile a talima Iseraele ea mehleng ea moprofeta e le ea boikaketsi le e hlokang ho phekoloa moeeng? Ha Jehova Molimo a ke a bolele seo a se fumaneng!

Se Fumanoeng ke Molimo ka Boikaketsi ba Bolumeli

7. Ho ea ka Esaia 58:1, moprofeta o ne a tla bolella batho ba khethiloeng ba Jehova hore Jehova o fumane eng?

7 Taelo ea Molimo e tlela Esaia: “Hoeletsa, u tlerole! Phahamisa lentsoe le phepa joale ka phala, u bolelle sechaba sa ka makhopo a sona, u tsebise ntlo ea Jakobo libe tsa eona.”—Esa. 58:1.

8. Polelo ea Esaia ka se fumanoeng ke Jehova e ne e tla etsoa ka molumo o mokae, ’me ke hobane’ng ha a ne a ka ikutloa ho na le se mo phehellang ho profeta?

8 Ho ea ka taelo eo, Jehova Molimo o ne a fumane Iseraele e le molato oa “makhopo,” kapa bofetoheli, le “libe” tse ling tse sa hlalosoang. A sebelisa Esaia e le ’muelli oa hae ho bolela seo a se fumaneng, ’me moprofeta enoa a bolelloa hore a tlerole liqoso tsa Molimo ka molumo o kang oa “phala” kapa terompeta. Ha a bolelloa “Phahamisa lentsoe,” mohlomong Esaia o ile a ikutloa joaloka Amose, ha moprofeta eo oa pele ho eena a re: “Tau ea rora; ea sa tl’o tšoha ke mang? Morena Jehova oa bua; ea sa tl’o profeta ke mang?”—Amose 3:8.

9. Molaetsa o matla oa Jehova o lokela ho boleloa ho isa kae kajeno, ’me o thuse bautloi ho etsa joang?

9 Batho ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Morena ’Musi Jehova ba lokela ho ikutloa ka tsela eo kajeno. Ba lokela ho susumeletseha ho nka molaetsa oa Molimo oa kajeno ’me ba o tlerole sebakeng se fihlang hole. E le Lipaki tsa Jehova, ba ke ba bolele hore ho teng bofetoheli bo nkileng lefatše lohle khahlanong le Morena ’Musi oa bokahohle, ea batlang hore batho ba hae ba tšepahale ’me ba qobe libe tsa lefatše. Hona ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha molaetsa ona o thata o boleloa lefatšeng ka bophara. Ka ho o mamela bautloi ba ka thusoa ho fumana pheko.

10, 11. Ka nako eo Baiseraele ba neng ba itlhahisa eka ba thabela Jehova ka ho itima lijo le ho itlhomola, ke eng hape eo ba neng ba e etsa ntle ho boitšoaro?

10 Ho seo Esaia a neng a laetsoe ho se bolela ka lentsoe le phahameng ho “ntlo ea Jakobo,” a hlanola boikaketsi ba eona ka hore a re:

11 “Ba mpatla ka matsatsi ’ohle, ba lakatsa ho tseba litsela tsa ka, joale ka hoja e le sechaba se eang ka ho loka, se sa kang sa tlohela molao oa Molimo oa sona; ba kōpa ho ’na likahlolo tsa ho loka; ba lakatsa ho hlaha ha Molimo. Ba re: Na re itimela’ng lijo, ha u sa re bone? Re hlokofaletsang meea ea rōna, ha u sa hlokomele teng na? Bonang, ka letsatsi la lōna la ho itima lijo le mathela mesebetsing ea lōna, ’me le hlorisa bohle ba le sebeletsang. Bonang, le itima lijo ho omana, ho qabana, le ho otla ka setebele ka mokhoa oa bolotsana.

12. Na letsatsi la ho itima lijo ho amohelehang ho Jehova e ne e le nako ea ho ikhantša ka borapeli le boitlhokofatso?

12 “Ha le itime lijo ka tokelo ea teng ka letsatsi leo, hore mehoo ea lōna e utluoe nqalong tse holimo-limo. Na hoo ke ho itima lijo hoo ke ho ratang ho motho, mohla a hlokofatsang moea oa hae na? Ho kebisa hloho joale ka loli, le ho robala holim’a lesela le mahoashe le melora, na ke hona hoo u ho bitsang ho itima lijo le letsatsi le ka khahlisang Jehova na?”—Esa. 58:2-5.

13. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu, ntle ho boikaketsi, o ile a re’ng ka ho itima lijo ha batho ba Molimo?

13 Ke ’nete, Jesu Kreste hoba a tlotsoe ka moea oa Jehova, a itima lijo ka matsatsi a 40, empa hona ho ne ho sa bonoe ke batho, ’me e le lefeelleng la Judea. ’Me kahoo hamorao Thutong ea Thabeng ea hae o ne a ka re ntle ho boikaketsi: “Ha le itima lijo, le se ke la sosobanya lifahleho tsa lōna, joale ka baikaketsi; ba itšenya tšobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima lijo. Ka ’nete kea le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso oa bona. Ha e le uena, enore ha u itima lijo, u itlotse hloho, u iphotle sefahleho; u tle u se ke ua bonahala ho batho hobane u itima lijo, ho mpe ho tsejoe ke Ntat’ao ea sephiring; ’me Ntat’ao ea bonang sephiring, o tla u putsa.”—Matt. 6:16-18.

14. (a) Bojakaneng, ho itima lijo ha bolumeli ke tokisetso ea mofuta ofe, hona hobane’ng? (b) Iseraeleng ea boholo-holo, ho itima lijo ka molao le ho itlhokofatsa ho ne ho ke ke ha sebeletsa e le sekoahelo sa eng hape?

14 Ha ho matsatsi a ho itima lijo a beiloeng ho barutuoa ba Kreste; ho itima lijo ke boithatelo, hase tlamo. Bojakane bo na le melao ea bona ea ho itima lijo, empa tsena ke litokisetso tse iketselitsoeng feela ke motho. Mehleng ea moprofeta Esaia, hoja ho itima lijo ha boikhethelo ha “ntlo ea Jakobo” ho ne ho bile le maikutlo a nepahetseng le tšusumetso, mohlomong ho ne ho ke ke ha hanyetsoa. Empa a re hopoleng se neng se etsahala ka ‘ntlong ea Jakobo’ ka nako e le ’ngoe le ho itima lijo kapa pele le kamor’a matsatsi a ho itima lijo, likomang, lintoa, ho tlerohelana ka mantsoe a phahameng ka ho fetisisa, ho otloa ha ba bang ka ‘setebele sa bolotsana.’ Ho itima lijo ka molao le ho itlhokofatsa ho ne ho ke ke ha sebeletsa e le sekoahelo bakeng sa bobe bona bohle pel’a mahlo a kenellang a Jehova Molimo. Hase ho makatsang hore o bonahetse a sa bone ho itima lijo ha bona kapa hona ho ho tsotella!

15. (a) Iseraeleng, pontšo ea kantle ea borapeli le ho itima lintho e ne e sengoa ke tšoaro efe ea sehlopha se sebetsang? (b) Taba e joalo le ho bafe kajeno, ’me ke hobane’ng ha ho sa lokela?

15 Ka ho etsa borapeli ba mponeng Bajode ba molao ba ne ba kebisa lihlooho joaloka loli kapa ba apere masela a mahoashe le melora joalokaha eka ba mahlomoleng a maholo. Empa lipontšo tse joalo e ne e se pontšo e tiileng ea pako e tlohang pelong libeng tsa bona le bofetoheling, kapa borabele, ho Molimo le ho hloka molao ha bona le litlōlo. Haeba ho itima lijo ha bona e ne e le ha sebele, ho itima lintho tse nepahetseng ka tloaelo, ke hobane’ng ha ka nako eo ba ne ba khanna ‘ba ba sebeletsang’ ntle ho mohau, bana babo bona, hore ba ee mosebetsing kahoo ba ba imetsa ka mahlomola? Molao oa ho itima lijo ho benghali ba neng ba ikentse bakhanni ba makhoba ho ba ba sebeletsang ruri e ne e le boikaketsi. Ho ne ho sa fumane mohau kapa kamohelo e tsoang ho Molimo, leha e le hona ho mo khahlisa. Ho joalo le ka Bojakane, ’moloki oa ho itima lijo, kajeno, kaha bo ipolela hore bo rapela oona Molimo o ileng oa bululela Esaia hore a bolele pontšeng makhopo le libe tsa batho ba khethiloeng ba Molimo.

16. Ke mehato efe ea topollo, hoja ea nkoa ke Baiseraele, e neng e tla khahla Molimo haholo ho feta ho itima lijo ka molao?

16 Ke ho itima lijo, ke ho itelisa ha mofuta ofe, ho amohelehang ho Molimo oa Esaia, Molimo oo Bojakane bo itlhahisang eka boa mo rapela? Re ka bala mantsoe a Jehova joalokaha a ngotsoe ke Esaia hore re fumane. Molemong oa ba batlang ho phekoloa moeeng kapa ba batlang ho ntlafatsa kamano ea bona le Molimo oa Bibele e Halalelang, o re: “Ho itima lijo hoo ke ho ratang, na hase hore u tlamolle mahlaahlela a bolotsana, u khaole marapo a joko, u lokolle ba etselitsoeng boima, u robe lijoko kaofela na? Na hase hore u abele ea lapileng bohobe ba hao, u amohele mofutsana ea toailang tlung ha hao na? Leha u bona motho ea hlobotseng, u mo apese, u se ke ua ipata pel’a ngoan’eno.”—Esa. 58:6, 7.

17. Mantsoe ao a Esaia 58:6, 7 a bontša hore ke lintho life tse neng li etsahala Iseraeleng, ’me kahoo ho ne ho hlokahala ho folisoa ho eng?

17 Ka tsela e sa tobang mantsoe ao a hlalosang a Jehova a senola hore Baiseraele ba ne ba kentsoe litlamong ka bolotsana, ka bokhopo. Ba bang ba ne ba jarisoa lijoko joalokaha eka ke liphoofolo. Ba bang bona ba ne ba imeloa ke mosebetsi oo ba neng ba o jarisoa. Baiseraele ba malimabe ba ne ba hlokisoa lijo kapa matlo a tšoanelehang. Ba nang le mokhoa oa ho thusa ba ikhakanya eka ha ba bone mahlomola a Baiseraele ba bang. E, ka tšoanelo ba ne ba phetha melao ea ho itima lijo ha bosechaba, empa ba se na lerato le lekaneng la boena ho phahamisa toka le ho tlosa khatello holim’a nama ea bona le mali. Ho itima lijo feela ho ne ho sa tlose mekhoa e se nang qenehelo joalo, kapa hona ho lumellana le molao oa Molimo: “Rata oa heno joale ka ha u ithata. Ke ’na Jehova.” (Lev. 19:18) Haeba ho ne ho e-na le ho hlokahalang, Baiseraele bao ba ne ba hloka ho phekoloa ho kuleng ha moea ho neng ho bolela lefu le itseng kamanong ea bona le Molimo!

18. Ke hobane’ng ha e se ho feteletsa taba ho bolela hore ho kula ha Iseraele ha bolumeli, hoja ha tloheloa feela, ho ne ho bolela lefu kamanong ea bona le Jehova?

18 Hona hase ho feteletsa litaba, hobane lekholong la lilemo kamor’a boprofeta ba Esaia sechaba sa Iseraele se ile sa lahleheloa ke naha ea habo sona ’me sa patoa Babylonia, ho tloha ka 607 ho ea ho 537 B.C.E. (Ezek. 37:1-11) Le hoja se ile sa khutlisetsoa sebakeng sa habo sona ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova, sechaba sa lahleheloa ke kamano ea sona ea selekane le Jehova Molimo lilemo tse 569 hamorao, ka selemo sa 33 C.E. Ka 70 C.E. Baroma tlas’a Molaoli Tite ba timetsa Jerusalema ea lerabele, ’me batho ba Bajode ba qhalanngoa le lefatše lohle e le thohako. Hona hohle ho ema e le temoso ho Bojakane bo lefung le bolaeang.

Ba Nkileng Tsela E Isang Phekong

19. Na Esaia ka boeena o ne a kula ke ho kula ha moea ha Baiseraele bahabo, ’me mantsoe a qotsitsoeng ho eena bukeng ea Baheberu a supa eng?

19 Ho se be motho ea nahanang hore moprofeta Esaia o ne a kula moeeng ke boikaketsi ba bolumeli bo neng bo hlasetse sechaba sa habo. Motho eo Jehova Molimo a neng a tla mo sebelisa ho senola boikaketsi bo joalo ho ne ho hlokahala hore a be le kamano e phelang hantle le Eena. Esaia o ile a supa bophelo ba moea ba hae le lelapa la hae, ha a re: “Bonang, ke ’na enoa le bana bao Jehova a ’neileng bona, hore re be lipontšo le litšoantšo Iseraeleng, ka taelo ea Jehova oa makhotla, ea ahileng thabeng ea Sione.” (Esa. 8:18) Moapostola Pauluse oa Mokreste o qotsa sena lengolong la hae le eang ho Baheberu ’me o le sebelisetsa Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba tsoetsoeng ka moea ka mantsoe ana: “Ke tla bolella banab’eso lebitso la hao, ke u binele lifela har’a phutheho. Hape o re: Ke tla mo tšepa. Hape-hape o re: Bona, ke ’na enoa le bana bao Molimo o ’neileng bona.”—Ba-Heb. 2:12, 13.

20. Ke bafe pele bao e neng e le “bana” bao Jehova a ba fileng Esaia e Moholoanyane, Jesu Kreste?

20 “Bana” bao Jehova Molimo a ba neileng Jesu Kreste ka Pentekonta ea 33 C.E. ke banna le basali bao e neng e le litho tsa phutheho ea Sejode e neng e na le motse-moholo oa eona Jerusalema. Kahoo, pele ba tlotsoa ka moea oa Molimo ka Pentekonta, ba ne ba kopanetse le tsamaiso eo ea lintho e neng e kula moeeng e neng e akarelletsa bao Jesu Kreste a ba bitsitseng “linku tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng.” (Matt. 10:6; 15:24) Empa ho tloha ka Pentekonta ho ea pele e ne e se e se ba phutheho eo moprofeta Esaia a ileng a laeloa ho e bolella mantsoe a Jehova a nyatso. Tlas’a tataiso ea Jesu Kreste ba ne ba nkile tsela e isang phekong e tšepisitsoeng ke Jehova ho Esaia 58:8. Ba furalla phutheho eo har’a eona litho e neng e le Bafarisi ba itokafatsang bao, thapelong tempeleng, ba neng ba ikhantša ka hore: “Ke itima lijo habeli ka veke.”—Luka 18:11, 12.

21. Ka ho ikarola ho se neng se tšoantšetsoa ke Iseraele e sa tšepahaleng a kajeno, ke melemo efe e ileng ea tšepisoa ka boprofeta ho Esaia 58:8 ho barutuoa ba Kreste?

21 Ka ho tšoanang, Lipaki tsa Jehova tse ineetseng le tse kolobelitsoeng tsa kajeno, karolong e khōlō, li tsoa lihlopheng le likarolong tsa Bojakane, tse neng li tšoantšoa ke sechaba sa Iseraele sa mehleng ea Esaia le mehleng ea Kreste. E le moputso oa ho tsoa Bojakaneng bo kulang moeeng le bo lefifing, tšepiso ea boprofeta ea Esaia 58:8 e phethahalitsoe ho bona: “Ke moo leseli la hao le tla chaba joale ka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla u etella pele, khanya ea Jehova e u sale morao.”

22. ‘Ho fola’ ho tšepisitsoeng ho qalehile neng bakeng sa barutuoa ba ileng ba ikarola?

22 Ka tšoanelo, selemong sa kamor’a ntoa sa 1919 C.E., boprofeta boo ba qala ho phethahala ho Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse ileng tsa ikarola ka ho feletseng ka nako eo Bojakaneng bo laoloang ke litumelo, neano le puso ea baruti. Bakeng sa bana ba lopolotsoeng leseli la ’nete ea Bibele le boprofeta la qala ho bonahala “joale ka mafube a meso.” Ho ‘fola’ ha bona ho kena bophelong bo botle ba moea kamanong le Jehova Molimo ka Kreste ha hlaha ka ho ntlafala ho hoholo. Joaloka Esaia tempeleng, ba ne ba hlatsoitsoe ho sebeletsa e le Lipaki tsa Jehova.—Esa. 6:1-10; 43:10-12.

23. Ke tšireletso ea mofuta ofe ka pele le ‘kamorao’ eo ba bileng le eona, le Ntoeng ea II ea Lefatše?

23 “Ho loka,” e seng bokhopo ba Bojakane, ho ba etelletse pele ho ba tsamaisa litseleng tsa ho loka mahlong a Jehova. Ho ba sireletsa o eme kamor’a bona joale ka ‘tšireletso’ ho tla fihlela joale. Ka baka la sena ba tlas’a kamohelo ea hae ’me ba bolokiloe timetsong eo lira tsa bona li ileng tsa ba tšosa ka eona nakong ea Ntoa ea II ea lefatse ea 1939-1945.—Matt. 24:9-14.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela