Ho Nyarela ka Litabeng
Na “ma-Baptist” a ‘Kenoe ke Moea oa Ntoa’?
● “Rona ‘ma-Baptist’ re kenoe ke moea oa ntoa,” ana ebile mantsoe a moeta-pele oa Moifo o tsoang lefatšeng Lohle oa “Baptist” o neng o tšoaretsoe Toronto, Canada, ka Phupu selemong se fetileng. Delmar Smyth, morupeli lefapheng la tsamaiso Univesithing ea York, Toronto, o ile a mema “ma-Baptist” ho tsoa meeeng e mene ea lefatše hore ba kenele ntoa bakeng sa khotso. O ile a bolella “ma-Baptist” hore “khetho ea rona ke ho se kenele ntoa kapa ho khetha ho felloa ke bophelo,” ’me a ba phehella “ho khetha” khotso.
Ho ea ka mantsoe a koranta ea “Star” ea Toronto, Smyth o ile a totobatsa hore “mohopolo oa ho kenela ‘ntoa e molemo’ o ne o sa amoheloe ke Bokreste empa o ile oa qala ho kenella bolumeling nakong ea lekholo la bone la lilemo A.D.” Ho ekeletsa moo, moeta-pele oa “mo-Baptist” o ile a hlokomela hore barutuoa ba pele ba Jesu “ba ne ba sa lumele ho kenella ntoa ’me ba ne ba sa rute ntoa . . . BangoIi ba pele ba Bokreste ba ne ba nyatsa ntoa. Ba ne ba akareletsa ntoa le bobolai.” Bo-ralipale ba mehleng ena ba hlokometse boemo bona ba Bakreste ba pele. Joale, motho oa ipotsa, Na “ma-Baptist” a tla arabela pitsong ea khotso? Ba tla etsa eng nakong ea ntoa?
Babuelli ba Liketsahalo tsa Nako e Tlang ba Fositse
● Ka 1955, bahlophisi ba makasine “Fortune” ba ile ba kopa banna ba tsebisahalang ba Amerika ho etsa lipuello tsa bona tsa bophelo ka 1980. Makasine oa Boston “Sunday Globe” o sa tsoa ngola hape lipuello tsa bona, o bolela hore “ba na le tumelo e matla mabapi le tsoelo-pele e tsotehang bohlaleng bo tebileng le mahlaleng a mang, ho hlahisoeng ha lintho ka bongata le ho eketseha ha matla a dolara ea Amerika.”
Ka 1955, George M. Humphrey, mongoli oa nakong e fetileng oa matlotlo, U.S., o itse: “Re lokela ho tiisa hore selemong sa 1980 dolara e tsebe ho reka lijo le liaparo ho tšoana le kamoo re etsang kajeno, mohlomong e tsebe ho reka tse eketsehileng.” David Sarnoff, molula-setulo oa nakong e fetileng oa Lekhotla la Sea-le-moea la Amerika (RCA) ka cheseho e kholo o ile a re: “Ho eketseha ha lijo le lintho tse ling, thuto e molemo le mokhoa o phahameng oa bophelo le bophelo bo botle ba ’mele—tsena li lokela ho bebofatsa qhoebeshano lilemong tse 25 tse tlang . . . Ha re tsebe hore ke neng kapa hore ke mokhoa ofe o tla hlahisoa ke ‘lefatše le le leng,’ empa ho bonahala hore molao oa lefatše o hatelloang ke mapolesa a lefatše o tla bopa nako eo ea mahlale.” ’Me Henry R. Luce, mohlophisi e moholo oa nako e fetileng oa “Time,” “Life,” le “Fortune,” o ile a eketsa: “Hobane motho a tla be a sireletsehile ka 1980, a na le lintho tse hlokahalang le menyetla e mo bulehetse, o tla nolofalloa ho qalisa lipheo tsa pelo ea hae boemong bo phahameng bo finyeletsoeng ke batho.”
Joale re iponela ka mahlo a rona se tlisitsoeng ke lilemo tseo tse 25. Na liketsahalo tsa lefatše li re susumeletsa ho tšepa naka e tlang e buelloang ke baeta-pele ba lefatše hore batho ba ka phekola maemo a lona? Kapa, ho e-na le hoo, na lintho tsena ha lia lokela ho etsa hore motho ea nahanang a lumele hore ka ’nete-nete re phela “mehleng ea qetello” eo Bibele e boletseng hore e tla ba “bohloko”?—2 Tim. 3:1; bapisa Mattheu 24:3-22.
Ho Rata Borena
● Ho ea ka mantsoe a “Associated Press” nakong eo Mopapa John Paul II a neng a etetse Brazil lehlabuleng le fetileng “o ne a fumana matla bongateng bo boholo ba batho bo neng bo hoa bo re ‘Morena, morena, morena, John Paul ke morena oa rona.’” Empa eitse ha Jesu Kreste, eo John Paul a ipolelang hore ke moemeli oa hae, a le boemong bo tšoanang o ile a itšoara ka tsela e fapaneng. Ha batho ba bona mehlolo eo Jesu a neng a e etsa, ba tsota haholo, ba re: “Kannete enoa ke moprofeta eo ho itsoeng, o tla tla lefatšeng,” ’me Jesu a hlokomela hore batho bana ba ne ba ikemiselitse ‘ho ’mea morena.’ Boemong ba hore a ‘fumane matla’ joaloka ha ho etsa mapolitiki, Bibele e bolela hore “a boela a ea [balehela] thabeng a notši.”—Joh. 6:14, 15, bapisa NW.
Ho totobatsa hore ha ho motho ea lokelang ho iketsa morena kahare ho kereke ea ’nete ea Bokreste, moapostola Pauluse o ile a etsa phapang pakeng tsa ba neng ba leka ho iketsa ona le baapostola ba ’nete, a re: “Hoja le fela le rena, le rōna re tle re rene le lōna! Ke bona e ka rōna baapostola [ho akaretsa Petrose], Molimo o re entse ba ho qetela, joaloka ba ahloletsoeng lefu . . . Lōna lea hlomphuoa, empa rōna rea hlompholloa . . . Re sebetsa ka matsoho a rōna . . . Re fetohile lithōle ho lefatše lohle, le manyala ho bohle, ho fihlela joale.” Na u nahana hore hlaloso ena e buang ka baapostola ba Kreste e ka bonoa ho batho ba ipolelang hore ba mehatong ea bona?—1 Ba-Kor. 4:8-13, Phet. e Ncha.