Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 6/15 maq. 29-30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lengolo la Tšenolo le Bolela’ng ho Lira Tsa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Timetsa Babylona e Moholo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Khotso, Tšireletseho, le ‘Setšoantšo sa Sebata’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 6/15 maq. 29-30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Tokollo ea December 1, 1979, ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) e bua ka Machaba a Kopaneng e le ‘’muso oa lefatše oa borobeli.’ Na ’Muso oa Manyesemane le Maamerika, ’Muso oa Lefatše oa Bosupa, hase oona oa ho qetela ’muso oa lefatše?

Machaba a Kopaneng, e le mohlahlami oa Selekane sa Lichaba sa khale, ke “’muso oa lefatse” ka hore lichaba tseo e leng litho tsa oona, li susumetsa le ho tsamaisa tšusumetso e lefatšeng ka bophara.

Kopano ea Manyesemane le Maamerika, leha ho le Joalo, e tsoela pele pusong ea eona e matla e le ’Muso oa Lefatše oa Bosupa. Le Soviet Union ha e-ea e phahamela ka baka la ho ba le bophahamo ba sesole, lipolotiki le moruo. Bibele e bontša hore ho tla ba teng mebuso ea lefatše e supileng feela kutloisisong ena, ho lumellana le lihlooho tse supileng tsa sebata. (Tšen. 13:1) Ho teng bora le tlholisano pakeng tsa ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika e le “morena oa boroa” le “morena oa leboea” oa tekanyo ea thepa, empa ha ho pontšo ka Mangolo e bontšang hore oa morao o tla nka sebaka sa oa pele e le ’muso oa lefatše oa borobeli pele ba oela timelong ka bobeli.—Daniele 11:40-45.

Leha ho le joalo, ‘mebuso e meholo ka bobeli’ e ’nile ea sebelisana, hammoho le lichaba tse ling tsa lefatše, ntle ho tse seng kae, ho hlahisa le ho boloka mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Hona ho phethahatsong ea boprofeta bo reng sebata se ’mala oa sekarelata, se emelang mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, se boleloa e le “morena oa boroba meno e le ’meli, ’me ke e mong oa a supileng, ’me o ea tahlehong.” (Tšen. 17:9-11) Sebata sena se hlaha se boetse se na le lihlooho tse supileng ho lumellana le mebuso ea lefatše e supileng e bonahetseng lefatšeng makholong a lilemo a fetileng ho tla fihlela kajeno. Empa sebata se ’mala oa sekarelata kaofela ha sona, ho kopanyelletsa le lihlooho, se tšoana le “morena oa boroba meno e le ’meli,” ka hore Machaba a kopaneng ke kofuto e sebelisoang ke lichaba tseo e leng litho ha li leka ho bea thato e kopanetsoeng holim’a lichaba ka kakaretso, ha li ntse li tšoarelletse mebusong ea tsona.

Machaba a Kopaneng ha a na matla a maholo ha e le oona, a bile a se na le masole, ntle ho moo lichaba li etsang tokisetso e khethehileng bakeng sa sena. A hlile a fumana bophelo ba oona le matla ho lichaba tseo e leng litho tsa oona. Ho hlile ho joalo haholo ka ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika o qalisitseng hore ho be teng ka lekhetlo la pele Selekane sa Lichaba joale le Machaba a Kopaneng. (Tšen. 13:11-15) Pele e ea timelong hammoho le lichaba tsohle tse a phelisang, Mangolo a bontša hore ’muso ona oa lefatše oa “boroba meno e le ’meli,” le mekha e tsebisahalang e busang e etella pele e le “linaka tse leshome” tsa sebata, o tla retelehela ho “Babylona e moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ’me o e senye.—Tšen. 17:12-18.

● Ponahalo ea “bana ba Molimo” e etsahala neng, joalokaha ho boletsoe ho Ba-Roma 8:19, hona ka morero ofe?

Ha Pauluse a bolela “khanya e tlang ho bonahala ho rōna,” a supa eena le ‘bara ba bang ba Molimo’ ba tlotsitsoeng, ka ho totobetseng o bua ka khanya e ba tlelang ha ba tsosetsoa bophelong ba leholimo. (Ba-Roma 8:18) Leha ho le joalo, hase ho fihlela ha ‘bana bana ba Molimo’ ba tlotlisitsoeng ba qala mesebetsi ea bona lebitsong la batho ba lefatšeng bafo bana ba lefatšeng ba ’muso ba tla qala ho utloa “ponahalo ea bana ba Molimo.”

Pauluse o bua ka ‘tebello ea pōpo’ e ‘lebeletseng ponahalo ea bana ba Molimo.’ Kahoo batho ba tumelo ho theosa le makholo a lilemo ba ’nile ba laba-labela nako ea ho ‘bonahala’ ha bona, ba tseba hore topollo e tla latela. Harmagedone ke moo ho tla tla ‘topoloho’ ‘ho senoloeng ha Morena Jesu a le leholimong le mangeloi a matla a hae,’ a lefetsa ka ‘mahlomola ho ba etsetsang barapeli ba Molimo mahlomola.’ Hona ke ho timetsoa ha bahlorisi bana. (2 Ba-Thess. 1:6-10) Tšenolo 2:26, 27 e bontša hore batlotsuoa ba tsositsoeng, e le karolo ea “peō” ea phutheho ea Molimo ea leholimo e kang mosali, ba tla kopanngoa le Kreste Jesu ho timetsa ba khopo bana. (Gen. 3:15; Ba-Gal. 3:16, 29; Tšen. 16:14, 16; 19:11-21) Ho latela sena, Diabolose le bademona ba hae ba tla liheloa sekoting. (Tšen. 20:1-3) Ka bahanyetsi ba batho le ba moea ba tlositsoe, topollo e tla ba khōlō khatellong, tekong le mashanong. Ke mona moo ponahalo eo e leng khale e emetsoe ea bana ba Molimo e tla beng e phethiloe, ’me “bongata bo boholo” ba baphonyohi ba batho ba ‘mahlomola a maholo’ bo tla thabela ponahalo ena.

Pauluse o bontša hore ho ameha ho hongata ho feta feela ho felisa bahatelli. Mabapi le ho ‘bonahala ha bana ba Molimo,’ o boletse hore “tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:21) Ke ha Morena Jesu Kreste le majalefa hammoho le eena a tlotsitsoeng maholimong ba qala ho sebelisa melemo ea sehlabelo sa topollo nakong ea puso ea lilemo tse sekete moo bafo ba batho ba ’muso ba tla qala ho utloa topollo liphellong tsa sebe le lefu. Qetellong ea puso eo ea lilemo tse sekete, bafo bohle ba ikokobelitseng ba lefatšeng ba tla be ba thusitsoe ke Jesu le marena a mo tlatsitseng le baprista ho fumana phetheho. Ba tsoelang pele ba tšepahala ho Molimo nakong ea ho lekoa ke Diabolose ea lokolotsoeng le bademona ba hae joale mabitso a bona a tla ngoloa “bukeng ea bophelo.” (Tšen. 20:12-15) Joale ba tla thabela ka ho feletseng ‘tokollo e khanyang ea bana ba Molimo.’ (Ba-Roma 8:19-22) Kahoo morero o moholo oa ‘ponahalo ea bana ba Molimo’ o finyelletsoe.

● Qeto ea hore Moroallo o bile lilemo tse 1 656 kamor’a ho bōpjoa ha Adama e theiloe ho hlahlamaneng ha batho ka lilemo, joaloka ha ho bontša Genese khaolo ea 5. Moo Bibele e bolela hore e mong le e mong o ne a le lilemo li kae pele e e-ba ntate oa mora ea latelang. Empa na mohlomong ba bang ba ne ba sa fete ba bang ka likhoeli li se kae kapa ba le banyenyane ho bona ka likhoeli li se kae, ntho e neng e tla ama kakaretso ea lilemo haholo?

Genese khaolo ea 5 e fana ka letoto le qaqileng la banna ba hlahlamanang ho tsoa ho Adama ho fihla ho Noe. E re bolella hore e mong o ne a le lilemo li kae pele e e-ba ntate oa mora ea hlahlamang. Ka mohlala, ‘Adama a phela lilemo tse lekholo le mashome a mararo, ’me a tsoala Setha.’ (Gen. 5:3) Ka baka leo re na le tlhahlamano ena:

Ho tsoa ho bōpjoeng ha Adama lilemo

ho fihla ho tsoaloeng ha Setha tse 130

Ho tsoaloeng ha Enose “ 105

Ho tsoaloeng ha Kenane “ 90

Ho tsoaloeng ha Mahalaleele “ 70

Ho tsoaloeng ha Jerede “ 65

Ho tsoaloeng ha Henoke “ 162

Ho tsoaloeng ha Methuselah “ 65

Ho tsoaloeng ha Lemeke “ 187

Ho tsoaloeng ha Noe “ 182

Ho tloha ho tsoaloeng ha Noe ho

ea Moroallong “ 600

Kakaretso lilemo tse 1 656

Leha ho le joalo, ba bang ba ’nile ba botsa, ‘Ho thoe’ng haeba e mong le e mong oa banna bana a ne a le monyenyane kapa a le moholo ka likhoeli li se kae: Haeba Adama a ne a le lilemo tse 130 le likhoeli tse 4 ha ho tsoaloa Setha, ’me Setha a le lilemo tse 105 le likhoeli tse 4, joalo-joalo? Ha likhoeli tsena tse ’ne li kopangoa ho ka bolela hore ho bile le lilemo tse ling tse tharo pakeng tsa Adama le Moroallo. Na mohlomong ho bile joalo?’

Ho toba litaba, ha ho lebaka leha e le lefe le utloahalang hore motho a nahane joalo.

E ka be e le ho inahanela feela haeba motho a bolela hore Adama o ne a le lilemo tse 130 le likhoeli tse ’ne nakong eo ho neng ho tsoaloa Setha. E mong a ka ’na a bolela hore Setha ea lilemo tse 105 o ne a le monyenyane ka likhoeli tse ’ne nakong eo ho tsoaloang Enose. Ka baka leo likhoeli tse haellang ho e mong li ka tlatsoa ke tsa eo likhoeli tsa hae li leng ngata kapa ho ka fihloa kakaretsong e tšoanang le e ho Genese.

Empa re se lebale ’nete ena: Bibele ha e fane ka lilemo tsa ho tsoaloa ha banna ba bang ba bangata ba phetseng lilemo tse ngata haholo ho feta Mahalaleele kapa Jerede. Elkana o ne a le lilemo li kae ha Samuele a tsoaloa? Jese o ne a le lilemo li kae ha Davida a tsoaloa (kapa baena ba hae)? Zakaria o ne a le lilemo li kae ho tsoaloeng ha Johanne Mokolobetsi? Kapa Josefa (kapa Maria) o ne a lemo li kae ho tsoaloeng ha Jesu? Bibele ha e bolele. Leha ho le joalo e fana ka lilemo tsa banna ba phetseng pakeng tsa Adama le Noe. Lebaka?

Ho bonahala ho hlakile hore Molimo o ile oa etsa hore linnete tsena li ngoloe Lentsoeng la oona o tseba hore barapeli ba oona ba tla ithuta tsona le ho sebelisa boitsebiso bona. Na ho na le kelello ho nahana hore Molimo o ka fana ka lipalo tse tobileng tseo hamorao li ka ferekanyang batho? Le hanyenyane. Ho fapana hōle le Diabolose, Molimo ha o bue leshano ’me hape ha o thetse. (1 Sam. 15:29; Joh. 8:44) Ha o fana ka linnete kapa lintlha tse itseng Lentsoeng la oona, re ka kholiseha hore li nepahetse hape li ka tšepjoa haeba motho a li sebelisa.

Boitsebiso bo ho Genese 5 bo buang ka ho hlahlamana ha batho bo re thusa ho tseba hore Moroallo o bile ka lilemo tse 1 656 kamor’a ho bōpjoa ha Adama. Hape bo re thusa ho bona lilemo tse sa tloaelehang tseo ba bang e bileng bo-ntate ba bara le hore ba bang ba phetse lilemo tse kae. Leha ho le joalo tlaleho e bolela hore ‘ba ile ba shoa,’ sena se hatella hore kaofela ha rona re hloka sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste. (1 Tim. 2:6; Ba-Roma 6:23) Ka ho lumela Jesu re ka tseba ho phela halelele ho feta Adama (ea phetseng lilemo tse 930) kapa Methuselah (ea phetseng lilemo tse 969). E, re ka phela ka ho sa feleng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela