Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 5/1 leq. 29
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bongata bo Boholo” bo Etsa Tšebeletso e Halalelang Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Ho Ahloloa ha “Seotsoa se Seholo” Hoa Atamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Letšoele la Bongata bo Boholo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Bongata bo Boholo bo Etsang Tšebeletso e Halalelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 5/1 leq. 29

Na u sa Hopola?

Na u hlokometse hantle lintlha tse phahamisitsoeng litokollong tsa morao tjee tsa “Molula-Qhooa”? Ha ho le joalo, ntle ho pelaelo u hopola tse latelang:

● Ke hobane’ng ha ’nete ea hore ho bontšoa “bongata bo boholo” bo sebeletsa Molimo ho “na·osʹ,” kapa “sehalalelo” e sa bolele hore qetello ea bona e leholimong?

Lentsoe la Segerike “na·osʹ” le ka ’na la bolela e seng feela “sehalalelo” se ka hare sa tempele, empa hape le kutloisiso e batsi ea sebaka sohle kapa tokisetso ea tempele. (Esa. 66:6, “Septuagint” ea Segerike; Matt. 27:5, 39, 40; Mar. 15:29, 30; Joh. 2:19-21) Ke mona lebaleng la lefatšeng la tempele ea moea ea Molimo moo “bongata bo boholo” bo se nang palo bo bonoang bo etsa ‘tšebeletso e halalelang.’ “Bongata bo boholo” bo pholoha ‘mahlomola a maholo’ e le sehlopha ’me tšepiso eo bo e phethahatsang hona joale mabapi le kamano ea bona ea moea le Jehova ke hore: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”—Tšen. 7:9-17.—2/15, maq. 16-22.

● Na “tšebeletso e halalelang” e akarelletsa liketso tsa bophelo tsa tsatsi le leng le le leng, tse kang ho hlokomela lelapa la motho, ho itšoara hantle le tse joalo?

Che. “Tšebeletso e halalelang” e amana le seo ka ho toba se sebetsanang le borapeli ba rōna ho Molimo. E akarelletsa bopaki bo reretsoeng le bo sa rereloang, ho kopanela borapeling Liholong tsa ’Muso, ho hlokomela libaka tseo re kopanelang ho tsona, liketso tsohle tse amanang le ho fana ka Libibele le libuka tsa Bibele, hammoho le mahlabelo ao re ka a etsang ho khothalletseng le ho thuseng bana babo rōna moeeng le nameng, ho ipoloka re le mafolo-folo mosebetsing oa Jehova.—2/15, maq. 29, 30.

● Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete e le bohlale ha ba qoba papali ea chelete ka mefuta eohle ea eona?

Ho bapala papali ea chelete molemong oa lintho tse bonahalang, leha e le ka chelete e nyenyane, ho ka hlaolela meharo, ho utsoa le litšobotsi tse ling tse sa lakatseheng tsa nama. Ho khothalletsa botsoa le litholoana tse ling tse mpe, tse ka ’nang tsa sitisa motho hore a fumane mahlohonolo a ’Muso. (1 Ba-Kor. 6:9, 10; Ba-Gal 5:19-23) Bakreste ba lokela ho iphelisa ka mosebetsi o matla, ba talima matlotlo a bona a bonahalang e le ntho e neetsoeng ho Molimo, e seng e ka qhalanngoang pel’a “molimo oa Mahlohonolo.” (Esa. 65:11, 12, “NW”)—3/1, leq. 29.

● Ke joang batsoali ba se nang balekane ba ka loanang ka katleho lefatšeng la kajeno?

Ba ka ho etsa ka ho tšepa Molimo le litšepiso tsa oona, ba boloka kamano ea botho e haufi le Jehova, ’me ba tšoareha mosebetsing o molemo. Ba bang ka phuthehong ea Bokreste ba thusa ho thabisa lipelo tsa bona ka thuso e lerato le e sebetsang.—3/15, maq. 23-30.

● Ke bopaki bofe bo hlakileng boo re nang le bona hore re phetse “mehleng ea qetello” ho tloha ka 1914?

“Pontšo” ea Jesu e fanoeng ho Mattheu 24 le 25 e phethahetse ka ho kholisang. Mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle oa Lipaki tsa Jehova o finyelletse morero oa Molimo ka ho lemosa lichaba le ho bokella “bongata bo boholo” bakeng sa ho pholohela ‘taolong e ncha’ ea Molimo. Ha ho boleloa hona ho hlophisitsoeng ha ’Muso ho fihla tlhorong, Jesu o re “e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—4/1 maq. 20, 21.

● Ho theoha ha metsi a Nōka ea Eufrate pelenyana ho ho oa ha Babylona ho ne ho bolela eng ka boprofeta?

Kajeno, “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e ‘lutse holim’a metsi a mangata,’ a bolelang batho ba e tšehetsang. Empa mehleng ea kajeno ho oa ho bile hoholo, palong ea mohlape le ea baruti le basebeletsi ba bolumeli, haholo har’a Bojakane. Ho tšehetsoa ho ntseng ho oa ha “Babylona e Moholo” ho bontša hore Jehova o tloha a rōmela Cyruse e Moholoanyane, Kreste Jesu, ho phethahatsa kahlolo holim’a “seotsoa se seholo.” (Tšen. 17:1, 4, 15-17)—4/15, 24-30.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela