Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 5/1 maq. 24-29
  • Lilemo Tsa Rona Tse Mashome a Mahlano Tsa Botšepehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lilemo Tsa Rona Tse Mashome a Mahlano Tsa Botšepehi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO POTLAKELA BOBOLELING
  • LITEKO NAKONG EA NTOA EA LAPENG EA SPAIN
  • MATHATA A KAMOR’A NTOA
  • LENYALO KHATELLONG EA K’HATHOLIKE
  • MOROMUOA OA GILEADE O RE BONTŠA HORE RE BOLELE JOANG
  • MAHLOHONOLO A LELAPA
  • LITLHEKEFETSO TSA SEPOLESA
  • TLOKOTISI EA HLAHA
  • TOKOLOHO EO E LENG KHALE E EMETSOE
  • BOTŠEPEHI LE MAHLOHONOLO A MANGATA A BONA
  • ‘Ho Thabile Bohle ba Lulang ba Letetse Jehova’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bophelo ba Maemo a sa Lebelloang Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “Kaha re na le Tšebeletso Ena . . . , Ha re Tele”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • “Jehova o Mpholositse Nakong e Thata ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka”
    Lipale Tsa Bophelo Tsa Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 5/1 maq. 24-29

Lilemo Tsa Rona Tse Mashome a Mahlano Tsa Botšepehi

Kamoo ho boletseng Ramón Serrano

“RAMÓN, na ua tseba hore Bibele e re moea oa rōna oa shoa, le hore mollo oa lihele ha o eo?”

Polelo eo ea Francisca Arbeca, mosebeletsi oa lelapa ea sa tsebeng ho bala le ho ngola ea nthiba metsamaong ea ka. Ea e-ba moo litaba li fetohang bophelong ba moena oa ka, Francisco (Paco), le ba ka. Ke ne ke le lilemo li 15 ka nako eo, ka 1932.

’Mè oa rōna, mosali oa morapeli, o ne a re isa sekolong se haufi le moo sa Baptist se mona Barcelona, Spain. Ke moo Monghali Rosendo, tichere le ’moleli a ileng a kenya ka ho rōna lithuto tsa Maprostanta tsa ho se shoe ha moea le tlhokofatso ea mollo oa lihele. Mosebeletsi oa lelapa, Francisca, eena o ne a kopanela le sehlopha sa moo sa Lipaki tsa Jehova.

’Mè a phakisa a re isa libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, tse neng li tšoareloa lapeng la motho. Ho se seng sa tsona, ka khahloa haholo ke tlhaloso ea hore Kreste ‘ka lefu la hae . . . [o tla] felisa ea nang le ’muso oa lefu, ke hore, Diabolose.’ (Ba-Heb. 2:14) Haeba Diabolose a tla felisoa, ka ipotsa hore na ke joang mollo oa lihele o ka hlokofatsang ka ho sa feleng? Hamorao ha ke hlahisa potso ena ho Monghali Rosendo, a hla a halefa hobane a se na karabelo.

HO POTLAKELA BOBOLELING

Re kholisehile hore re na le linnete tsa Bibele tse ka fumantšang ba bang molemo ha ba li tseba, ’na le Paco, ka thuso ea Paki e ’ngoe, ra qala ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ ka ntlo le ntlo. (Matt. 24:14, NW) Ke ne ke le lilemo li 17, tsa Paco li le 13. Ha moena e moholoanyane a sebetsa motse o haufi le oo oa Badalona, ra sebetsa Barcelona, le Tarrasa, motse o ka bang hole ka lik’hilomithara tse 31. Hoo ho ne ho emela sebaka sa baahi ba ka bang 750 000 ba shebaneng le rōna! Leha ho le joalo, ha rea ka ra ikutloa re le lihlong. Ra tseba hore ke mosebetsi oa Morena ’me ra tsoella le oona.

Ka nako eona eo ra qala ho sebelisa likramafono ka lirekoto tsa lipuo tsa Bibele tsa Moena Rutherford tse fetoletsoeng ka Spanishe. Ka linako tse ling mochine o ne o felloa ke matla pele rekoto e felella. Ke sa hopola mohla Paco ka ho thothomela a bilikisang mochine hore o ’ne o tsoele pele. Lintho li fetohile haholo mehleng ena ea motlakase.

LITEKO NAKONG EA NTOA EA LAPENG EA SPAIN

Ho tloha ka 1930, boemo ba lipolotiki ba Spain ba thekesela haholo. Morena a baleha naheng ka 1931 ’me ha boleloa hore naha ke riphabliki. Empa batho ba arohana ka maikutlo tabeng ea khang eo ’me lehloeo la bopolotiki la hlahlella pooaneng. Ka Phupu 1936, ntoa ea lapeng e sisimosang ea qhoma ’me, re le Catalonia, ra iphumana re le ka lehlakoreng la naha le sa emeleng boruti le emelang riphabliki. Ho sa tsotellehe liketso tsa bokhopo, leha ho le joalo, ra tsoela pele ka mosebetsi oa rōna oa boboleli ba ntlo le ntlo.

Ka letsatsi le leng, ha re ntse re paka Horta, mathokong a Barcelona, ra nkoa ke motho oa Lekomonisi ’me ra isoa ntlo-kholo ea moo ho ea botsisisoa. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 18 ’me tsa ngoan’eso li le 14. Ra khoahlapuoa ke ofisiri ea moo, e ileng ea nka libuka tsa rōna ’me ea re hlokomelisa hore re se senye nako ea rōna re bolela. Ka bolelloa hore ke tlameha ke be ke le meleng ea ntoa ke loana le ba bang. Ke ka lekhetlo la pele re neng re utloa liphello tsa ntoa ena ea ka har’a naha. Re le bacha, ra sisinngoa ke phihlelo ena, empa ra tseba hore re tlameha ho tsoela pele re bolela ‘litaba tse molemo.’

Ka nako eo—selemong sa 1936—re ne re sa hlakeloa ke ho se jele pate ha Bokreste joale ka kajeno. (Joh. 15:19) Taba ena ha e ka ea hlakisoa ho Molula-Qhooa oa Spanishe ho fihlela ka Tlhakubele 1940. Hoo ke neng ke ho tseba feela ke hore nke ke ka bolaea kaha ke Mokreste.—Ex. 20:13.

Ka 1937, ke le lilemo li 19, ka biletsoa ho ea sesoleng sa lebotho la riphabliki. Pele, ho qoba ho kopanela khohlanong ena, ka ipata. Kamor’a likhoeli tse robeli ka fumanoa ’me ka qosoa ke Lekhotla la Ntoa le phahameng. Moea oa nako ea ntoa o ne o phahame hakaalo hoo batsoali ba ka ba neng ba kholisehile hore ke tla bolaoa. Kamoo ho bileng kateng, ka ahloleloa lilemo tse 30 teronkong. Likhoelinyana ke le teronkong, ka lokolloa ’me ka rōmeloa lebothong le Lerida. Ho ne ho itokisetsoa ntoa e khōlō moo.

Kabelo ea ka ea pele ea e-ba ka ofising, ho neng ho bolela hore nke ke ka sebelisa lihlomo. Boemo boo ba fetoha kapele ha sehlopha sa rōna se laeloa ho ea ntoeng, haufi le motsana o bitsoang Sarós, nōkeng ea Segre. Joale, ka iphumana ke le tlas’a mollo joaloka lebotho lohle. Ka lekhetlo le leng ha re ntse re ipatetse likulo mokoting o sa tebang, ka lehlakoreng le leng le le leng ho ’na ho ne ho eme sajene ea hoang hore ke nke sethunya ke thunye. Ka iphapanyetsa taelo. Kamor’a metsotsoana ba ne ba rapaletse ba shoele moo ba leng teng.

Qetellong, sehlopha sa rōna sa checha, kamor’a libeke tse tharo re le tseleng, ka hapuoa ke mabotho a Mataliana a Littorio, a neng a loana le lebotho la sechaba la Franco. Ke le motlamuoa ka ka ka phomola khatellong ea ho kopanela ntoeng. Joale e ne e le mathoasong a 1939 ’me ke abetsoe ho ea kampong ea mahloriso e Deusto, Vizcaya, ka leboea ho Spain. Empa mathata a ka ha a ka a fella moo. Nakong ea lijo re ne re tlameha ho ema le ho bina lifela tsa Mafasi le ho etsa tumeliso ea Mafasi ea letsoho le phahamisitsoeng. ka itulela ka morao ’me ka bohlale ka ’na ka ja. Ka lehlohonolo, ke hlile ke mo khutšoanyane ’me kahoo ha ho ea ileng a ntlhokomela. Hamorao, ka isoa mosebetsing lebothong la taeo. Moo ka laeloa hore ke lumelise ka tumeliso ea Mafasi le ba bang. Ka mabaka a letsoalo, ka hana ho kopanela ho seo ke nkang hore ke ketso ea borapeli ba litšoantšo. Batlamuoa ba bang ba nahana hore kea “hlanya.” Ka Spain e le ntoeng ea ka lapeng, boitšoaro ba ka bo ne bo lekana le ho ipolaea.

Ka emisoa ka pel’a bohle ’me ka laeloa ho lumelisa ka Sefasi. Ka hana. Ofisiri ea nkotla ’me ea leka ho phahamisa letsoho la ka ka ho nqobella, empa ea sitoa. Joale ka tlamelloa mokotla o boima oa lehlabathe mokokotlong ’me ha thoe ke mathe ke pota-pota ha ke shapuoa maotong ka lebanta. Qetellong, ka ilibana ’me ka oa eaba ke isoa boinotšing. Ho imatlafatsa moeeng, ka qala ho ngola litemana tsa Bibele leboteng. Liofisiri tse peli tsa tla ’me tsa leka hore ke etse tumeliso. Ho hana ha ka ke tiile ho etsa ntho e “bonolo” joalo ha ba makatsa, haholo kaha ke ne ke tla tloha ke lokolloa haufi. Qetellong, ka isoa ka pel’a sehlopha sa liofisiri le lingaka tsa sesole, tse ileng tsa nthomella sepetlele hore ke hlahlojoe hore na ke phela hantle kelellong. Libeke hamoraonyana, ka lokolloa ’me, ka ’Mesa 1939 ka rōmeloa hae kaha ntoa e ne e letse. Liphihlelo tseo tse tšosang joale li ne li fetile, ’me kamoo ke tsebang ke ne ke tšepahetse.

MATHATA A KAMOR’A NTOA

Ntoa ea ka lapeng ea Spain ea lala ka la 1 ’Mesa, 1939, empa maqeba ao a eona a tsoela pele ho hlehla ka lehloeo ka lilemo kamorao ho moo. Letsoalo la boiphetetso le tatolo la busa hohle. Ha busa moea oa tšoho, o phahamisoa ke tšenyo ea ntoa le khaello ea lijo.

Boemong bona ka khutlela Barcelona ho fumana liboka tsa batho ba Jehova li ‘phuthahane’ ’me mosebetsi oa bona oa ho bolela o khaolitse. Ntle ho ho senya nako, ’na le Paco ra lumellana le ba bang ho qalisa liboka hape lapeng ha Paquita Arbeca. (Ba-Heb. 10:24, 25) Re ne re li tšoara ka Sontaha, re thea lithuto tsa rōna Bibeleng, Molula-Qhooa oa khale le libuka tse kang Government, Deliverance le Riches. Mosebetsi oa rōna oa ho bolela o beoa bopaking bo sa rereloang.

Ka baka la ho qhoma ha ntoa ka 1936, kopano ea rōna le Watch Tower Society e Brooklyn New York e ne e qhalane. Le hoja ntoa e ne e letse, re ne re sitoa ho ngollana le Mokhatlo. Hobane’ng? Kaha mangolo a ne a hlahlojoa ke molao ’me batho ba qobelloa ho ngola mapetjo a bochaba mekotlaneng ea mangolo. Eaba ho bonahala ho le molemo ho rōna hore re qobe ho ngola mangolo.

Ka 1946 khatiso ea Spain ea kenyelletsa litaba tse buang ka Kopano ea Lichaba tse Thabileng tsa Puso ea Leholimo ea Lipaki tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Cleveland, ohio, U.S.A. Hoo ha tsosa tšepo ea rōna. Ka nako eo ho ne ho se ho sa hlokahale mapetjo. Ka cheseho, ra ngolla Mokhatlo ho o kōpa litaba tse ling. E bile thabo e kaakang, libeke hamorao, re ile ra fumana lengolo le sephutheloana sa limakasine! Qetellong, ’nete e ncha ea Bibele e ne e kena tšimong ea rōna e omelletseng.

LENYALO KHATELLONG EA K’HATHOLIKE

Selemo sa 1946 e bile sa thabo ho ’na le Paco ka lebaka le leng. Ke ne ke le lilemo li 29 ’me tsa Paco li le 25 ’me ka bobeli re ne re ferehane le banana ba Catalan, Carmen le María, bao ka bobeli ba neng ba ithuta Bibele ba ea libokeng. ’Na le ngoan’eso re ne re le seli haholo ho nyala “feela Moreneng,” ’me kahoo re ne re mamelletse. (1 Ba-Kor. 7:39) Bone ba rōna re ne re batla ho chata ka letsatsi le le leng. Bothata bo ne bo le bong feela. Tšebeletso ea lenyalo e neng e le teng feela mehleng eo e ne e le ea Sek’hatholike. Potso e le hore, na re ka qoba tšebeletso ea K’hatholike? Qetellong ra fumana moprista eo ka ho nahanela a neng a utloisisa ho lumella tšebeletso e bonolo kerekeng ea hae, ntle ho liketso tsa bolumeli. Ho itšireletsa, mohla letsatsi la lechato a ba sieo ’me a tlohela litaba matsohong a mohlokomeli oa litšebeletso. Eaba ka Mphalane, 1946, ke nyalana le María Royo le Paco a nyalana le Carmen Parera.

MOROMUOA OA GILEADE O RE BONTŠA HORE RE BOLELE JOANG

Ka Tšitoe 1947, John Cooke, ea neng a rupetsoe ho ba moromuoa Sekolong sa Gileade, a fihla Barcelona. Ka ’nete, pele a fihla, liboka tsa rōna li ne li tšoana le likhang. Empa a re bontša hore na lipokano tsa Bokreste li lokela ho tsamaisoa joang, ’me ba neng ba sa ho ananele ba phakisa ba ikela.—1 Ba-Kor. 14:33.

Joale ha tla phephetso ea sebele. Moena Cooke a re bolella hore re tlameha ho qalisa ho bolela ka ntlo le ntlo haeba Spain e tla ke e akaretsoe ka “litaba tse molemo.” Ra mo bolella hore “E tlameha ebe ua hlanya, Moena Cooke!” “U ke ke ua bolela joalo mona Spain ea Franco. Mohlomong u ka ho etsa London kapa New York, e seng mona!” Ha a bona hore ha rea ikemisetsa ho ineela, a etsa joang? A ikela a le mong ’me a re bontša hore ho ka etsoa. Ra hlajoa ke lihlong ’me ra kena tšebetsong. Haeba eena, molichaba, ka leleme la hae le sa hlakang hantle, a ithaopela ho bolella batho bahabo rōna, le rōna re ka ho etsa. A re ruta kamoo re ka bolelang ka bohlale, re sa etele matlo ’ohle a mohahong empa ho e-na le hoo, re ea koana le koana sebakeng hore re se tšoaroe ke sepolesa.

Batho ba bangata Barcelona eohle ba arabela molaetsa oa rōna, ka potlako sehlopha sa rōna ea e-ba phutheho. Ha nako e ntse e feta, ra thea liphutheho tse ’maloa motseng. Ka katoloso e ntle hakaalo, Paco le ’na ra fihlela qeto ea hore ‘re ka atoloha’ ’me ra ea metseng e haufi le moo ea Hospitalet le Prat de Llobregat le metse e meng e sikileng le lebopo la leoatle, hore re ka phahamisa mosebetsi oa bopaki haholoanyane moo. Ha re hetla morao hona joale, ruri ke ho khotsofatsang ho bona hore ho teng liphutheho tse khōlō tse 52 motseng oa Barcelona, tse 9 Hospitalet le metseng e meng e mengata e sikileng le lebopo la leoatle, moo re bileng le ho sebeletsa re le baholo. Bonneteng, ha re itlotlise ka keketseho ena empa re thabela hore re bile le karolo teng.—1 Ba-Kor. 3:5-9.

MAHLOHONOLO A LELAPA

Ka la 10 Phuptjane, 1951, e bile letsatsi le leholo bakeng sa lelapa la rōna. Letsatsing leo, letangoaneng la serapa sa Moena Brunet, re ile ra kolobetsoa ka bohlano ba rōna—Carmen, María, Paco le ’na, hammoho le ’mè oa rōna. Maemo a ne a entse hore re emele nako eo e thabisang ka lilemo tse telele.

Lilemong tse thata tsa bo1950, ’na le María re bile le mahlohonolo a mararo a totobetseng—ho tsoaloa ha bana ba rōna ba bararo, David, Francisco (Paquito) le Isabel. Hona ha re jarisa boikarabelo bo boima ba ho ba ruta ‘ka tsela e tšoanelang hore ba tsamaee ka eona,’ re tseba hore, haeba ho ka etsahala, ha ba hōlile, ba ke ke ba e furalla.—Liprov. 22:6.

LITLHEKEFETSO TSA SEPOLESA

Ka 1955, ’me ho thulana le leeto la Moena F.W. Franz, ha etsoa litokisetso tsa ho tšoara kopano ea lekunutu merung ea lithaba tsa Tibidabo, tse shebileng Barcelona. Likopano tsa rōna ka tloaelo re ne re li tšoara joaloka mekete ea boithabiso, bakeng sa ha mapolesa a ka re oela. Tabeng ena, “mokete” o ne o hōla hoo o qetellang o na le ba fetang 500. Khoreletso e ’ngoe e le hore ba sepolesa ba ne ba futuhetse ntlo ea moena beke pele ho moo ’me ba nkile “Informant” eo kenyeletso ea eona e neng e tsebahatsa ka litokisetso tsa kopano ena. ’Na le Maria re bile teng “moketeng” le bara ba rōna ba banyenyane, David le Paquito.

Lenaneo la tsoella hantle ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bonahala e lokile ho fihlela ha ka tšohanyetso re bona banna ba bane ba matha leralleng, e mong a nkile sethunya. Ba re laela hore re se sisinyehe. E, u nepile, e ne e le mapolesa a sa apara seaparo. Ba nahana hore ba hlile ba tšoere ba lihang ’muso, ba re kolokisa kaofela ha rōna—banna, basali le bana—makoloing a emeng ’me ba re isa ntlo kholo ea sepolesa ho itsebahatsa le ho botsisisoa. Inahanele ho teneha ha ba bang ho bona ha ba hlokomela hore ba khathalitse malapa a se nang khopiso a neng a phuthehile ho ithuta Bibele, ho e-na le ho ba sehlopha sa lekunutu sa bopolotiki. Le hoja ho sa ka ha hlaha letho, phihlelo ena ea sebeletsa ho re tiisa botšepehing ba rōna le ho re thusa ho ananela tšireletso ea Jehova.—Pes. 34:7.

TLOKOTISI EA HLAHA

La 1963 bana ba rōna, David, Paquito le Isabel, ba ne ba le lilemo tse 13, 11 le 9 ka ho latellana ’me ba tsoela pele hantle ’neteng. Re ne re thabela ho ba bona ba kopanela tšebeletsong ea tšimo le ho thabela le rōna liboka tsa thuto ea Bibele tseo re eang ho tsona malapeng.

Ka letsatsi le leng ka Tlhakubele selemong seo Paquito a fihla lapeng a tsoa sekolong a Ila ka hore o tšoeroe ke hlooho e bohloko haholo. Kamor’a lihora tse tharo a be a shoele ke “meningitis.”

Tahlehelo ena e ne e re amme haholo hoo ke sa tsebeng hore na re tsebile joang ho lokisetsa phupu, hobane le hona mona re ile ra tlameha ho thulana le Kereke e K’hatholike. Ka ho totobetseng, re ne re batla phupu ea molao, ’me re ne re lokela ho e fumanela tlhakiso e tsoang ho moprista oa sebaka. Ka lengolo le bontšang hore re ba bang ba Lipaki tsa Jehova mokoallo oo oa tlosoa.

Baena, metsoalle bahoebi bao ke tloaelaneng le bona ba ba teng lapeng ka palo e fihlang ho sekete. Nahana hore na hona ho ile ha tsosa pherekano e kaakang. Sephethe-phethe sa emisoa ’me batho ba botsa hore na ke motho ofe oa bohlokoa ea shoeleng. Motho eo oa bohlokoa e ne e le mora ea ratehang oa rōna, Paquito. Ke tsebo ea tsoho feela e ileng ea re tiisa nakong ena e thata haholo. (Joh. 5:28, 29; 11:23-25) Joaloka batsoali ba lerato, ’na le Maria re hlōloheloa letsatsi leo la ha re tla bona moshemane oa rōna hape ’me re tsoele pele ho mo ruta, empa e le tsamaisong e ncha ea lintho e tšepisitsoeng ke Molimo bakeng sa lefatše lena.—2 Pet. 3:13; Esa. 25:8, 9.

Libeke tse peli kamor’a phupu, ka biletsoa ntlo kholo ea sepolesa ’me ka botsisisoa ka lihora tse peli. Baemeli ba sona ba ne ba ntse ba hloelisa letšoeleng la phupu ’me ho hlakile hore ho ba teng ha Lipaki ka bongata ho ile ha ba etsa hore ba nke bohato. Lipotso tsa bona e ne e le boiteko ba ho fumana litaba ka baena ba tsamaisang mosebetsi Spain ka nako eo. Ka lemoha mano a bona ’me ka ikemisetsa hore nke ke ka bua letho le ka lohellang mang kapa mang e mong. Ka kotloloho, ka ba bolella hore ha ke Judase. Le hoja ba ile ba ntšosa ka kotlo e boima, ho ne ho se seo ba ka nqosang ka sona, ’me tšoso ea bona ea hlōleha.

TOKOLOHO EO E LENG KHALE E EMETSOE

Ka 1967 ’muso oa Spain oa ananela molao oa tokoloho ea borapeli, o ileng oa nea litumelo tseo e seng tsa Bok’hatholike tokoloho e khōlō. Ra ipotsa hore na Lipaki li tla fumana molemo ka molao ona ebe li eloa hloko ke molao. Hore boemo ba rōna ba ho bolela ka ntlo le ntlo le hore ho se jele pate ha Bokreste e ne e le tšitiso bakeng sa ba boholong ba lipolotiki le ba bolumeli ha bonahala ka ho hlakileng ha ho ngolisoa ha rōna ka molao litumelong tseo e seng tsa Bok’hatholike ho liehisoa ho fihlela ka Phupu 1970.

’Na le Paco re ne re emetse letsatsi leo ka lilemo tse fetang 30. Joale re ne re ka sebelisa bolumeli ba rōna tlas’a molao, ntle ho tšabo. Nahana kamoo re ileng ra thabela ho ba teng ha ho khakoloa Holo ea ’Muso ea pele ea Barcelona, ka Tlhakola 1971. Lipelo tsa rōna tsa hohomoha ke thabo mohlang oo ha re kopanya mantsoe a rōna ho bina lipina tsa ’Muso, ntho eo Lipaki tsa Jehova li neng li sa tseba ho e etsa Spain ka lilemo tse ngata.

BOTŠEPEHI LE MAHLOHONOLO A MANGATA A BONA

Ha ke hetla morao lilemong tse ka bang mashome a mahlano tšebeletsong ea Jehova, ke tlameha ho lumela hore mosa o lerato oa hae le tlhohonolofatso li bile le rōna ha re leka ho tsamaea tsela ea botšepehi. (Pes. 26:1-3) O re hlohonolofalitse le María ka bana ba tšepahalang ba tsoelang pele litseleng tsa ’nete. Ho tla fihlela kajeno, re lelapa le thabileng le le kopaneng. Mora oa rōna, David, o ile a isoa litlamong ka 1972 ka baka le boemo ba hae ba Bokreste ba ho se jele pate. O ne a tloha lapeng ka lekhetlo la pele ’me e bile phihlelo e bohloko pelong ho rōna bohle. Empa re ne re utloisisa lebaka ’me ra matlafala ke ho bona a tšepahala joaloka Mokreste ka lilemo tse tharo a le litlamong. Ha a lokolloa ka 1976, a ba le tokelo e ’ngoe ea ho sebeletsa Bethele, mesebetsing ea Watch Tower Society mona Barcelona. Hamorao a nyalana le ngoanana ea ineetseng oa Mokreste ea neng a sebeletsa le eena moo ka nakoana. Haufi, re bile le lehlohonolo le thabisang la ho ba le setloholo sa rōna sa pele, Jonathan.

Ka 1976 morali oa rōna, Isabel, a qala ho paka e le pula-maliboho (’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso.) Hona joale o tsamaea le monna oa hae mosebetsing oa potoloho, ba etela liphutheho tse mona Catalonia.

Jehova o re matlafalitse har’a liteko tse ngata tse thata ho theosa le lilemo. ’Me ruri re batho feela, ba nang le mefokolo e tloaelehileng ho batho bohle. Leha ho le joalo, liphihlelo tsa rōna re le lelapa li re rutile tiisetso ea ho itšetleha ka Jehova le ho emela hosebetsahala ha thato ea hae. Re ikemiselitse ho tsoela pele ho phethahatsa qeto ea Davida e boletsoeng ho Pesaleme ea 26:11, 12: “Ha e le ’na, ke tla ’ne ke tsamaee ka toka ea ka; u mpoloke, u nketse ka mohau! Leoto la ka le tiea tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova liphuthehong.”

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Francisco (ka leqeleng), le Ramón Serrano

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela