Lesotho Lefatše la Lithaba le Utloa ‘Litaba Tse Molemo’
HA U qala ho bona Lesotho, ebile e le ha u tsamaea ka har’a Afrika Boroa, u tla bona mokoloko oa litlhoro tse sielaneng sebaka seka meno a saga tse maphao-phao sebakeng. Ntle ho sebaka se fokolang se nammeng ka bophirima, Lesotho boholo ba lona ke lithaba. Le finelletsoe pelong ea Lithaba tsa Drakensberg, tsona tse etsang mokokotlo oa Afrika e ka boroa.
Sebaka sa lona ke limaele tse lekanang kahohle tse 11 720, ke le leng la linaha tse nyenyane haholo tsa Afrika, ’me le na le baahi ba ka bang 1 100 000. Le busoa ke tona-kholo le Lekhotla la Sechaba le latetseng mokhoa oa Bophirima, hape le na le morena e moholo, Moshoeshoe 11. Kahoo, le bitsoa “Lefatše la Lithaba.”
Ho bonahala eka Lesotho ke eona naha e batang ka ho fetisisa Afrika. Mariha a bata haholo ka lithabeng, ka litlhoro le makhalo li koahetsoe ke lehloa hangata. Na ho na le mohla u kileng ua nahana ka ho thelelisa lehloeng Afrika?
Ka bo-1820 sebaka se ne se le taolong ea moloko o monyenyane tlas’a Morena Moshoeshoe I. Ka nako eo, morena ea ratang ntoa oa Lezulu ea neng a bitsoa Chaka o ne a futuhile ka bochabela, ’me mesaletsa ea meloko e hlōtsoeng ea neoa setšabelo ke ’muso oa Moshoeshoe. Qetellong, hona ea e-ba motheo oa Lesotho. Beng ba naha ba tsejoa e le “Basotho” (“Mosotho” ha a le mong) ’me puo eona ke “Sesotho.”
Lesotho ke phio e keneng ka har’a Afrika Boroa boholo karolo e khōlō ea eona, empa hape e kena ho naha e ncha ea Transkei. Naha e kenoa haholo le ka bophirimela, moo motho a kenang a khanna le borokhong bo bosesaane Nōkeng ea Mohokare. Motho o lumelisoa ke letšoao le reng Kena ka Khotso. Maele ho tloha moo, motho o kena Maseru, Motse-moholo o monyenyane.
Maseru (baahi ba ka ba 17 000) e na le motsoako oa tsoelopele ea bophirima le bophelo ba Seafrika. Mehaho ea kajeno e ikhohla ka mahetla le matlo a manyenyane a mobu; mehlape ea likhomo e thibela sephethe-phethe litseleng; ka linako tse ling linku li kena ka lirapeng ’me li ja lipalesa.
‘LITABA TSE MOLEMO’ LI FIHLA LESOTHO
Ke mathoasong a bo-1940 ha ‘litaba tse molemo’ li fihla Lesotho. Banna ba babeli ba Basotho, ba neng ba sebetsa Afrika Boroa, ’me ba fumane ‘litaba tse molemo’ teng, ba khutlela Lesotho ka 1942 ’me ba qalisa ho jala molaetsa oa ’muso ka cheseho e khōlō. Ka 1951 ho ne ho le teng liphutheho tse hlano tse nyenyane le lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo tse ka bang 63, ho akarelletsa baboleli ba nako e tletseng ba 10 ba ‘litaba tse molemo.’
Maseru ka boena e na le phutheho e khōlō e nang le bahoeletsi ba 125 ba ‘litaba tse molemo’ le Holo ea ’Muso e ntle. Hape ho teng banyalani ba bane ba baromuoa ba jalang ‘litaba tse molemo’ ho batho ba Basotho le lequloana le kopakaneng la balichaba. Ka balichaba, ba bangata ba kene mananeong a thuso a tsamaisoang ke mokhatlo oa Machaba a Kopaneng le e meng. Kahoo baromuoa, ha ba sebetsa Maseru, ba tlameha ho ba le libuka ka lipuo tse ngata.
Ka lakhetlo le leng mosali oa Mochaena, ea neng a bua Senyesemane se fokolang, a thabela ho eteloa ke baromuoa. A ba bontša tokollo ea morao-rao ea Molula-Qhooa oa Sechaena, a re: “Ke rata makasine haholo.” O ne a o fumana e le mpho ea peeletso e fanoeng ke moromuoa ea Taiwan. Ha qalisoa thuto ea Bibele le eena.
Ho bolela har’a batho ba Basotho ho fapane haholo ho ho pakela balichaba. Matlo ka boona a fapane haholo. Hangata, ke matlo a hahiloeng ka lithupa le mobu, a ruletsoe ka joang. Mobu o litseng ka ntle hangata o etsoa litema tse ntle le tse rarahaneng. Fatše ho liloa ka bolokoe, boo, kamoo ho leng kateng, bo tieang ’me bo be boreleli ’me ha bo nkhe.
Ka tloaelo Basotho ba botsoalle ba bile ba amohela baeti. Ba Bophirimela hangata ba tatile ba bile ba fetana feela, ha Basotho ba ho nka e le mekhoa e mebe, ruri e le ho hloka hlompho. Ha motho a etela malapa Paki e memeloa ho lula fatše; ke ho hloka hlompho ho emisa baeti hore ba bue ba eme. Joale moeti o tlameha ho lumelisana le mong a ntlo le ho qoqa le eena ka mokhoa o itlhomphileng ka bokhutšoanyane. Ho nka nakoana ho botsa ka tloaelo ka bophelo, le hore na motho o tsoa hokae, hore na motho o na le bana ba bakae, le tse joalo. Ke kamor’a nako eo ’moleli oa ’Muso a ka qalisang ho bua ka ‘litaba tse molemo.’ Hangata lelapa le bōkana kaofela ho tla mamela.
E, Lesotho bophelo bo ikela butle-butle—ha ho motho ea potlakileng. Ha u fapana le motho e mong tseleng, le hoja u sa mo tsebe, ke tloaelo ho ema le ho lumelisana le ho qoqa ka bokhutšoanyane. Empa ho baromuoa ho etsa litaetsano ke teko—ha ho mohla batho ba bolokang nako!
SEBAKA SA LITHABA
Sebaka se nammeng se ka bophirima, moo Maseru le metsana e meng e leng teng, se sesesane. Ho elella ka Bochabela ke lithaba—li sohlokehile li bile li le matsoatlare boholo ba tsona. boholo ba naha ena e ntle bo kenoa ka litsela tse tšesaane. Seporo sa terene se tsoang Afrika Boroa se fella Maseru ’me kahoo se maele feela. Ho na le mebila e seng mekae ka lithabeng. Boholo ba eona ke kerabole, ka makhalo a tebileng haholo libakeng tse ling. Ho hlokahala koloi e hulang ka matla. Lekhalo le leng ke ka nepo le bitsoang “Molimo Nthuse.”
Ka baka leo, Lesotho ke e ’ngoe ea linaha tse sebelisang lipere haholo lefatšeng ’me poni ea Basotho e thata le e leoto le tiileng ke mofuta o tsebisahalang Afrika e ka boroa. Ka lithabeng ho tloaelehile ho bona moahi oa sebaka a ithatetse ka kobo ea hae e ntle, hloohong a beile katiba ea hae ea joang, a palame poni ea hae ’me a sisinyeha hamonate tseleng ea hae. Lipokola le tsona li nka karolo ea bohlokoa ho tsamaiseng lintho Lesotho. Ka linako tse ling li jarisoa patsi e boima, thepa ea ntlo kapa mojaro o mong oo pokola e nyenyane le e mamellang e sa bonahaleng ho hang.
‘Litaba tse molemo’ li ile tsa fihla joang metsaneng ena e hole, le lithaba tse kenoang ka thata?
Ke tholoana ea boemo bo futsanehileng ba moruo ba Lesotho bo bakelang banna ba bangata hore mohlomong ka lilemo tse peli kapa selemo ba batle mosebetsi Afrika Boroa, haholo-holo merafong ea gauda. Ha ba le merafong, ba bang ba amohela molaetsa oa Bibele ho Lipaki tsa Jehova ebe ba o fetisetsa ho malapa a bona le metsoalle ha ba khutlela hae.
Empa molaetsa oa ’Muso o fihlile libakeng tse thōko-thōko tsa lithaba ka litsela tse ling. Paki e ’ngoe ea fumana mosebetsi oa litsela tseleng e eang Mantšonyane, hare lithabeng. Paki ena e chesehang ea buisana le bohle bao e kopanang le bona ka ‘litaba tse molemo.’ A qalisa lithuto tsa Bibele le ba bang bao a sebetsang le bona ’me a hlophisa thuto ea sehlopha ha ba lula litenteng tsa tsela. A boela a bolella le batho ba motseng. Ha a bona kamoo ba arabelang. moena enoa a fumana mosebetsi Mantšonyane, ha fella ka hore ho theoe sehlopha sa baboleli ba mafolo-folo ba ‘litaba tse molemo.’
Balebeli ba tsamaeang ba Maafrika le bona ba entse mosebetsi o motle oa ho jala ‘litaba tse molemo’ ka lithabeng. Ho fihla motsaneng oa Ha Tebesi, moo ho leng teng baboleli ba babeli feela ba ’Muso, molebeli e mong a tsamaea ka lihora tse 22. Ha a le tseleng ho ea moo, a robaletsa le ho fumana se nooang bosiu motsaneng o mong. Kapele ntlo e nyenyane ea tlala batho ba sebaka seo ba neng ba thabela ho utloa molaetsa. Ka le hlahlamang beng ba motse ba mo alima lipokola tse peli ho mo thusa ho phetha leeto la hae. Ha a fihla Ha Tebesi, ho ne ho tšoaroa liboka tse atlehileng letsatsi le leng le le leng mantsiboea, ’me qetellong ha e-ba teng batho ba 62 puong ea phatlalatsa.
Leetong le latelang molebeli ea tsamaeang a sebelisa pere ho jara mochine oa hae oa lislide, likobo tsa hae le thepa e ’ngoe. Nakong eo e khutšoanyane eo a e lutseng batho ba bangata ba tla botsa lipotso tsa Bibele le ho kōpa thuto ea Bibele. Ha ho bontšoa litšoantšo batho ba 86—hoo e ka bang motse kaofela—oa e-ba teng.
Ho fihla libakeng tse thōko joalo le tse qalikaneng tsa lithaba ho hloka mosebetsi o thata le boitelo. Bao lipelo tsa bona li khannoang ke lerato la Molimo le bao ba ahisaneng le bona ba tlameha ho tsamaea libaka tse telele ho fetisetsa ‘litaba tse molemo’ ho ba bang. Hangata bo-’me ha ba siee bana ba bona ba masea lapeng empa ba ba pepa ka mokhoa oa Seafrika. Ka linako tse ling bo-ntate ba lerato ba pepa bana, ba hlokomela hore bo-’me ba khathetse. Hona ho thusa batho ba moo ho bona ho nahanela ho lerato ha bo-ntate ba bakreste bakeng sa malapa a bona.
Lipaki tsa Quthing, haufi le moeli o ka boroa bo ka bophirima oa Lesotho, tsa atleha ho thea phutheho e ncha ka tsela e sa tloaelehang. Boiteko ba tsona ba ho fihla sebakeng se thōko se lithabeng bo ile ba putsoa ha setho sa kereke e ’ngoe se amohela libuka le thuto ea Bibele. Monna ea thabelang, kamor’a nako a qala ho fetisetsa ‘litaba tse molemo’ ho litho tsa kereke ea habo, ’me ka letsatsi le leng phutheho eohle e ne e le teng ho utloa ha Paki e tsamaisang thuto e ruta. Qetellong, bongata ho bona ba amohela molaetsa ’me ea e-ba bahlanka ba ineetseng ba Jehova. Hona joale ho na le phutheho moo e nang le Holo ea ’Muso e nkang batho ba 300.
MEETLO
Ho tšoana le linaha tsohle tsa Maafrika, Lesotho le na le meetlo e mengata e amanang le boloi le borapeli ba baholo-holo. E meng ho eona e makatsa kannete. Ka mohlala, Paki e ’ngoe e ile ea qosoa ka ho se apare kobo mahetleng ha e tsoa sepetlele ho tsoa beleha ngoana oa pele. Morena oa moo a bolela hore ho se apare ho tla tlisa sefako kapa sefefo se tla senya lijalo tsa bona.
Hamorao monna oa mosali enoa a bonoa a aneha maleiri. Ramotse a mo bolella hore a a theole. Hobane’ng? hobane a ne a bolela hore ho aneha maleiri pakeng tsa hora ea 11 hoseng le 3:30 mantsiboea ho ka baka boemo bo bobe ba leholimo.
HO SE JELE PATE HA LIPAKI TSA JEHOVA
Lilemong tsa ho feta ho bile le pherekano e khōlō ea lipolotiki Lesotho. ’Muso oa e khutsisa ’me oa rōmela banna ho ea otla batšehetsi ba bohanyetsi. Ha makhotla a ’muso a atamela motse o itseng, banyalani ba seng ba hōlile, ka ho tseba hore thepa ea bona le bophelo li kotsing, ba balehela lithabeng le bara ba bona ba babeli ba hōlileng—bao ho tsebisahalang hore ke litho tsa bohanyetsi. Empa morali oa bona, e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, le mora oa hae e monyenyane ba itšalla.
Makhotla a ’muso a kena motseng ’me a qalisa ho sohlokanya matlo. Leha ho le joalo, ha a fihla ntlong eo Paki le lesea la eona le leng ho eona ba mo hlokomela. Ka ho tseba hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me kahoo ha a nke lehlakore lipolotiking, ba mo tlohela le ntlo ea hae. Ona ke o mong feela oa mehlala e mengata moo ho se nke lehlakore ha Lipaki tsa Jehova ho sebelelitseng e le tšireletso ea sebele.—Joh. 15:19.
KHANYETSO
Ntle ho mekhoa ea borapeli ba baholoholo le boloi, ho na le lihlopha tse ngata le likereke tsa Bojakane tse sebetsang Lesotho. E tsebisahalang har’a tsona ke Kereke ea roma e K’hatholike. Kaha likolong tsa K’hatholike ho eloa hloko haholo taba ea lithapelo tsa bolumeli le litšebeletso, bana ba Lipaki tsa Jahova ba atisa ho kena khathatsong. Libakeng tse ling bana ba bangata ho bana ba ’nile ba lelekoa sekolong ka baka la ho hana ho kopanela borapeling ba bohata.
Leha ho le joalo, Lesotho ho na le bolokolohi ba borapeli. Nakong e fetileng, sebakeng se senyenyane haufi le Mohale’s Hoek, morena oa moo a leleka pula-maliboho ea khethehileng (mosebeletsi oa nako e tletseng) sebakeng sena ’me a laela sehlotšoana sa baboleli ba ’Muso hore se khaotse liboka le ho bolela. Empa taba ea sebetsoa le ’musi oa setereke. A laela morena hore a khaotse ho kena-kenana le Lipaki tsa Jehova, tseo mosebetsi oa tsona le borapeli li ngolisitsoeng ka molao ka har’a naha.
Hase baprista kaofela ba hanyetsang ‘litaba tse molemo.’ Molebeli ea tsamaeang o tlaleha hore ha a tsamaea ka ntlo le ntlo motsaneng o mong o ile a fihla lapeng la moprista ea kopanelang le Kereke ea Chache. Ha molebeli a atamela ntlo a utloa lentsoe le hlahang kahare: “Se mphete hle. Kena.” Hona ha fella ka moqoqo o motelele le o monate oa ‘litaba tse molemo’ le ho sala ha libuka tse ngata tsa Bibele. Moprista a lumela hore basali ba babeli ba neng ba itšoere hampe ha e le ba kereke ea hae ba ile ba fetoha haholo hamolemo ha ba tsoa kerekeng ’me e e-ba Lipaki tsa Jehova. Boikutlo ba botsoalle ba moprista ba phetla tsela bakeng sa batho ba bangata sebakeng seo hore ba mamele molaetsa oa ’Muso.
Ho sa tsotellehe khanyetso, litsela tse mpe le khaello ea lipalangoang, tumelakhoela le litšitiso tse ling tse ngata, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso oa ata naheng ena ea lithaba. Ka 1942 ho ne ho le teng Basotho ba Lipaki ba babeli feela ba jalang ‘litaba tse molemo’ Lesotho. Hona joale ba feta 600. ’Me Sehopotsong sa Lefu la Kreste ka 1980 ho bile teng ba 2 690. Na Esaia ha a ka a profeta hore “e monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng”? (Esa. 60:22)—Se Neetsoe.