Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 5/15 maq. 12-17
  • “Re Sebetsa ka Thata re Bile re Loana”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re Sebetsa ka Thata re Bile re Loana”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BASEBETSI BA KA ETSISOANG
  • HO SEBETSA KA THATA HO JALA MOLAETSA OA ’MUSO
  • MOLIMO O LEBELLETSE HO HOKAE?
  • Re ka Etsa Mesebetsi e Meholoanyane
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • “Ntateleng, ’me ke Tla le Etsa ba Tšoasang Batho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ho Susumetsoa ke “Tšepo e Phelang” ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ho Sebetsa le Jehova ka Botšepehi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 5/15 maq. 12-17

“Re Sebetsa ka Thata re Bile re Loana”

“Ha e le mona re sebetsa ka thata, re bile re loana, ke hobane re tšepile Molimo ea phelang, eo e leng Mopholosi oa batho bohle, haholo-holo ba lumelang.”—1 Tim. 4:10, Phet. e Ncha.

1-3. Ke hobane’ng ha ho loketse kajeno hore bakreste ba hlokomele boikutlo ba bona ka mosebetsi?

NA U thabela ho sebetsa ka thata? Na u ananela boiteko le ho finyella ho hong? Haeba ho joalo, u fapane le batho ba bangata kajeno.

2 Mohlomong u hlokometse hore, le hoja batho ba botsoa ba ’nile ba e-ba teng, ho tsoafa mosebetsi ho bonahala e le ho hōlang. (Liprov. 20:4; 19:24; 2 Ba-Thess. 3:11) Re ho bona likeletsong tse kang ‘u iketle. U se ke ua ikhothometsa.’ Ho qalang eka ke ho tsoafa mosebetsi o boima ho ka ’na ha fella ka ho hloea mosebetsi o mong le o mong.

3 Joaloka Bakreste, ntle ho pelaelo, re ikutloa hore ha re na moea oo. Leha ho le joalo, e ka ba ho sa utloahaleng ho ikutloa hore re khethollehile ho lefatše ka kakaretso le nang le boikutlo bo matla joalo le bo atileng. Ho molemo ha nako le nako re ka hlahloba hore na re talima mosebetsi joang, kaha pono eo re nang le eona e ka ama hore na re kopanela hakae mesebetsing ea Bokreste eo e leng ea bohlokoa ho Molimo.

BASEBETSI BA KA ETSISOANG

4. Mosebetsi ke oa bohlokoa hakae?

4 Batho ba bangata ba ’nileng ba alosa bophelo le bohlokoa ba bona ba ’nile ba hlalosa ka bohlokoa ba mosebetsi. Ramolao oa Lejeremane Karl W. von Humboldt o itse: “Mosebetsi ke oa bohlokoa haholo ho motho joaloka ho ja le ho robala.” ’Nete eo ka boeona e nea batho ba bangata lebaka la ho tšoareha ka matla le ho bea litholoana. Bakreste, leha ho le joalo, ba na le lebaka le leng la ho hlaolela kananelo ea mosebetsi o thata. Ho sena, Jehova le Jesu Kreste ba re beetse mohlala oo re lokelang ho o etsisa.—Ba-Ef. 5:1; 1 Ba-Kor. 11:1.

5, 6. Ke mohlala ofe ka mosebetsi o beiloeng ke Jehova le Jesu?

5 Bokahohleng bohle—ho qala ka letsatsi le matla haholo ho isa ho serurubele se tetemang—bo paka hore Molimo ke mosebetsi. Pōpo eohle e bonahalang ea hae ke “mesebetsi” ea hae. Hape, ho sireletsa ha hae le tataiso ka linako tsohle ho bahlanka ba hae ke “mesebetsi” ea hae eo re lokelang ho e ananela. (Pes. 145:4-6, 10; 8:4-9) Mora oa hae, le eena, o sebetsa ka thata. Ha a tlohela ho betla motseng oa Galilea, Jesu a tsamaea limaele tse makholo-kholo har’a mecheso le marōle ho thusa batho—ho phekola, ho bolela le ho ruta. (Matt. 4:17, 23-25; Luka 8:1; 9:57, 58) Le hoja a phethahetse, Kreste o ile a khathala le ho lapa ke ho sebetsa halelele le ho fihlela bosiu.—Matt. 21:18; Mar. 1:32, 35; 6:32-34; Joh. 4:3-6, 34.

6 Kahoo re ka tiisa hore Molimo kapa Jesu ha ba na boikutlo ba ‘iketle.’ Kreste o itse: “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa.” (Joh. 5:17) Ha e le hantle, o hlalositse hore “mesebetsi” ea hae—seo a se entseng a tšehelitsoe ke Molimo—se fane ka bopaki ba hore o ananeloa ke Molimo. (Joh. 10:25, 38) Hona ke ho amanang le bophelo ba rōna. Ho phethahala ha tšepo eohle ea rōna e theiloeng Bibeleng ho itšetlehile ka se entsoeng ke Jesu e le morapeli ea sebetsang ka thata oa Molimo.

7. Re lokela ho atamela taba ea ho hlahloba maikutlo a rōna ka mosebetsi joang?

7 E mong le e mong ho rōna oa lokela ’me o tlameha ho nahana ka maikutlo a rōna le mohlala tabeng ea mosebetsi. Ho sena ha ho hlokahale hore re be ba tšoaeang liphoso haholo kapa ba ikimetsang. Bohle re na le meeli ea ’mele ea rōna hammoho le maemo a thibelang. Hape, tsela ea Jesu e bontša hore re ka thabela phomolo, khatholoho, botsoalle bo monate le melemo e meng. (Mar. 6:31; Luka 5:29; 7:34; Joh. 2:2-10; 12:2, 3) Empa hona ho se phethahale ho re hatellang hore re phomole ho ka re etsa hore re phomole ka ho feteletseng, joalokaha ho hatisoa ke litemoso tsa Bibele ka botsoa. ’Nete ke hore, joalokaha tlala e etsa hore lijo li latsoehe hamolemo, kahoo phomolo le khatholoho li thabeloa haholo kamor’a mosebetsi o boima.—Moek. 2:24; 5:12, 18.

8, 9. Ke neng Bakreste ba lokelang ho sebetsa ka thata?

8 Lentsoe “mosebetsi” le ka ’na la re hopotsa ka mosebetsi oa boipheliso oo ba bangata ho rōna ba o etsang hore ba fumane se hlokahalang bophelong. Keletso ea Bibele e bontša hore ho sena re tlameha ho falimeha le ho ba masene. (Liprov. 10:4; 22:29) Hoo e lokela ho ba ’nete hape, ka litšoanelo tsa rōna ka lapeng kapa tsona lithuto tsa rōna sekolong, hobane litšobotsi tsohle tsa bophelo ba rōna li ka bontša tsoelopele eo re e entseng ka ho sebelisa metheo ea Bokreste. Moapostola Pauluse o ngolile: “Seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang joale ka hoja le etsetsa Morena, e seng batho; le tsoe le tseba hobane le tla fuoa ke Morena moputso oa lefa.”—Ba-Kol. 3:23, 24.

9 Leha ho le joalo, a re ke re lebiseng karolong e le ’ngoe e khethehileng ea bophelo ba Mokreste—ho roka ha hae Molimo ka ho bolela le ho ruta. Mosebetsi ona ke oa bohlokoa, hobane ka oona ‘re ka ipholosa le ho pholosa ba re mamelang.’—1 Tim. 4:16.

10, 11. Re na le mabaka afe a khethehileng a ho sebetsa ka thata ho jala tumelo ea Bokreste?

10 Hlokomela hore Pauluse o ne a sa fane ka maikutlo a hore Mokreste a thahaselle polokeho ea hae a le mong. O tlameha ho ameha ka ho thusa ba bang hore ba amohele Jesu e le Kreste le ho rapela hobane borapeli “bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Tim. 4:8) Hoba a bolele sena, Pauluse a ngola:

“Efela ke ka baka la eona re sebetsang, re loanang, kahobane re itšepetse Molimo o phelang, oo e leng ’Moloki oa batho bohle, haholo oa ba lumetseng.”—1 Tim. 4:10.

11 Ho nahane. Poloko e tsoang ho Molimo—bophelo bo sa feleng thabong—bo ka fumanoa ke “batho bohle.” Empa ke bafe ba tla qetella ba pholositsoe? Ke “ba lumetseng” feela, ba hōlisang le ho sebetsa ka tumelo. A ananela seo, moapostola o ne a ke ke a ho nka habobebe, a iphelela bophelo bo tloaelehileng, ’me ka nako e ’ngoe, joalokaha eka hoa lokela, a bue le ba ’maloa ka pholoho ena e ka ’nang ea tla. Che. Tebello ea hore ba bang ba ka ithuta molaetsa oa Bokreste ’me ba kena tseleng ea poloko e ne e le matla haholo ho Pauluse, e le ea bohlokoa ka ho fetisisang, hoo a neng a ‘sebetsa ka thata, a loana.’ Na ke kamoo u ikutloang ka eona? Ak’u nahane ka tsela eo u sebelitseng ka eona khoeling e fetileng kapa tse tšeletseng. Na ho pepenene ho uena, le ba bang, ho akarelletsa Molimo—hore u sebetsa ka matla, ua loana?

HO SEBETSA KA THATA HO JALA MOLAETSA OA ’MUSO

12. Mesebetsi e amana kae le pholoho?

12 Bakreste ba tseba hore ba ke ke ba pholoha ka ho etsa mesebetsi eitseng feela, joalokaha eka ba ithuela ho loka le poloko. (Ba-Roma 3:28) Empa ke ’nete hore ha tumelo ea rōna e le ea ’nete, re tla etsa mesebetsi e tsoaloang ke tumelo eo. (Jak. 2:18-26) Kahoo ke ho loketseng hore re nahane ka tumelo ea rōna le mesebetsi ka thapelo.

13. Ho ea ka Jesu. barutuoa ba hae ba ne ba tla etsa joang hoba a shoe?

13 Ha re ‘sebetsa ka thata re loana,’ joaloka Pauluse, re tla ba re kopanela ho phethahatseng ’nete ea boprofeta eo Jesu a e boletseng. Ho nahane—u ka thusa ho paka hore mantsoe a Jesu ke ’nete. Mantsoe afe? A boletsoe ha ho arabeloa kōpo ea Filipi, “Re bontše Ntate.” (Joh. 14:8) Jesu a re:

“Ea mponeng o bone Ntate . . . Mantsoe ao ke le bolellang ’ona, ha ke a bolele ke ’notši; ’me Ntate ea lutseng ho ’na, ke eena ea etsang mesebetsi ee ke e etsang. Ka ’nete-nete ke re ho lōna; Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le eena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ea ho Ntate.”—Joh. 14:9, 10, 12.

14, 15. Ho Johanne 14:12, na Jesu o ne a bolela hore balateli ba hae ba tla etsa mehlolo e meholoanyane? Hobane’ng?

14 Ke joang barutuoa ba Jesu ba neng ba ka etsa mesebetsi e fetang ea hae? Na u ka nka karolo ho etsa mesebetsi e meholo joalo? Bibele e senola hore Molimo o ne o nolofalelitse Bakreste ba bang hore ba etse mehlolo, e kang ho leleka bademona, ho phekola ba kulang ’me, mabakeng a fokolang, ho tsosa bafu. Hona e ne e le ho bontša hore joale o sebelisana le ho hlohonolofatsa phutheho ea Bokreste. (Lik. 3:2-8; 5:12-16; 9:36-40; 16:16-18) Empa na mesebetsi eo e ne e feta e entsoeng ke Jesu? O ne a phekola bohle ba tlang ho eena ba bang ba bile ba le hole, a fepa ka mohlolo ba likete, a tsosa bafu ’me a laola matla a tlhaho. (Matt. 8:5-16, 23-27; 14:14-33; Joh. 11:39-44) Ho feta moo, lineo tsa mohlolo tsa moea tse neng li bontšoa ke Bakreste ba bang li ne li tla fela kapa li fete. (1 Ba-Kor. 13:8-10) Ke joang Bakreste ba neng ba ka etsa mesebetsi e fetang ea Jesu?

15 Jesu o ne a buile se hlokoang ke Ntate oa hae. O ile a etsa molemo o moholo ho eohle le oa ka mehla, e seng ka mehlolo ea hae empa ka ho ruta ha hae ho tsotehang ka ’Muso.a (Luka 4:32, 43) Kamor’a hore a tsosoe Jesu a rōma balateli ba hae hore ‘ba etse barutuoa ba batho ba lichaba tsohle, ba ba rute.’ (Matt. 28:19, 20, NW) E, Bakreste ba ne ba tla etsa mosebetsi o moholo oa bopaki. O ne o tlameha ho ba tekanyong e khōloanyane ho feta ho bolela ha Jesu, ka nako e teletsana le ho batho ba bangata haholo. Ke kahoo ba neng ba tla etsa mesebetsi e meholo ho ea hae.

16. Na mosebetsi oa Jesu o ne o tla fella ka lefu la hae le ho nyolohela leholimong?

16 Mosebetsi o entsoeng ke Jesu oa ho bolela le ho ruta ka ’Muso o ne o sa tl’o felella ka lefu la hae le ho nyolohela leholimong. O ne a tla laola letšolo la bohlokoa la ho ruta a le hona moo, empa a etsa joalo ka balateli ba hae. Luka o bolela hore pele Jesu a nyoloha o boleletse barutuoa ba hae haholo ka “’muso oa Molimo.” (Lik. 1:3) Qetellong, a re ho bona: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Lik. 1:8.

17, 18. Ke joang, mohla Pentekonta ka 33 C.E., balateli ba Jesu ba ileng ba qalisa ho phethahatsa mantsoe a hae ka mesebetsi e meholoanyane?

17 Ka ho latellana ho potlakileng ba qala ho etsa mesebetsi e meholo ho ea Jesu. Mohla Pentekonta ka 33 C.E. Jesu a tšollela moea o halalelang ho barutuoa ba 120 ba emeng Jerusalema. Eaba ba etsa joang? Ba eketsa lijo? Ba ruta batho temo? Le ho phekola batho ba kulang? Che, ba qala ho bua, ho tsebahatsa “limakatso tsa Molimo.” (Lik. 2:1-11) Eaba moapostola Petrose o fana ka bopaki bo kholisang hoo likete tse neng li mo mametse li ileng tsa amohela Kreste.

18 E tlameha ebe e bile mosebetsi o moholo ho kolobetsa balumeli ba bangata hakaalo ba bacha mohlang oo. Mohlomong ba ile ba qhala-qhalana le matamo a har’a motse. Qetellong ea letsatsi ho totobetse hore barutuoa ba ile ba tlaleha se entsoeng, hobane tlaleho e bolela hore ‘ba amohetseng lentsoe ba ba ba kolobetsoa ba ne ba ka ba likete tse tharo.’ Ho tloha ho 120 ho isa ho ba fetang 3 000 (keketseho e fetang 2 500 lekholong) ka letsatsi le le leng. (Lik. 1:15; 2:41) Ruri ba ne ba qalile ho etsa mesebetsi e fetang ea Jesu.

19. Na ona e ne e le mosebetsi oa baapostola le baholo ba ka liphuthehong feela?

19 Empa Bakreste ba bang kajeno ba ka ’na ba ikutloa hore, ‘ha ke Petrose kapa Pauluse. Na hase mofuta oa batho ba neng ba ka etsa mesebetsi e meholo ho ea Jesu?’ Eo ke potso e tšoanelehang. Buka ea Liketso e bontša hore baapostola, baboleli ba khethehileng ba evangeli le baholo moeeng ka liphuthehong ruri ba ne ba kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Empa hlokomela ’nete ena ea pale e boletsoeng ke morutuoa Luka: “Mehleng eo, kereke ea hlaheloa ke hloriso e kholo; ba qhalanyetsoa bohle mafatšeng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba ’notši.” (Lik. 8:1) Bakreste bana ba qhalantsoeng ba banyenyane le ba baholo ba batona le ba batšehali, ba ile ba etsa joang? “Ba neng ba qhalantsoe ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe.” (Lik. 8:4) E, bohle ba ne ba bolela.

20. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ka ho khethehileng ho rōna hore re nahane ka ho kopanela ho phethahatseng Johanne 14:12 hona joale?

20 Bakreste ba ’nete kajeno ba ntšetsa pele ho bolela le ho ruta ho qaliloeng ke Jesu le hoo baena ba bona le bo-khaitseli ba ileng ba ho ntšetsa pele. Empa liketsahalo tsa hona joale tse phethahatsang boprofeta ba Bibele li re bontša hore haufinyane Molimo o tla felisa tsamaiso ea lintho ea hona joale e khopo, kahoo a felisa boboleli ba hona joale ba ‘litaba tse molemo.’ (Matt. 24:14) Kahoo, e mong le mong ho rōna a ka botsa, ’Na hona joale ke kopanela ka botlalo mosebetsing oa bohlokoa oo Jesu a buileng ka oona ho Johanne 14:12? Na ke sebetsa ka matla ’me kea loana? Ha ho phethoa mosebetsi ona, na ke tla khotsofalla hore ke bile le karolo e feletseng ho oona?’

MOLIMO O LEBELLETSE HO HOKAE?

21-23. Re ka boetse ra lekanyetsa maemo a rōna hape joang?

21 Ho ba le karolo e khotsofatsang mosebetsing oa ho bolela oa Bokreste, ha rea lokela ho hlokomoloha litlamo tse molemo tsa Mangolo mabapi le lelapa la rōna, bang ka rōna, mosebetsi kapa sekolo. (1 Tim. 5:8) Leha e le hore Molimo o re batla hore re ikutloe re le molato ho hlokomeleng litlamo tseo; re lokela ho etsa joalo ka thabo. Empa ka linako tse ling re ka nahanela nako ea rōna le mesebetsi.

22 Ba bangata har’a rōna ba ka fumana molemo oa boitlhahlobo le boitaeo. Mohlomong ho felisa lintho tse ngata tse sa hlokahaleng bakeng sa ho phela bophelo bo botle ho ka thusa.

23 Ho se be motho ea nyatsang se etsoang ke ba bang ntlheng ena. Ntho ea bohlokoa ke ho aro-arola hore na rōna ka bōrōna re ntse re bontša kananelo e matla ea karolo ea rōna ho etseng mesebetsi e meholo ho ea Jesu.

24. Mohlolohali oa mofumanehi o re beetse mohlala ofe o motle?

24 Mohlomong re khōkhōtha sohle seo re nang le sona, le hoja ho sa fihle ho seo bophelo ba motho ba ’mele le maemo li se lumellang. Empa hore na ho etsoa ho hokae hase oona motheo oa taba. Hopola tlhaloso e ntle ea Jesu ka mohlolohali ea fumanehileng ea ileng a ntša licheletana tse peli tse nyenyane. Lichelete tseo (leptas) li ne li ka lekana le karolo e le ’ngoe ho tse 64 tsa moputso oa letsatsi. Hoo ke bokae linthong tsa bohlokoa tsa moo u phelang? Jesu o ile a mo babatsa, leha ho le joalo, kaha a “noketse hohle hoo a neng a na le hona.” (Mar. 12:41-44) Hape re ka tiisa kamohelo e joalo haeba re fana ka sohle sa rōna—re sebetsa ka thata ’me re loana—mosebetsing oa bopaki.

25. Maria a etsetsa Jesu eng nakoana pele ho lefu la Jesu?

25 Hape re ka hopola ha Maria, khaitseli ea Lazaro, a tlōtsa Jesu ka oli e theko e boima. Barutuoa ba bang ba belaela, kaha oli e ne e ka rekoa ka denarii tse 300. Ka lisabbatha le mekete, ke seo motho a neng a ka se amohela ka selemo sohle. Uena, kapa setho sa lelapa, u amohela bokae ka selemo? (Joh. 12:3-8; Matt. 20:2) Jesu o buile tsena ka boiteko ba Maria:

“O nketselitse ketso e molemo. . . . O entse seo a neng a ka se etsa; o tlile pele ho tlotsetsa ’mele oa ka ho epeloa. Ka ’nete ke re ho lōna: Hohle lefatšeng moo Evangeli ena e tla boleloa teng, se entsoeng ke eena le sona se tla boleloa, a tle a hopoloe ka sona.”—Mar. 14:6-9.

26, 27. Maria e ne e le mohlala ka tsela efe?

26 Hlokomela mantsoe ao, “O entse seo a neng a ka se etsa.” Ha ho bopaki ba hore Maria o ne a filoe matla a ho etsa mehlolo; e ne e ke ke ea e-ba moapostola, kapa moholo ha ho theoa phutheho ea Bokreste; ’me mohlomong o ne a ke ke a tseba ho tsamaea haholo ka ‘litaba tse molemo.’ Empa “o entse seo a neng a ka se etsa.” Kutloisiso ea seo ke efe? Ka lipuo tse ling polelo e bolela “Etsa seo u ka se khonang” e na le molumo oa hore ‘u se ke ua ikharametsa; u ee habobebe.’ Empa Jesu o ne a sa bolele seo. Ruri Maria o ne a loanne ka ’nete. Bafetoleli ba bang ba Bibele ba ngotse mantsoe e le, “O entse sohle se matleng a hae hore a se etse.”—C. K. Williams; W. Barclay.

27 Ho ineela ka botlalo hona ha hae e ne e le seo Maria a amehileng ka sona, e se ntho ea mohlang oo. Pelenyana Maria o bontšitse hore na pelo ea hae e hokae ka ho lula maotong a Jesu ho mamela thuto ea hae. (Luka 10:38-42) Joale a ’na a tsoela pele ho tšehetsa Jesu, ’moleli enoa ea fetisisang. ’Me, ka ho khahlisang, Jesu a tlamella ketso ea Maria le boboleli ba lefatše lohle, a bolela hore kae le kae moo ho tla isoa litaba tse molemo o tla hopoloa. O ne a thahasella boboleli. Ho bile joalo le ka Jesu ho fihlela lefung la hae.

28. Bokreste ke bolumeli ba mofuta ofe, hona ho bolela eng bakeng sa rōna?

28 Na re tšoana le basali bao ba babeli ba ileng ba fana ka sohle sa bona? Na re thahasella ka matla mosebetsi oa ho bolela o qaliloeng ke Jesu ha a le lefatšeng ’me o ntšetsoa pele hona joale lefatšeng ka bophara ke Bakreste? Re tšoanela joalo. Molimo o joalo. Ha Bokreste bo qaleha mohla Pentekonta ea 33 C.E., e ne e le bolumeli bo pakang, ’me Molimo oa bo tšehetsa ka moea oa oona. O sa ntsane o etsa joalo, kaha ha oa fetoha. Ke ‘Molimo o phelang,’ o phela o bile o fana ka bophelo ho barapeli bohle ba ’nete. Kahoo Bokreste kajeno bo lokela ho ba bolumeli bo pakang ’me bo ntse bo le joalo. ’Me Bakreste ba na le mabaka ’ohle a ho ba basebetsi ba chesehang tšebeletsong ea Molimo, “oo e leng ’Moloki oa batho bohle, haholo oa ba lumetseng.”—1 Tim. 4:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mesebetsi e matla ea Jesu ea khannela ba bang ho mo thahasella. Leha ho le joalo hoa hlokomeleha hore ha a ka a tsejoa e le “Moetsi-mehlolo” kapa ntho e ’ngoe e joalo. Ka ho totobetseng, a tsebisahala e le “Moruti.”—Matt. 8:19; 19:16; 26:18; Mar. 4:38; Joh. 3:2.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ba etsa sohle se matleng a bona

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela