Mokete oa Pale
‘NTOA ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone e tla ba e khōlō ho tsohle paleng ea lefatše la rōna, ’me, e le ea ho qetela. (Tšen. 16:14, 16) Joalokaha moprofeta oa Molimo a boletse, ho tšelisa ba ratang Molimo: “Jehova o molemo; ke setšabelo tšiung ea tlokotsi, . . . O tla timeletsa ruri; tlokotsi e ke ke ea hlaha habeli.”—Nah. 1:7-9.
Joale ho latela eng? Moapostola Johanne o re o utloa “leholimong ho kang lentsoe la bongata bo boholo.” Ka ho pheta ho hoholo, lekhotla lena la mangeloi le bina: “Alleluya! Poloko, le khanya, le hlompho, le matla, ke tsa Molimo oa rōna; hobane Iikahlolo tsa oona ke tsa ’nete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotsoa se seholo, se bolisitseng lefatše ka bootsoa ba sona; ’me o phetelitse mali a bahlanka ba oona letsohong la sona.” (Tšen. 19:1, 2) Ke thabo e kaakang! Hobane, ho felisitsoe ka mehla Iikhatello, bokoenehi le litsela tsa polao tsa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, “Babylona e Moholo,” lefatšeng la Molimo.
Hape moapostola o utloa eng? “’Me ba pheta ba re: Alleluya!” Ka lekhetlo la boraro “Alleluya!” e utloahala hape, ’me ka nepo Johanne, eo sebakeng se seng a bitsoang ‘Mora oa sealuma,’ o phaella ka mantsoe a phahamileng: “Ka utloa le ho kang lentsoe la bongata bo boholo, le ho kang molumo oa metsi a mangata, le ho kang lentsoe la lialuma tse matla, le re: “Alleluya! Hobane Morena, Molimo oa rōna o matla ’ohle, oa busa.”—Tšen. 19:3-6; Mar. 3:17.
Ho bina ha mantsoe ao a leholimo ho hoholo ho feta “Hallelujah chorus” efe kapa efe e kileng ea utloahala lefatšeng lena. Bongata ba mangeloi a leholimo bo tseba hore na pina eo e bua ka eng. Kahoo ba e bina ka boikutlo le boitlhaloso bo thabisang. “Alleluya!”—a bolela “Rorisang Jah, lōna lichaba!” Batho ba Molimo ba lefatšeng ba tsoa “mahlomoleng a maholo” ho nka karolo pineng eo, ba rōka Jehova, Jah, Morena ’musi ea Phahameng oa bokahohleng bohle, bakeng sa tlhōlo ena e khōlō ho makhotla ’ohle a bokhopo.
Ho latela liketsahalo tse ling tse khanyang. Batho ba Jehova ba memeloa ‘ho thaba ba nyakalla,’ hobane joale lenyalo lea etsoa leholimong. Konyana e kopanngoa le “mosali” oa eona—palo e feletseng ea “bahalaleli” ba tsositsoeng ba 144 000, ba tsebiloeng ka ‘liketso tse lokileng’ tseo ba Ii entseng ha e sa le batho lefatšeng. (Tšen. 19:6-8; 14:1-5) Tokisetso ea ’muso ea “maholimo a macha” joale e feletse. Hona joale, pele ho ‘mahlomola a maholo,’ Konyana e ne e ntse e alosa “bongata bo boholo” ba barapeli ba batho. (Tšen. 7:9, 14) Empa joale tšepiso ea Molimo ea hore “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona” e tlameha ho phethalletsoa batho bohle, ho akarelletsa bafu ba tsositsoeng, ha “lefatše le lecha” e le tsamaiso e qalang ho sebetsa har’a batho.—Tšen. 21:1, 4; 2 Pet. 3:13.
Ba tšepahalang ba Molimo ba leholimong le lefatšeng ba tla kopanngoa ’minong oo o moholo le o bolelang ho hongata oa Alleluya e phetoang hangata. Hobane Jah, Jehova, o tla be a hlōtse!