Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/15 maq. 24-25
  • Ho Etsahala Joang Lefung?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala Joang Lefung?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tla Etsahala’ng Haeba re ka Shoa?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Jesu o Tsosa Lazaro
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/15 maq. 24-25

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Ho Etsahala Joang Lefung?

MOTSOALLE e motle oa Jesu Lazaro o shoele. Empa Jesu o re ho barutuoa ba hae: “Lazaro, motsoalle oa rōna, o robetse, empa ke ea mo tsosa borokong.”

“Morena, ha a robetse, o tla fola,” ha arabela barutuoa.”

Ha ba bua joalo Jesu a ba hlalosetsa ka ho hlaka: “Lazaro o shoele.”

Ke hobane’ng ha Jesu a itse Lazaro o robetse ha, ha e le hantle, a shoele? Ho etsahala joang lefung? Ho talima leetong la Jesu ho ea bona Lazaro ho tla thusa ho arabela lipotso tsena.

Ha khaitseli ea Lazaro maretha a utloa hore Jesu o haufi, o mathela ho ea mo khahlametsa. Kapele ngoan’abo Maria le metsoalle eohle ea bona le bona ba ea khahlametsa Jesu. Ha Jesu a bona masoabi a bona, a lla. A botsa: “Le ’meile kae?”

Ha ba fihla lebitleng—ke lehaha, ’me le koetsoe ka lejoe—Jesu o re: “Tlosang lejoe leo.” Ha a rialo Maretha a ipelaetsa, joalokaha u bona, a re: “Morena, o se a nkha.” E ne e le letsatsi la bone Lazaro a shoele. Leha ho le joalo, ka khothalletso ea Jesu lejoe la tlosoa.

Hoba a rapele Molimo, Jesu a hoa: “Lazaro, tsoa moo!” ’Me oa tsoa! O tsoa a phela, a ntse a thatetsoe ka masela a bafu. Jesu o re: “Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.”—Joh. 11:11-44.

Joale nahana: Boemo ba Lazaro e ne e le bofe ka matsatsi a mane ao a neng a shoele ka oona? Na o ne a le leholimong? E ne e le motho ea molemo. Empa ha a ka a bua letho ka ho ba leholimong, hoo a ka beng a ho boletse hoja a ba moo. Che, Lazaro o ne a fela a shoele, joalokaha Jesu a itse o ne a shoele. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a qala ka hore a re ho barutuoa ba hae Lazaro o mpa a ithobaletse?

Jesu o ne a tseba hore Lazaro ea shoeleng ha a ikutloe, joalokaha Bibele e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moek. 9:5) Empa joalokaha motho ea phelang a ka tsosoa borokong bo tebileng, Jesu o ne a il’o bontša hore, ka matla a Molimo ao a a filoeng, motsoalle oa hae Lazaro o ne a ka tsosoa bafung.

Kahoo, joalokaha motho ea robetseng boroko bo tebileng a sa hopole letho ha a robetse, ho joalo le ka bafu. Ha ba utloe letho ho hang. Ha ba sa phela. Empa, ka nako ea Molimo, bafu ba lopolotsoeng ke Molimo ba tla tsosetsoa bophelong. Ruri tsebo ena e lokela ho re susumelletsa ho rata ho fumana mohau oa Molimo e le hore re ka oela tokisetsong ea oona ea ho tsohela bophelong. —Joh. 5:28, 29; Lik. 24:15.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela