Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/15 maq. 27-30
  • U se ke ua Tšoasoa ke Balumeli ba Sejode ba Kajeno!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke ua Tšoasoa ke Balumeli ba Sejode ba Kajeno!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NA “BAKRESTE” BOHLE KE BAISERAELE BA MOEA?
  • HO HLILE HA BOLELOA KE KRESTE
  • “BALUMELI BA BAJODE” BA KAJENO
  • Lesaka la Morao bakeng sa “Linku Tse Ling”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • “Molisa ea Molemo” le “Linku Tse Ling” Tsa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Karolo e Bonahalang ea Phutheho ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Bongata bo Boholo ba Barapeli ba ’Nete—Bo Tsoile Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/15 maq. 27-30

U se ke ua Tšoasoa ke Balumeli ba Sejode ba Kajeno!

LILEMONG tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robileng mono o le mong sehlopha sa batho ba bang sa leka ho phela mehleng e fetileng. Ka ho etsa joalo ba ikamoha mahlohonolo a maholo. E ne e le bo-mang?

Ke batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste, empa hantle ba ne ba leka ho etsa motsoako oa bolumeli ba bokoenehi ba Bokreste le Bojode. Ba ne ba ruta hore Balichaba ba fetohang Bakreste ba bolotsoe “ka mokhoa oa Moshe” e le hore ba bolokehe. Ka sebele, batho ba bang ba joalo ba ne ba ikutloa hore hoa hlokahala ho ruta balumeli ba bacha ho boloka molao oa Moshe.—Lik. 15:1-5.

Bana ba thuto ea Sejode ba ne ba falimehetse haholo ntlha ea hore ka lilemo tse fetang 1 500 Molimo o ne o sebetsane ka ho khethehileng le Bajode. Nakong eo mang kapa mang oa sechaba se seng ea neng a batla ho rapela Jehova ho ne ho hlokahala hore e be ea sokolohelang Sejodeng. Motho ea joalo o ne a ‘bolotsoa ’me a laeloa ho boloka molao oa Moshe,’ e leng seo ba bolumeli ba Sejode ba neng ba batla ho se etsa ka barutuoa ba bacha ba Bakreste.

Leha ho le joalo, ka ho theoa ha phutheho ea Bokreste, phetoho ebile teng. Ho ne ho se ho sa hlokahale ho ba Mojode kapa mosokolohi oa Bojode hore u ka sebeletsa Molimo. Leha e le hore phetoho ena e ne e tla fihla e le mohlolo. Joalokaha moapostola Pauluse oa Mokreste a bontšitse, Jehova o ne a hlile a bolela lintho tse ngata ka baprofeta ba hae ba pele. “Joale ka ha a boletse le ka Hosea,” kamoo Pauluse a hlokomelang: “Sechaba seo e seng sa ka, ke tla se bitsa sechaba sa ka.”—Ba-Roma 9:25; Hos. 2:23.

Ho ne ho hloka tumelo hore Mojode oa lekholong la pele la lilemo e be Mokreste—tumelo ho seo boprofeta ba Jehova bo se bolelang ka ho bokella ha hae batho ba lichaba, hammoho le Bajode ba tlhaho. Ho ne ho hloka boikokobetso bakeng sa Bakreste ba Bajode ho lumela hore ho tsoaloa motho e le Mojode ha ho sa etsa hore ka tlhaho feela motho e be setho sa sechaba sa Molimo. Ba bolumeli ba Bojode ba ne ba se na tumelo e joalo kapa boikokobetso. Ba leka ho khomarela nakong e fetileng, kahoo ba lahleheloa ke mahlohonolo a babatsehang. Ka tsela efe?

Ka ho tlōlisa bohlokoa ba ho ba Mojode ka tlhaho, ba sitoa ho ananela hore na ho boleloa eng ka ho ba Mojode oa moea. Ka nako eo tsela e ne e bulehile hore batho ba ka fetoha litho tsa “Iseraele oa Molimo”—Iseraele oa moea. (Ba-Gal. 6:15, 16) Iseraele oa Molimo o entsoe ka batho ba 144 000 bao Bibele e ba hlalosang e le ba leholimong le Jesu Kreste, tebello e khanyang!—Tšen. 7:1-8; 14:1-5.

NA “BAKRESTE” BOHLE KE BAISERAELE BA MOEA?

Kajeno ha ho sa le thata hore batho ba nahane ka Bakreste ba tla ea leholimong ho ea ba le Kreste Jesu. Hobane ka makholo-kholo a lilemo likereke tsa Bojakane li ’nile tsa ruta hore litho tsohle tse lokileng tsa kereke li ea leholimong. Kahoo, kajeno, li ruta hore Bakreste bohle ke Baiseraele ba moea.

Thuto e joalo e sia lipotso tse ’maloa tsa motheo tsa Bibele li sa arabeloa. Ka mohlala, Pauluse o boleletse litho tsa Iseraele oa moea hore “Ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.” (Ba-Gal. 3:29) Pallo eo e ne e le efe? Ke pallo eo Molimo o neng o e etselitse Abrahama khale hore o tla ba le “peō” le hore ‘lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa peōng ea hao, ka baka la hobane u mametse lentsoe la ka.’—Gen. 22:18, NW.

Kahoo ho hlaha potso, Haeba Baiseraele ba moea e le ‘peō’ ea Abrahama, “lichaba” tse hlohonolofatsoang ke life? Ntle ho pelaelo “lichaba” tseo li ne li tla akarelletsa batho ba tsositsoeng ba phetseng pele ho Kreste. Empa na ke phetho? Na Mangolo a supa hore Bakreste bohle ba phelang nakong ea ha ho phethahatsoa lipallo e tla ba Baiseraele ba moea? Ho fapane le moo!

Nahana ka se hlileng sa boleloa bukeng ea boprofeta ea Tšenolo, khaolo ea 7. Litemana tse robeli tsa pele tsa khaolo ena li hlalosa ho tiisoa ha batho ba 144 000 ba emelang ‘meloko eohle ea bana ba Iseraele.’ Ha ho pelaelo ka hore bana ke Baiseraele ba moea. Joale?

“Ka mora’ tseo, ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.”—Tšen. 7:9, 10.

Na baa ba morao ke Bakreste? Ka ho totobetseng, kaha ba amoheloa ke Molimo ’me poloko ea bona e ho Konyana ea oona, Jesu Kreste.

Na ke Baiseraele ba moea? Ka ho hlakileng ha ho joalo, kaha ba hlalosoa ba tsoa lichabeng tsohle, merabeng, mefuteng le lipuong, kamor’a hore Johanne a hlalose ho tiisoa ha litho tse 144 000 tsa Iseraele oa moea. Kahoo, ho totobetse hore hase Bakreste bohle bao e leng Baiseraele ba moea kajeno.

HO HLILE HA BOLELOA KE KRESTE

Hore Bakreste ba bangata hase Baiseraele ba moea ha hoa lokela ho makatsa. Jesu ka boeena o hlile a bolela phetoho e joalo setšoantšong sa hae se tsebisahalang sa molisa ea molemo. Setšoantšong sena Jesu a bua ka lesaka, bakeng sa mohlatsoana, le ka mohlape o moholo haholo, o entsoe ka tsena le “linku tse ling” tsa hae.

Ke kamor’a hore a bue halelele ka linku tse ‘kenang li tsoa’ ka lesakeng, Jesu a ileng a re: “Ke sa na le linku tse ling tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (Joh. 10:8, 16) Jesu o ne a bolela eng ka “linku tse ling, tse e seng tsa lesaka lena”?

Jesu o ne a hlalosa mohlape o moholo, tseo tse ling tsa tsona li neng li lula ka “lesakeng” tse ling ho se joalo ka tsona. Litho kaofela e ne e le tsa mohlape o le mong o atolositsoeng, empa e se tsona kaofela tse phelang ka lesakeng. Mohlape o ne o ka ’na oa e-ba moholo—palo ea oona e ke ke ea lekanngoa—empa e le lenane le lekanyelitsoeng feela la linku le ka fellang ka lesakeng, leo e neng e le la majoe ka marako a bophara le bolelele bo lekanyelitsoeng.—Joh. 10:1-9.

“BALUMELI BA BAJODE” BA KAJENO

Batho ba bangata kajeno ba lumela hore Bakreste ba tlameha ho ba Baiseraele ba moea kaofela, joalokaha ba bolumeli ba Sejode ba boholo-holo ba ne ba lumela hore Bakreste bohle e tlameha ho ba Bajode ka tlhaho kapa basokolohi. Mekhatlo e meholo ea Bojakane e ruta ka tsela eo kaofela. Kahoo e hlalosa hore setšoantšo sa Jesu se ne se bolela hore barutuoa ba pele ba Bakreste ba ne ba tsoa ‘lesakeng’ la Bojode, ’me barutuoa ba moraonyana, “linku tse ling” ba nkiloe ka ntle ho “lesaka,” e le Balichaba. Joale, ho ea ka likereke tsa Bojakane, “linku” tse ka ‘lesakeng’ le “linku tse ling” e bile Baiseraele ba moea ba nang le tšepo ea leholimo.

Le hoja ho utloahala ho le monate ho lumela joalo, ho hlokomoloha tšobotsi e ka sehloohong ea papiso ea Jesu. Jesu o bontšitse hore ho ne ho tla ’ne ho be le linku ka ‘lesakeng’ le “linku” ka ntle ho lona mohlapeng oa hae o ngatafetseng. Ha ho kae kapa kae moo setšoantšo sa hae se bontšang hore “linku tse ling” ka mokhoa o mong li petelletsoa ka ‘lesakeng’ le lenyenyane. Leha e le hore setšoantšo se bontša hore lesaka le ile la senngoa e le hore ho ke ke ha hlola ho e-ba le phapang pakeng tsa linku tse neng li ntse li le ka hare le “linku tse ling.” Tlhaloso ea Jesu hore linku li tla ‘kena li tsoe’ ka lesakeng ’me li fumane ‘lekhulo’ e bontša hore lesaka e ne e le tokisetso ea ka mehla. E ne e emela tokisetso e tsoelang pele ea selekane sa Abrahama, e seng ea selekane sa Molao, seo Molimo ‘o se felisitseng ka ho se khokhothela sefapanong.’ (Ba-Kol. 2:14) Empa hase mohlape kaofela o neng o tla kena ka lesakeng. Joalokaha Today’s English Version e e ngola, “Ke sa na le linku tse ling tsa ka tseo e seng tsa lesaka lena la linku,” le hoja le tsona, “li itlhohonolofatsa” ka tumelo le kutlo.

Haeba lesaka, le emela khethollo e tsoelang pele pakeng tsa lihlopha tsa Bakreste tse peli, kahoo le ke ke la emela phapang pakeng tsa Bajode le Balichaba, hobane phapang eo e felisitsoe ho “mohlatsoana” o tsoetsoeng ka moea. (Luka 12:32) Joalokaha Pauluse a ho boletse: “Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste.”—Ba-Gal. 3:28; Ba-Ef. 2:15.

Phapang e tsoelang pele feela pakeng tsa lihlopha tse peli tsa Bakreste e tla ba phapang pakeng tsa Bajode ba moea le ba seng joalo. Ena ke phapang e tšoanang le e pakeng tsa “peō” ea Abrahama le “lichaba” tse neng li tla hlohonolofatsoa ke eona. E tšoana le phapang e pakeng tsa litho tsa Iseraele ea moea tse 144 000, tse boletsoeng ho Tšenolo khaolo ea 7, le “bongata bo boholo” bo se nang palo ba batho ba tsoang lichabeng tsohle bo boleloang hang kamor’a moo.

Joalokaha balumeli ba Bojode ba pele ba ne ba sa batle ho lumela hore motho a ka sebeletsa Molimo ntle ho hore e be Mojode kapa mosokolohi, “balumeli ba Bojode” ba kajeno ha ba batle ho lumela hore motho a ka sebeletsa Molimo e se Mojode oa moea. Ba re Bakreste bohle ba lokela ho tlotsoa e le majalefa a ’Muso. Empa ho tloha ka 1935 ba limillione ho “linku tse ling” ba ’nile ba sebeletsa Molimo ka botšepehi, ho sa tsotellehe litšomo ’me ka linako tse ling mahloriso a “balumeli ba Bojode” ba kajeno ho akarelletsa litho le baruti ba Bojakane.

“Linku tse ling” tsena ke Bakreste. Li lumela ka botlalo topollong ea sehlabelo sa Kreste ’me ba latela mehatong ea hae. Empa ha li lakatse ho ea leholimong. Le hoja Bibele e bontša hore moea oa Molimo o emelana le litho tsa Iseraele oa moea hore li na le tšepo ea leholimo, ha o emelane joalo le “linku tse ling.” (Ba-Roma 8:15-17) Boteng ba Bakreste ba tšepahalang joalo ba se nang tšepo ea leholimo bo ke ke ba hlalosoa haeba Bakreste bohle ba ea leholimong, kamoo Bojakane bo bolelang. Empa ba teng, ba feta 2 000 000 ka palo, ’me ba bea tholoana ea moea oa Molimo o halalelang ka bongata, le hoja moea ona oo o sa ba bolelle hore ba ea leholimong.—Ba-Gal. 5:22, 23.

Lekholong la pele la lilemo ho ne ho hlokahala sebete sa ’nete ho amohela thuto ea moapostola Pauluse le ho lumela hore eo e seng Mojode kapa mosokolohi e ka ba Mokreste. Ke batho ba ’maloa ba neng ba lumela joaloka Pauluse. Ho tla fihlela ka 70 C.E. Bajode ba ne ba ka supa tempele ea bona e Jerusalema ho “paka” hore e sa le phutheho ea Molimo. Kapa haeba hoo ho sa kholise batho, ba ne ba hlorisa, kamoo ba neng ba atisa ho ho etsa.—Lik. 9:23; 14:19; 20:3; 23:12-15.

Kajeno, ke Lipaki tsa Jehova feela tse supang ka Mangolo hore batho e ka ba Bakreste ntle ho hore e be Bajode ba moea. Joaloka lekholong la pele la lilemo, Bakreste bana ba ’maloa, ha ho bapisoa, e bile ha ba ratehe. Bojakane, bo ipolelang hore litho tsohle tsa bona ke Bajode ba moea, bo ka ithorisa ka lipalo tsa bona, letlotlo la bona, litempele tse ngata tsa bona, ’me kahoo ba leka ho paka hore ke phutheho ea Molimo. Ha hoo ho hlōleha, bo hlorisa Lipaki tsa Jehova pepenene, joalokaha bo ’nile ba ho etsa hangata.

Haeba u hōlisitsoe ho lumela hore u tla ea leholimong hobane u setho sa kereke ea Bojakane, joale u boemong bo tšoanang le ba Bajode ba neng ba utloile thuto ea moapostola Pauluse. Empa na u na le boikokobetso le tumelo tse hlokahalang ho hlahlobisisa se supuoang ke Lipaki tsa Jehova ka Bibeleng? Ke hore, na u ikokobelitse ho lekaneng hore u ka sebeletsa Molimo, le hoja u se ua “mohlatsoana” oa Baiseraele ba moea? Haeba ho joalo, u ka ipea moleng oa mahlohonolo a babatsehang ao “lichaba tsohle tsa lefatše” li tlang ho a fumana haufinyane ka Jesu Kreste le “mohlatsoana.”—Gen. 22:18.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela