Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/15 maq. 30-31
  • Tlaleho ea Babylona—Ea Khale le ea Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlaleho ea Babylona—Ea Khale le ea Kajeno
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo 2:2369-1943 B.C.E.—Setsomi, Tora, le Uena!
    Tsoha!—1989
  • Babylona e Moholo—O Oele ’me o Ahlotsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Itšoasolla Bolumeling ba Bohata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Babilona e Moholo ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/15 maq. 30-31

Tlaleho ea Babylona—Ea Khale le ea Kajeno

Ha setloholoana sa Noe Nimrode a qala ho ba matla lefatšeng ’me a ipea e le “setsomi sa senatla pel’a Jehova,” qaleho ea ’muso oa hae e bile Babele, Babylona. Ke Babele moo batho, ka ho nyelisa Jehova, ba ileng ba rera ho iketsetsa lebitso le leholo ka ho haha motse o nang le tora ea bolumeli. Hona e ne e le bokoenehi, ho oa borapeling ba Molimo oa Noe, ho fetohela puso ea Jehova. Empa lenaneo la bona la ho haha la fella ka lefeela le soabisang. Jehova a theoha ’me a ferekanya puo ea bona. Ba se ba sa khone ho buisana, ba ikarola ka Iihlopha tsa lipuo tseo ba seng ba li bua ’me ba qhalanngoa ho tloha Babele ‘ho ea le lefatše lohle.’ (Gen. 10:8-10; 11:1-9) Ba tsamaea le bolumeli ba bona ba bohata. Ba fetoha ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, sephiri “Babylona e Moholo.”

Tšimoloho e tsoang sebakeng se le seng ea bolumeli ba lefatše e bonoa habonolo. Ho tšoana ho hongata haholo. Ka mohlala, Babylona ea boholoholo e ne e e-na le litšoantšo tsa borapeli ba Semiramis le mora oa hae oa lesea Nimrode, ho tšoanang haholo le borapeli ba Moroetsana Maria le ngoana oa hae Bokresteng ba bokoenehi. Bukeng ea hae “Ancient Pagan and Modern Christian Symbolism,” Thomas Inman o bua tjena ka litšoantšo tsa ’mè-le-ngoana: “Lihlopha tse joalo li bonoa hohle India joaloka Italy, litempeleng tsa bohetene joaloka likerekeng tsa Bokreste. Maikutlo a ’mè le ngoana a tšoantšelitsoe naheng e ’ngoe le e ’ngoe ea boholo-holo tseo litšoantšo tsa tsona li sa saletseng.”

Mok’hadinale oa Roma K’hatholike John Henry Newman, ho “Essay on the Development of Christian doctrine” ea hae, o ngotse ka mekhoa e mengata e joalo le lithuto, a bolela hore li ‘simolohile boheteneng kaofela’ le hore ‘li halalelitsoe ka ho hapelloa ka kerekeng.’ Empa ha lia halaletsoa! Ka ho nka litumelo le litšebeletso tsa Babylona, Bok’hatholike ba kajeno le Boprostanta, hammoho le Bojode, ha lia phaella khalalelo ea letho kapa bohloeki mekhoeng ea bolumeli ba bohata le lithuto. Ho e-na le hoo, li ikhetholla e le liphutheho tseo ’m’a tsona e leng “Babylona e moholo.”—Tšen. 17:5.

Litumelo tsena tseo e leng “barali” li kopanetse ka ho tsebisahalang ka mahlakoreng ka bobeli lintoeng tsa bolumeli le tsa lihlopha tsa pale. Lintoa tse peli tsa lefatše tsa mehleng ea kajeno li qalile lichabeng tseo ho thoeng ke tsa “Bokreste,” le hoja Mashinto le Mabuddha le bona ba ile ba ameha haholo. Ka mahlakoreng ka bobeli, baruti ba bolumeli ba tlatsetsa ho fehla moea oa ntoa. Ho e-na le ho emela ‘Molimo oa lerato,’ ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata e ’nile ea e-ba mofehli ea ka sehloohong oa lehloeo. Ho tla fihlela kajeno, Mak’hatholike le Maprostanta a ntse a loantšana Ireland Leboea. Bolumeli ke bona bo potelletseng ka matla litoantšanong tse Bochabela bo Hare.

Leha ho le joalo, Babylona e Moholo ke eena ea molato haholo ka se hlalosoang ho Tšenolo 17:6. Mona rea bala: “Ka bona mosali eo a tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.” Mantsoe ao a phethahalitsoe ka matla, joaloka ho hlorisoeng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, Makhotleng a bolumeli a Mehleng ea Lefifi le khatellong e mabifi ea mehleng ea joale ea K’hatholike ea Hitler ea Lipaki tsa Jehova! Na ‘Molimo oa lerato’ o tla phetetsa molato ona oa mali? O tla ho etsa ka sebele!

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela