“Karabelo ea Thapelo”
MORAO koana ka Pulungoana 1978 pampitšana e maqephe a mane “Tokoloho khatellong, Na e ka Etsahala?” ea sala lapeng ha Mof. K—— Framingham, Massachusetts. Hamorao Mof. K—— a ngolla ntlo kholo ea Lipaki tsa Jehova, a re lengolong la hae:
“Mohlomphehi kapa Mofumahali,
“Ke fihlile lapeng motšehare oa mantsiboea ana kamor’a ho ea likerekeng tse ngata ke batla moruti oa Molimo ea ka arabelang lipotso tse ling tseo ke nang le tsona. Ka etsa thapelo e khutšoanyane ke kōpa Morena, ‘Nka fumana ea ka nthutang Bibele le mora oa ka hokae?’ Pampitšana ea lōna e ne e le tlas’a lemati la ka. Leha le ka re ke ho oelana feela ha lintho, ’na ke ho bitsa karabelo ea thapelo hobane ke seoelo ke rapelang ’me ha nke ke ea kerekeng. Ke rata ha mora oa ka a ka ba le bolumeli ’me nka thaba haholo ho lumella e mong oa baruti ba lōna ho fapohela le ho tla arabela lipotso tse ling le ho re ruta Bibele.
“Ka tieo
(ho saenne Donna K——)”
’Moleli oa Lipaki tsa Jehova a rōmeloa, ntle ho tefello, ho ea thusa Mof. K—— le mora oa hae ho utloisisa Bibele lekunutung la lelapa la bona. Le uena u ka e fumana thuso e joalo.
Lithuso tse ling tsa ho utloisisa Bibele ke lipeeletso tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Limakasine tsena li supisa babali ho phethahaleng ha boprofeta ba Bibele bo bontšang hore tsamaiso ea hona joale e khopo e tla tloha e fela, e senngoa ke Molimo. Empa hape Ii tsebisa ka ho tla ha taolo e ncha ea ho loka moo, tlas’a puso ea ’muso oa Molimo, batho ba tla thabela bophelo ka ho sa feleng khotsong ea ’nete, bophelong le thabong lefatšeng la paradeise.
[ ] Ka kōpo, poso e lefelletsoe nthomelleng peeletso ea selemo bakeng sa “Molula-Qhooa” le “Tsoha!”; ke kenya R5,40. Ka ho posa leqetšoana lena ke tla amohela libukana tse ’nè mahala.
[ ] Nka thabela ha motho ea tšoanelehang a ka nketela, ntle ho tefello, ho tla nthusa ho tloaelana hamolemo le Bibele.