Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 8/1 maq. 3-5
  • Seo ho Tsuba ho se Etsang ea Tsubang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo ho Tsuba ho se Etsang ea Tsubang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LINNETE KA HO TSUBA
  • SAKARETE E SENG KOTSI?
  • Na ba Hōlisa Lefu?
    Tsoha!—1988
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
  • Na ho Tsuba ha ba Bang ho ka u Ntša Kotsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Na ho Tsuba ho Hlile ho Hobe Hakaalo?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 8/1 maq. 3-5

Seo ho Tsuba ho se Etsang ea Tsubang

Se hlahisoang ke baphatlalatsi se hloekile se pholile. Thaba e phatšimang ea letša e tšoantšetsoa e na le pakana ea sakarete e tobisitsoeng ho uena, ’mali. Bophatlalatsi ba mofuta ona bo sebetsa haholo. Bo amahanya ho tsuba le boikutlo bo monate. Selemo le selemo ho sebelisoa liranta tse libillione ho leka ho amahanya ho tsuba le lintho tse lakatsehang tsa bophelo. Empa ke eng se potelletseng ka hoo?

LINNETE KA HO TSUBA

Ka 1979, Mokhatlo oa Matšoafo oa Canada oa phaphamisa ba bangata ha o bolela pepenene hore: “Selemo le selemo Macanada a 50 000 a shoa pele ho nako ka baka la ho tsuba. A mang a mangata a phela ka matšoafo a holofetseng le lipelo tse imelitsoeng.”

Ka 1979, ngaka-kakaretso e khōlo ea Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, Dr. Julius B. Richmond, a ntša tlaleho e khōlō e qotsang “bopaki bo boholo” hore ho tsuba ho kotsi bophelong. Tlaleho ea hakanyetsa hore, selemo le selemo, ho tsuba ho bolaea Maamerika a ka bang 350 000. Hape, mongoli oa naha oa bophelo oa Brithani, Sir George Young, o sa tsoa bolela hore selemo le selemo ho tsuba ho bolaea ba 50 000 Brithani.

Palo ee e khōlō ea mafu e lekanngoa joang? Ka ho bapisa palo ea mafu a ba tsubang le ba sa tsubeng. Ka boithuto bo matla bo amang batho ba fetang millione, Encyclopedia Americana ea hlalosa: ‘Bakeng sa batho ba bang le ba bang ba 100 ba shoeleng nakong ea boithuti bona, ba bang ba 168 ba shoele tlas’a maemo a tšoanang le sehlopheng se tšoanang ho ba tsubang sakarete; ke hore, ho bile le mafu a ba 68 kaholimo.’

Empa na bopaki bo joalo bo khaola khang ka bobona? E, ho joalo. “Ha ho khang ea letho e etsoang ka linnete,” kamoo ho hlokomelang Mokhatlo oa Matšoafo oa Canada. “Boithuto bo baloang ka likete bo entsoeng ka hloko bo li ngotse. Ha ho mokhatlo o moholo oa bongaka kapa oa bophelo o li hanyetsang.” Science 80, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Amerika oa Ntšetso pele ea Mahlale, e-ea lumela: ‘Bopaki ba hore lisakarete li khutsufatsa bophelo bo matla; sesosa se theiloe ka ho tiileng joaloka sefe kapa sefe bongakeng.’

Boithuto bo ke keng ba phehisoa khang bo entsoe ka palo e khōlō ea batho ba ileng ba tsuba bophelong bohle ba bona. “Ha re khutlisetsa maikutlo a rōna morao,” kamoo ho hlokomelang John Cairns, ea ithutetseng ka lintho tse phelang le setsebi sa kankere, ‘ho tšoana le ha mekhatlo ea Bophirima e ile ea tsoa ho tsamaisa liteko tse khōlō le tse laotsoeng hantle tsa hore na kankere e hlaha joang, e bolaea ba limillione tse ngata ’me ba sebelisa batho ba eona e le liphoofolo tseo ho etsoang liteko ka tsona.’

E, bophelo ba ba limillione—limillione tse ngata-ngata bo ’nile ba khaoletsoa ke ho tsuba. The World Book Encyclopedia e hlalosa hore ‘Boithuto ba bongaka bo bontša hore nako ea ho phela ea motho ea tsubang bo theoloa ka lilemo tse tharo ho isa ho tse ’ne ho feta ba motho ea sa tsubeng. Nako e pheloang ke motho ea tsubang haholo—ea tsubang lipakana tsa lisakarete tse peli kapa ho feta ka letsatsi—e ka ba khutšoanyane ka lilemo tse robeli ho feta ea ea sa tsubeng.’

Boitekong ba ho theola likotsi, hona joale ho rekisoa lisakarete tse bitsoang hore ke tse ‘seng kotsi haholo.’ Empa li hlile ha li kotsi? Ho tsuba ho ntša ea tsubang kotsi joang?

SAKARETE E SENG KOTSI?

Bokoali le tire tse koaeeng, ho bonahala e le tsona lintho tse ka sehloohong tse bakang mafu. Kahoo bokoali le tire li theotsoe haholo sakareteng. Ha e le hantle, tire e tlositsoe ho hang meetsong e meng, e leng ntho eo liphatlalatso tsa lisakarete li e hatisang hangata. Lisakarete tse nang le tire e nyenyane le bokoali bo bonyenyane li ’nile tsa boleloa li ‘se kotsi.’ Leqephe le ka pele la sehlooho ho Atlanta Constitution le ile la bolela: ‘Pakana ka Letsatsi ea Lisakarete tse Ling Ha e Kotsi.’

Empa linnete ke life? Taba e ’ngoe, lisakarete tse nang le tire e nyenyane li kentsoe lihlabosi. “Hoja ho ne ho se teng lihlabosi lisakareteng leha e le life tse fokolitsoeng tire le bokoali, u ne u ke ke ua latsoa letho,” kamoo ho hlalosang Peter Micciche, setsoaki se seholo sa koae. Empa lihlabosi tsee ke eng? Ke ‘makunutu a bahoebi’ a tsejoang feela ke lifeme tsa koae le ba ba etsetsang lihlabosi. Empa lihlabosi tsena tse tsoakiloeng le tsona li ka ’na tsa e-ba kotsi bophelong, joalokaha e mong ea lokolisang metsoako a itse: “Ha u tsebe haeba tse ling tsa lintho tsena li kotsi le ho feta tire.”

Hape, bopaki bo senola hore, ha ba tsuba lisakarete tse fokolitsoeng tire le bokoali, ba tsubang ba tsuba lisakerete tse ngata haholo ’me ba boloka mosi ka matšoafong a bona nako e teletsana. Hona ba ho etsa ho khotsofatsa takatso ea bona ea bokoali, boo e leng sethethefatsi se tloaellang le ho feta “heroin.” Kahoo, ka baka la mekhoa e fetotsoeng joalo ea ho tsuba, ba tsubang ba fumana lintho tsena tse kotsi lisakareteng tse fokolitsoeng bokoali le tire ka mokhoa o ntseng o batla o le kotsi joaloka lisakareteng tse ling.

Ho feta moo, motsoako o kotsi haholo oa mosi oa sakarete mohlomong ke semoko se kotsi ho e-na le tire le bokoali. ’Me lisakarete tse ling tse fokolitsoeng bokoali le tire li bile li ntša semoko ho feta lisakarete tse tloaelehileng.

Bafuputsi ba babeli ba Madanishe, Moprofesa Poul Astrup le Dr. Knud Kjeldsen, ba hatisitse seo ba se fumaneng ka liphello tsa semoko mosing oa sakarete. Motheong oa bopaki bo bongata ba liteko, ba fihlela qeto ea hore ‘ke semoko, e seng bokoali, seo e leng motsoako o taeang oa bohlokoa haholo hore ba tsubang ba be kotsing e phahameng ho ba le tšesefalo ea methapo le lefu la pelo.’ ’Me ho hlokomeloe hore mafu a mangata a bakoang ke ho tsuba ka ho totobetseng a etsahala ka baka la methapo ea mali le lefu la pelo, e seng kankere.

Kelello ea tlhaho feela e bolela hore ho hula mosi oa sakarete ho ka ama mocha oa motho oa phefumoloho hampe. ’Me bopaki bo supa hore ho joalo. Matlaloana a kang moriri a ka masobaneng a matšoafo a senngoa hoo a sitoang ho ikoala le ho ipula ho fiela likokoana-hloko le litšila. Hape, mosi o fokotsa matla a matšoafo a ho itlhatsoa litšila tse phefumolohuoang. Hona ho bolela hore ba tsubang ba ba kotsing e kholoanyane ea mafu a tsoaloang ke lintho tse tsoang moeeng.

Ka sebele, ke ho hloka botšepehi ho bolela hore sakarete leha e le efe ‘ha e kotsi.’ Joalokaha ngaka e khōlō ea Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, Dr. Julius Richmond a itse: “Ha ho bopaki bo tsejoang kae kapa kae bopaking bo bongata ba mahlale ka likotsi tsa ho tsuba bo nang le tšepo ea hore ho na le ntho e kang sakarete e seng kotsi kapa ho tsuba ho tlase bo seng kotsi.” Dr. Richmond a fihlela qeto ea hore: “Sakarete feela e seng kotsi ke sakarete e sa hotetsoang.”

Empa le haeba u sa tsube, na ha u kotsing ea liphello tse mpe tsa mosi oa batho ba bang?

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

BATHO KA BOBONA BA ENTSOE LIPHOOFOLO TSEO HO LEKOANG KA TSONA HO PAKA HORE HO TSUBA HOA BOLAEA

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela