Ho Hatelloa Likotsi Tsa Koae Bophelong
Lengolong le hatisitsoeng ho ‘The Journal of the American Medical Association,” Dr. Elizabeth M. Whelan o ngolile: “Kaha ba itšetlehile haholo ka chelete e kenang ka ho phatlalatsoa ha koae, limakasine tse ngata tse ratehang Ii bebofatsa matla ao koae e nang le oona bophelong. Ke hlahlobile limakasine tse ’maloa tsa basali, ha ho taba le e ’ngoe ea bohlokoa eo ke e fumaneng e buang ka koae le bophelo.”
Dr. Whelan o hlalosa hore o ile a kōpuoa hore a ngole taba e buang ka “Sireletsa Monna oa hao Kankere” bakeng sa makasine e baloang haholo ea basali ea botle le lifeshene. O re, “ka lefeloa taba eo ka botlalo, empa mohlophisi ka ho toba a ntlhalosetsa hore ba tla sebelisa feela karolo e nyenyane ea eona hobane ke buile hangata ka koae le ’nete ea hore ba na le maqephe a mararo a shoetseng a liphatlalatso tsa lisakarete khoeli le khoeli. Ka makhetlo a mang, ke ’nile ka bolelloa ke mohlophisi oa pampiri, ‘ha ho karolo kapa taba e buang ka koae.’”—Pulungoana 7, 1980, leqephe 2045.