Barati ba Molimo ba Etsa Qeto . . .
Qeto ena e ile ea amoheloa ka thabo lehlabuleng le fetileng ka ba makholo a likete ba neng ba le teng Likopanong tsa Setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa “Lerato la Molimo.”
1. Lipaki tsa Jehova li bolela temoso efe, hona hobane’ng?
Ka lilemo tse fetang 100 Jehova Molimo ka lipaki tsa hae o ’nile a hlokomelisa hore lefatše lena kapa tsamaiso ea lintho le ke ke la tšoarella. Ka baka la ho nahanela bao re ahileng le bona ba sechaba leha e le sefe, moloko, batho kapa puo, re susumelletsoa ke lerato la Molimo ho supisa batho ka bomong tsela ea Molimo e le eona pheko feela mathateng a batho.
2. Ke lintho life tse fosahetseng lefatšeng?
2 Ka ho fihla ha bo-1980, re bona eng e le phello ea hore batho ka bomong le lichaba ba hlokomolohe kapa ba nyelise tsela ea Molimo ’me ba phehelle tsela ea bona ea ho ipusa le ho phela ka boitaolo? Batho ba nang le boikarabelo kae le kae ba bolela hore ba amehile haholo ka boemo ba litaba tsa lefatše bo ntseng bo theoha le ho ferekana. ’Me hase feela—ho senyehile lintho tse ngata haholo. Linthong tse palangoang, tsa puisano, bongaka, mahlale le mesebetsi ea matsoho, lintho tse sa tšoaneng tseo ka nako e ’ngoe li neng li boleloa e le tšepo kapa lehlohonolo ke hangata li ’nileng tsa fetoha masoabi haesita le hona ho bolaea. Batho kajeno ba pupelitsoe ke mathata a se nang palo—tlōlo ea molao, tšenyeho, bokhopo, ho se tsitse ha likahisano, liketso tsa boferekanyi le likotsi tse ling tse tšosang. Ruri ponahalo ea lefatše la batho la kajeno e-ea tsietsa. Ponong ea botho feela, boteng ba lefatše la hona joale ruri bo belaetsa ka matla. Empa ke batho ba bakae kajeno bao ka ho hlaphoheloa ba nahanang ka hore na maemo ana ao ho seng a kileng a tšoana le oona a bolela eng leseling la Lentsoe la Molimo, Bibele?
3. Ke ho phethahala ha boprofeta bofe ba Bibele ho kholisang Lipaki tsa Jehova hore bofelo ba tsamaiso ena bo haufi? Boprofeta bona bo re’ng?
3 Jesu Kreste o fanane ka pontšo e qaqileng e entsoeng ka lintho tse ngata ka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho le ea nako ea ha a tla qala ho sebelisa matla a hae a ’Muso lefatšeng la batho. Tlhaloso ea hae ea boprofeta ka linako tsa rōna e ngotsoe tlalehong ea Mattheu likhaolo 24 le 25, Luka khaolo ea 21 le Mareka khaolo ea 13. Tumellanong le boprofeta ba hae bo boholo, litlhaloso tse bululetsoeng tsa mehla ena ea bofelo li fumanoa ho 2 Timothea 3:1-5, Tšenolo khaolo ea 6 le boprofeta bo amanang le boo likarolong tsa Mangolo a Seheberu le a Bakreste a Segerike. Liithuti tse seli tsa Bibele har’a rōna li ’nile tsa bona ho phethahala ha boholo ba boprofeta bona lekholong lena la lilemo.
4. Ke bopaki bofe bo matla hore ‘tse bopiloeng kaofela li bohlokong’ hona joale?
4 Mokhoeng o mong le o mong oa bophelo le tsamaisong e ’ngoe le e ’ngoe, ho na le bopaki bo totobetseng “hore tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.” (Ba-Roma 8:22) Re bona batho ba hlasetsoeng ke maloetse a se nang palo a ’mele, kelello le maikutlo le ho qhalana ho sa tsotellehe mohoo o entsoeng hohle oa tsoelopele bongakeng. Litlamano tsa lenyalo lia qhalana. Likarohano le litlhalano li lekana le manyalo a teng linaheng tse ling kapa lia a feta. Bophelo ba lelapa ke motsoebere, bo etsa hore ba bangata ba ipotse hore na motso ona o moholo oa tsamaiso o tla tsoelella haleletsana. Metse e meholo e imetsoe haholo licheleteng ’me e haufi le ho oa. Lichaba li tsielehile, li harasoane ka hare ke lithahasello tse arolang ’me li tšosoa ka ntle ke tseo li ahisaneng le tsona tse se nang botsoalle le tse ka ’nang tsa futuha leha e le neng feela. Lefatše ka bophara le lla ka tlokotsi ea moruo le chelete, khaello ea oli, tšilafalo le mathata a bophelo, sepenya sa baahi ba lefatše le tlala e libakeng tse ngata. Ka holim’a sena sohle ke tšoso ea lebelo la lihlomo le nyarosang ka ho lokolla mahlomola ao ho seng hona ho a lekanya le thipitlo ea libetsa tse chefu holim’a batho. Ruri lipelo tsa batho li neela moea ke tšabo ea seo ba bonang se tlela lefatše leo ho ahiloeng ho lona.
5. (a) Har’a morusu oa hona joale, batho ba bangata ba etsa joang? (b) Ke ka ho etsa joang batho ba ka pholohang mahlomola a maholo a tlang, ’me ke mehlala efe e teng ea ho pholoha?
5 Har’a morusu o joalo, ba bangata ba lula ba iphapantse. Ba bang ba hulanngoa ke leqhubu le lebang tlase le moea oa se ratehang. Hape ho teng bao e leng lira tsa Molimo, ba hlile ba eme khahlanong le metheo ea hae e lokileng le borena ba hae ba bokahohle. Kamoo lefatše le jalang, joale lea kotula—tholoana e sebolu. Nako e beiloeng ke Molimo ea ho timetsoa ha lona hampe le ka mabifi e ntse e atamela. Batho ba sekametseng ho lokeng ba fofonelang kotsi ea tsela ea batho ea boithati, lintho tse bonahalang, e hlantšoang ke menate le e sa hlokomeleng ba phehelloa ho ela hloko temoso ea Molimo pele nako e fela. Ka ho etsa joalo, tumellanong le seo Molimo o ’nileng oa se etsa ka linako tse fetileng, ba ka ba har’a ba lebelletseng ho pholoha mahlomola a maholo a atamelang. Lilemong tse fetileng tse makholo a mashome a mane a metso e meraro Molimo oa boloka Noe le lelapa la hae moroallong oa lefatše lohle. Makholo a lilemo hamorao a pholosa Lota le barali ba hae ba babeli ha Sodoma le Gomorrha li timetsoa. Hona ke mohlala oa kamoo Molimo o ka sebelisanang le ba etsang ka tumelo le ba arabelang litaba tse molemo tsa ka ho sa feleng tse boletsoeng lekholong lena la lilemo.
6. (a) Ke hobane’ng ha bomalimabe ba lefatše bo atile hakana ho tloha ka 1914? (Tšen. 12:7-12) (b) ‘Mahlomoleng a maholo,’ ho tla etsahala joang ka bolumeli ba bohata joale le lichaba tsa lefatše? (Tšen. 18:9, 10, 21-24; 19:11-16)
6 Bangoli ba histori ba kajeno ba hlokometse hore 1914 ke moo litaba li fetohileng teng. Ho tloha selemong seo sa bohlokoa, batho ba phetse nakong e mahlonoko ea liphetoho tse khōlō haholo. Se sa hlokomeloeng ke ba bangata ke ’nete ea hore boprofeta ba Bibele bo e supa e le nako ea malimabe bakeng sa batho “hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšen. 12:7-12) Letsatsi la liphetetso le atamela ka potlako. Le tla oela moloko ona ho seo Jesu a se hlalositseng e le ‘mahlomola a maholo’ a tla bona ho phethahatsoa ha kahlolo ea Molimo ho Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oo Bojakane e leng karolo e ka sehloohong ea oona. Kamor’a moo, lichaba tsohle tse hanyetsanang le ’muso oa Molimo, ’muso oa hae o tlang oa lefatše, li tla ameha ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle, le bitsoang Harmagedone ka Bibeleng, moo li tla hlōloa ka ho sa feleng.—Tšen. 16:14-16.
7. (a) Kamor’a Harmagedone, ho tla etsahala joang ka Diabolose le makhotla a hae a moea? (Tšen. 20:1-3) (b) Joale batho ba tla thabela bokamoso bo joang, joalokaha ho bontšoa ke boprofeta ba Bibele? (Tšen. 21:3, 4; Pes. 37:9-11, 29; Esa. 11:6-9; 33:24; 65:21-24)
7 Qetellong, Diabolose le makhotla a hae a meea e khopo ba tla liheloa ka sekoting sa tšoantšetso sa ho se sebetse, hona ho hleka tsela bakeng sa puso ea lefatše lohle e sa sitisoeng ea ’muso oa Molimo oa lilemo tse sekete. (Tšen. 20:1-3; 21:3, 4) Re leboha hakaakang hore ebe re tseba tsela ea Molimo ea ho tlosa bokhopo lefatšeng! Na ha rea lebella ho kenella ho joalo ha Molimo ka cheseho e matla? E, ka thabo re hoa puso e ncha ea maholimo a macha le lefatše le lecha le hloekisitsoeng tseo o li tšepisang!—2 Pet. 3:13.
KA BAKA LEO HO QETOE HORE
8. Joaloka bahlanka ba tšepahalang ba ’muso oa Molimo, re qetile hore re tla nka tsela efe re etsisa Jesu Kreste? (Mar. 1:38; Luka 4:43; Joh. 6:15; 15:19; 17:16; 18:36)
8 Rōna, Lipaki tsa Jehova, re tiisa boiteko ba rōna ho bolela ka cheseho litaba tse molemo tsa ’Muso hammoho le ho bolela ka sebete molaetsa oa Molimo oa kahlolo nakong eo re e lumelletsoeng ke Molimo. Re tla tsoela pele ho tšepahala ka moea ’ohle ’musong oa Molimo le ho loanela ho ba bafo ba tšepahalang ba oona. Hona re ikemiselitse ho ho etsa ka ho latela tsela e tšepahalang ea Jesu Kreste, re ipoloka re arohile lefatšeng, re qoba maraba a lona, re hana ho ameha likhohlanong tsa lona, ’me re sa lumelle ho sekisetsa sebaka. Le hoja hona ho re etsa ba sa rateheng le ho bokella lehloeo la lefatše, re ikemiselitse ho tsamaisoa ke metheo ea Mangolo hore mang le mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera ho Molimo.—Jak. 4:4.
9. (a) Ke temoso efe ea Mangolo eo re ikemiselitseng ho hatela pele ho fana ka eona? (b) Ho ameha eng ho tsamaisaneng le qeto ea rōna ho bea litholoana tsa ’muso le litholoana tsa moea oa Molimo? (Mar. 13:10; Joh. 13:34, 35; Ba-Gal. 5:22, 23; Ba-Kol. 3:12-14)
9 Ha re intšitse ho Babylona e Moholo, re tla tsoela pele ho fana ka temoso ea Mangolo: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” (Tšen. 18:4) Ka moea oa boitelo re ikemiselitse ho ’na re thusa matšoele a batho ba ka ’nang ba ema ka lehlakoreng la ’nete pele kahlolo ea Molimo e oela ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Ha tsela e molato ea Bojakane e rohakile lebitso la Molimo, qeto ea rōna ke ho ipaka re le barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste ka ho bea litholoana tsa ’Muso hammoho le tholoana ea moea oa Molimo ’me kahoo re tlotlise Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova.—Joh. 15:8.
10. (a) Re entse qeto ea ho etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang ka ho neelana ka ’nete ka tsela efe? (Ba-Kol. 4:6; 1 Pet. 3:15) (b) Ke mohlala oa mofuta ofe oa sebete le matla, hammoho le ho hlompha ba boholong, o beiloeng ke baapostola oo re ikemiselitseng ho o latela?
10 Ho sa tsotellehe maemo a rōna ka bomong le libaka, re tla thabela ho etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang, motšehare le bosiu. Ntle ho ho khaotsa re tla ipha monyetla o mong le o mong ho paka ka mokhoa o phethahetseng ka lebitso la Molimo le morero, re neelana ’nete ka mokhoa o ipiletsang, ‘lipolelo tsa rōna ebe tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai.’ (Ba-Kol. 4:6) Ka nako eona eo, re batla ho ba sebete, re bua Lentsoe la Molimo ka sebete sohle, haholo-holo har’a litšoso, mahloriso kapa khanyetso ea mofuta o mong. Ho tšoana le baapostola “ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:19, 20) Ha re ntse re siela marena a maholo hlompho e a lokelang, re nea Sesare lintho tsa Sesare, empa, ha ho hlaha khang e amang borapeli ba rōna le tšebeletso ho Molimo, re tla etsisa baapostola ka ‘ho utloa Molimo ho e-na le batho.’—Lik. 5:29.
11. (a) Boikemisetso ba rōna ke ho phetha mosebetsi ofe? (Matt. 24:14) (b) Ke mang eo re lebeletseng hore a re tataise, ’me na ho teng motheo oa sebele oa ho lebella hore o tla re tšehetsa? (Ba-Fil. 4:13)
11 Ka ho etelletsa pele lintho tsa moea bophelong ba rōna qeto ea rōna ke ho phetha mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho bolela temoso ea Molimo e tsoang ka Lentsoeng la Molimo. Ho phetha sena re tla tšepa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna, kamehla re itšetlehile ka tsamaiso ea hae le tlhokomelo le lipontšo tse tsoelang pele tsa lerato la hae. Lithapelong tsa rōna tse tiileng re tla kōpa Ntate oa rōna oa leholimo hore tsela ena ea rōna e be e khahlehang le e amohelehang mahlong a hae, Eena ea ka etsang “ho fetisang haholo tsohle tsee re ka li qelang le tsee re ka li hopolang.” (Ba-Ef. 3:20) Thato ea hae e ke e etsoe, e fella ka thabo e se nang moeli le mahlohonolo ho rōna le bohle ba bang ba ratang Molimo, hona joale le ka ho sa feleng.