Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Na mantsoe a Jesu ho Mattheu 18:18-20 a ka utloisisoa ho bolela hore leholimo le tlamiloe ke liqeto tse etsoang ke batho lefatšeng?
Litemana tsena li baleha tjena: “Ka ’nete ke re ho lōna: Tsohle tseo le li tlamang lefatšeng, li tla tlangoa leholimong; le tsohle tseo le li lokollang lefatšeng, li tla lokolloa leholimong. Hape, ke re ho lōna; Ba babeli ho lōna ha ba lumellane lefatšeng, ntho tsohle tsee ba li kōpang, ba tla li neoa ke Ntate ea maholimong. Hobane moo ba babeli, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng har’a bona.”
Ho ea kamoo New World Translation le liphetolelo tse ling li bontšang, lintho tse ‘tlamiloeng’ kapa tse ‘lokolotsoeng’ lefatšeng ke lintho tse seng li ‘tlamiloe’ kapa li ‘lokolotsoe’ leholimong. Mantsoe a Segerike a sebelisitsoeng mona a hlile a bolela “e seng e tlamiloe” kapa “e seng e lokolotsoe,” boemong bo seng bo phethahetse. Ka mantsoe a mang, nako ea puo e bolela hore bohato bo se bo nkiloe ka ho etsetsoa qeto leholimong ’me bo bontšoa fela ka seo ho etsoang qeto ka sona lefatšeng ke ba ratang ho bonahatsa “bohlale ba holimo.” (Jak. 3:17, 18) ‘Ho tlangoa’ ho bolela ho fumanoa motho a le molato bakeng sa kotlo; ‘ho lokolloa’ ho ka bolela ho fumanoa motho a se na molato.
Mantsoe ana a Jesu a latela puisano ea mokhoa o tšoanelang ho lateloa haeba mohlanka oa Molimo a na le “molato” o moholo oo a lokelang ho buisana ka oona le ngoan’abo. (Litem. 15-17) Hona ho ka etsa hore qoso e ee ka pel’a baena ba ikarabellang ka phuthehong hore ba e hlahlobe le ho ahlola. Haeba qoso e pakiloe kannete ’me e le mpe bo feteletseng, ’me ea molato a sa bontše pako, phello ke hore enoa o tla nkoa e le “mohedene le mo-Iekhetho.” O tla khaoloa. Sena sohle, se hloka boikemisetso. ’Me boikemisetso bona ke bona boo Jesu a neng a bua ka bona litemaneng tsa 18 le 20.
Kaha moea o halalelang o ne o tla tlela barutuoa ba Jesu ka Jesu ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ne ho ka boleloa hore “moo ba babeli, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng har’a bona.” Bohle ba bokaneng ba hlahloba taba ho ne ho tla hlokahala hore ba falimehele ho tataisoa ke moea oa Jehova. Ho ne ho tla hlokahala ka ho khethehileng hore ba kale litaba ka hloko leseling la Lentsoe la hae, ho akarelletsa litaelo le lithuto tsa Jesu, ho bona hore na mohopolo oa Jehova ke ofe boitšoarong boo ho buoang ka bona le hore na ho ka etsoa joang haeba bopaki bo paka hore liqoso ke ’nete ’me motho eo a sa bake. Koana, ba kalang litaba ka leeme ba ka ’na ba fumana ea qositsoeng a se molato, kapa bopaki ba se ke ba lekana.
Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ne ba sebeletsoa ka mohlolo ke moea o halalelang oa Jehova litabeng tse ling tsa ho ahlola, tse kang kahlolo ea Ananiase le Safira. (Lik. 5:1-11; 1 Ba-Kor. 12:4-11) Hoba lineo tsa mohlolo tsa moea li khaotse ka ho shoa ha baapostola, Bakreste ha baa lebella lipontšo tsa mohlolo tse tobileng tse tsoang leholimong hore na litaba li ka etsetsoa liqeto joang. (1 Ba-Kor. 13:8-13) Leha ho le joalo, re sa ntsane re e-na le se boleloang ke Lentsoe la Jehova ka boitšoaro bo loketseng le kamoo litaba li ka etsetsoang liqeto. Ha e le hantle, re ka lekanyetsa se seng se etselitsoe qeto leholimong tabeng. Rea lumela, ka baka la ho se phethahale ha botho, ka linako tse ling ho etsoa liphoso kahlolong, empa hona ho hatisa haholo bohlokoa ba ho tšoarella haufi haholo le litaelo tse ka Lentsoeng la Jehova ha ho sebetsoa litaba e le ho tiisetsoa hore seo ho etsoang qeto ka sona ke se seng se entsoe qeto leholimong.