Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 8/1 maq. 10-12
  • Kamoo u ka Tlohelang ho Tsuba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo u ka Tlohelang ho Tsuba
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOIKEMISETSO BA HO KHAOTSA
  • LITHUSO TSA HO TLOHELA
  • LEBAKA LEO HO KHAOTSA HO TŠOANELEHANG
  • Tsela ea ho Khaotsa
    Tsoha!—2000
  • Matlafatsa Boikemisetso ba Hao
    Tsoha!—2010
  • “U ka Khaotsa—Re Khaolitse!”
    Tsoha!—1998
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 8/1 maq. 10-12

Kamoo u ka Tlohelang ho Tsuba

Pele ho tsohle, ea tsubang a hle a be le lerato la ho tlohela. O hloka tšusumetso e matla. Jacquelyn Rogers, mothei oa mokhatlo oa ho thusa ba tsubang ho ho tlohela, o bolela hore o tšebetsong ea ho susumelletsa. O re: “re etsa hore batho ba lumele hore ba ka tlohela.” Ba bangata ba tsubang ba sitoa ho tlohela ka baka la pelaelo—ba belaela matla a bona a ho atleha.

Na mananeo a sa tšoaneng le meriana e lokisitsoeng li ka thusa ho tlohelisa? Ka ho totobetseng ho na le bao li ba thusitseng. E mong ea neng a tsuba haholo o itse: “Nka be ke sa khaotsa ntle ho thuso.” Empa kamoo Dr. Neil Solomon, ea ileng a enta enoa ea neng a tsuba ka livithamine, limineral le “novocaine,” o ile a lumela ka phekolo ena: “Ha ho mohlolo oa letho ka eona. “Haeba u sa batle ho tlohela, e ke ke ea sebetsa.”

BOIKEMISETSO BA HO KHAOTSA

E, katleho e itšetlehile ka ho feletseng ka boikemisetso ba ea tsubang le lerato la ho khaotsa. Ntle ho boikemisetso bona, ha ho pheko ea letho e loantšang ho tsuba e tla atleha. Empa ka bona, motho a ka atleha ntle ho ho lefella pheko e ’ngoe e lefelloang haboima ea ho loantša ho tsuba. Karolo ea 90 lekholong ea ba neng ba tsuba e ile ea tlohela ntle ho lithuso tse joalo. Joalokaha makasine ea World Health e itse: “matla a maholo a tla atlehisa kapa a hlōlise e tla be sa le e le boikemisetso ba ea tsubang. Ho saletseng ke ho tla itlisa.” Empa motho a ka fumana boikemisetso ba ho tlohela joang?

Ho ba bangata, ho ’na ba ikhopotsa nako le nako hore ho tsuba hoa bolaea ho ba file boikemisetso. Joalokaha ngaka ea Miami e ka boroa, e neng e rata ho tsuba, e re: “Tšabo ke lona lebaka feela leo ke sa tsubang ka lona.” Mananeo a mang a loantšang ho tsuba a hlaolela eona tšabo ena, a hatisa tšenyo e tšabehang eo ho tsuba ho e etsetsang ’mele. Ea ithutetseng kelello David M. Fineman o hlalosa tšebetso ea monahano o mobe e ileng ea mo thusa, hammoho le ba bang hore ba khaotse: “Ke ne ke ee ke hule sakarete ’me ke tšoantšetse ka kelellong tšenyo ea hona hoo eo e e etsang ’meleng oa ka. Ka letsoalo le hlaphohileng ka leka ho phelisa litšoantšo tsena tsa boinahanelo.”

Katamelo e joalo, leha ho le joalo, ha e fane ka tšusumetso e lekaneng hore ba bang ba khaotse. Joalokaha mosali oa lelapa oa New York a hlalositse: “Hoja ka ea ngakeng ’me ea mpolella hore ke tla shoa ke kankere ha ke sa tlohele ho tsuba nka be ke sa tlohela. Ho tsuba e ne e le ntho ea sehlooho bophelong ba ka, ea bohlokoa le ho feta lijo ho ’na. Ke ne ke tsuba nako le nako. Ke ne ke be ke tsamaee ka tlung ke nkile sekotloloana sa molora.” Ke tšusumetso efe e matla ho feta moo e ka thusang ba seng ba lemetse haholo ke ho tsuba hore ba tlohele?

Mosali enoa oa lelapa oa New York a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Empa ho ithuta hore ho tsuba ho hanana le molao oa Molimo, ka bohona, ha hoa ka ha mo nea boikemisetso bo lekaneng hore a khaotse. O re: “Ke ne ke batla ho khaotsa, empa ke ne ke se ke ho lemalletse haholo. Ke ne ke se na matla a ho etsa joalo.”

A hlalosa hore na ke eng e ileng ea qetella e mo entse hore a ikemisetse ho khaotsa. “Monna oa ka a amohela linnete tsa Bibele tseo a ithutang tsona, a khaotsa ho tsuba ’me a kolobetsoa. Ka tlala teboho! Ke ne ke sa batle ho etsa letho ho thibela ho sebeletsa ha rōna Jehova Molimo ka ho amohelehang le ho fumana bophelo tsamaisong ea hae ea lintho e ncha, kahoo ka ikemisetsa ho khaotsa le ’na.” A fela a ho etsa.

LITHUSO TSA HO TLOHELA

Ho na le lithuso tse ka fumanehang ho susumetsa boikemisetso ba hao ho tlohela. Ea bohlokoa haholo ke thuso eo Molimo o fanang ka eona. Mosali oa lelapa oa New York ea boletsoeng pelenyana a hlalosa: “Ke ne ke rapela Jehova ntle ho khaotso ’me ka thuso ea hae ka tšoarella qetong ea ka hore nke ke ka hlola ke tsuba hape.” Empa ba bang ba rapela empa ba sitoa ho khaotsa. Bothata ke bofe?

Mohlomong ke hore na ba rapela neng. E mong ea tsubang o ne a rapela hoseng le bosiu hore a fumane matla, ’me, kamor’a ho fokola le ho tsuba, o ne a rapela Jehova ho mo bolella hore o soabetse seo a se entseng. Motsoalle oa Mokreste a mo botsa: “Na nako eo u hlileng u hlokang thuso ea Molimo ka eona hase motsotso oo u nanabelang koae ka oona?” Ha monna eo a qala ho rapela ka motsotso oo, a fumana thuso ea ho khaotsa ho tsuba!

Metsoalle e tšehetsang, haholo e hlōtseng mokhoa oa ho tsuba ka boeona ’me kahoo e ka tiisa hore ho ka etsoa, ke lithuso tsa bohlokoa. Kahoo batla metsoalle e joalo. E tsebise ka qeto ea hao ea ho khaotsa ho tsuba, ’me u kōpe hore e u tšehetse.

Tsela e molemo haholo ea ho khaotsa ke efe? Ke ka ho fokotsa palo ea lisakarete tse tsujoang tsatsi le leng le le leng, kahoo u tlohela butle-butle? Kapa ke ka ho bea letsatsi ’me u khaotsa ha bohlasoa feela mohla letsatsi leo?

Ho fapana le se nahanoang ke ba bangata, boithuto bo kopanetsoeng ba ba neng ba tsuba bo bontšitse hore ba tsubang ba tseba ho hlōla boikutlo ba ho tlohela hamolemo ka ho tlohela feela ka tšohanyetso. Bafuputsi Saul M. Shiffman le Murray E. Jarvik ba Univesithi ea California e Los Angeles ba hlalosa hore ho fokotsa butle-butle ho ka hla ha “lelefatsa mahlomola a bona [ba tsubang] ka hore ba ’ne ba tiise boikutlo ba bona le boitšoaro ba bona ba ho tsuba ke ho ’na ba tlohela ba qalisa. Bonneteng, boemo bona bo thata ba ho tlohela bo tla etsa hore motho a tlohele a boele a khutlele hape mokhoeng oa hae oa ho tsuba ha pele.”

Matsatsi a seng makae a pele kamor’a ho tlohela e ka ’na ea e-ba a thata haholo. Kahoo, e le thuso, nahana ka melemo ea ho se tsube. O mong ke chelete e bolokoang. E ka ’na ea e-ba ngata haholo! “Hona joale ke ntse ke boloka $2 ka letsatsi ka lekotikoting la kofi—chelete eo nka beng ke e sebeliselitse lisakarete pele,” kamoo ho ngotseng monna e mong. “Ke hakanyetsa hore likhoeling tse tlang tse 12 e tla fihla kaholimo ho $700, e lekaneng hore nka rekela mosali oa ka jase ea ‘fur’ kapa ntho e ’ngoe.”

Ka boikemisetso bo matla, ba bangata ba tsubang ba ’nile ba ho tlohela beke kapa nakoana, ba mamella bohloko ba pele ba ho e tlohela. Empa, kamoo World Health e hlokomelang, “ho qaleha karolo e thata, e qalehang hangata pakeng tsa beke ea pele le ea boraro. Ho khutlela ho qaleha hona moo.” Kahoo ho hlokahala hore ntoa e tsoele pele!

Neng le neng ha u utloa ho hlokahala hore u tsube sakarete, phefumoloha ka matla habeli kapa hararo. Lula u na le ntho e ’ngoe eo u ka e akhelang ka hanong. Akhela lintho tse kang morara, makotomane le litholoana tsa sonobolomo, kapa u je sehoete le selleri, kapa u hlafune “gum.” Noa lintho tse metsi haholo—lino tse molemo tse kang maro a litholoana kapa a meroho kapa metsi feela. Hape, lokisetsa lijo tse leka-lekaneng haholo.

Ho hlakisa ’mele haholoanyane e ka ba thuso ea sebele. Mohlomong leka mekhoa e kang ho matha, thenese, ho palama baesekele kapa ho sesa. Itšarolle haholo. Fumana phomolo e ngata. E-ea tlung kapele ho qoba ho khathala methapo. Nahana haholo ka ho ithuta ho khatholoha. Haeba u hlile u batla, u tla khaotsa ho tsuba!

LEBAKA LEO HO KHAOTSA HO TŠOANELEHANG

Melemo ea ho khaotsa e mengata. E akarelletsa bophelo bo ntlafetseng le tebello ea bophelo bo lelefetseng, empa ho na le e meng e mengata. E mong ea neng a tsuba a hlokomela: “Ke boetse ke fumane bocha menyaka ea tlhaho le e bonolo kaofela e teng, ea tatso, ka mohlala. Ho tsamaea merung, ke hlokomela menko e se e sa nkhe ka ho tšoana—e fapane, e le mengata, ho tšoana le ho kena tikolohong e ncha ho hang.”

Molemo o moholo ka ho fetisisa, leha ho le joalo, o ho hlokomeleng hore ka ho tlohela u itlhatsoa mokhoa o sa khahliseng Molimo, hammoho le ba bangata bao u ahisaneng le bona. Haeba u batla ho thusoa ho tlohela ho tsuba kaha u lakatsa mohau oa Jehova Molimo, ngolla bahatisi ba Molula-Qhooa. Ba tla thabela ho u rōmella lapeng la hao ’moleli ea tšoanelehang ea tla thabela ho u nea boitsebiso bo tsoetseng pele ba Mangolo le tšehetso ea boitšoaro ho u thusa ho tlohela.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela