Ea ba Thusa ho Tlohela ho Tsuba
Seithuti se senyenyane sa Belgium sa tlohela ho tsuba. Eare ha monyetla o itlhahisa, sa hlalosetsa liithuti tse ling lebaka. Sa li bontša se boleloang ka taba ena ho Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, se ba fa libuka tsena.
Seithuti se seng sa tlohela ho tsuba kamor’a ho bala buka. ’Mè oa seithuti se seng a bala buka, ’me a hanela mora oa hae ho ’na a tsuba. ’Mè e mong a batla libuka tse ling hape. Motsamaisi oa sekolo a khahloa ke se etsahalang, ’me le eena a thahasella libuka tsa Lipaki tsa Jehova. Kaofela, ha tsamaisoa libuka tse 30.
Ntle ho ho bua ka ho tsuba, buka ena e nka taba ea ho sebelisoa ha lithethefatsi le tahi, le litaba tse ling tse ngata tse amang bacha, ho akarelletsa lipapali. ’mino, motjeko, ho laetsana le lefereho. Fumana e ’ngoe ka ho tlatsa le ho tlatsa le ho rōmela leqetšoana lena.
Ka kōpo, poso e lefelletsoe, nthomelleng buka e sekoahelo se thata ea maqephe a 192 “Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona.” Ke kenya lisente tse 60.