Na Molimo o Hlile o Teng?
KA NAKO e ’ngoe Napoleon o kile a botsa molepi e mong ea ka sehloohong oa Lefora oa mehleng ea hae, Laplace, hore na ke hobane’ng ha a sa bua ka Molimo bukeng eo a tsoa e hatisa Celestial Mechanics. A arabela ka hore, “Monghali, ha ke hloke khopolo eo.”a Ka ho totobetseng, Laplace e ne e se eena oa ho qala kapa oa ho qetela ho ba le maikutlo a nyelisang joalo ka Molimo.
Empa ha ho bapisoa le ba sa lumeleng joalo ho ema “likoankoetla” tsa mahlale tse kang Sir Isaac Newton, ea kileng a bolela hore ha a ngola Principia ea hae o ne a beile leihlo la hae ho hatiseng bopaki ba hore Molimo o hlile o teng, ke Oa sebele. Kajeno ho bonahala hore balepi ba bangata ba ntse ba tloha boemong ba Laplace ho ea ho ba Newton.
Ka mohlala, Robert Jastrow, e mong oa balepi ba ka sehloohong ba Amerika, o ile a ngola ka taba “Na Balepi ba Fumane Molimo?” Har’a tse ling, a re: “Ba thuto ea bolumeli ba itumetse hore bopaki ba bolepi bo isa maikutlong a Genese—empa ho makatsang, balepi ba koatile.”
Ka balepi bana, Jastrow o re: “Liketso tsa bona li fana ka pontšo e khahlisang ea karabelo ea kelello ea ba thuto ea mahlale—eo ho nahanoang hore ke kelello e tsamaisoang ke linnete tse teng—ka nako eo bopaki bo sibollotsoeng ke thuto ea mahlale ka bo bona bo loantšanang le litaba tsa seo re se lumelang thutong ea rōna. Ho totobala hore mohlalefi o itšoara ka tsela eo re itšoarang ka eona kaofela ha rōna ha seo re se lumelang se loantšana le bopaki bo teng. Rea khopeha, re ikaketse joalokaha eka toantšano ha e teng, kapa re ngole lipolelo tse ngata tse sa reng letho.”
Ho khahlisang, Jastrow o bea bopaki lintlheng tse tharo tse supang ’nete ea hore lilemong tse fetileng tse ka bang limillione tse 20 ho ile ha ba le ho phatloha ho hoholo ho ileng ha fella ka linaleli tse ileng tsa jaleha hohle ka lebelo le leholo, tse ling ka lebelo la limaele tse limillione tse 100 ka hora! Hape, ho hakantsoe hore ha linaleli tsena li ntse li ea hole li ntse li chechela morao ho ea pele. Hape o tlaleha hore pele Einstein—’me e seng Einstein feela—o ne a le lekhonono haholo ka khopolo ena ea ho “phatloha ho hoholo” ha tšimoloho ea bokahohle, a bolela lintho tse kang: “Ho lumela menyetla e joalo ho bonahala e le ho hloka kelello ho ’na.” “Boemo bona ba bokahohle bo atolohang boa khopisa.”
Leha ho le joalo, ho tlotlisoeng ha Einstein, hamorao o ile a lumela hore khopolo eo e na le kelello ho eena, joalokaha ho le joalo ka eona ho bahlalefi ba bang ba bangata hakana. Maikutlo a joalo ka tšimoloho ea bokahohle, kamoo ho hlokometseng Jastrow, bonyane a lumellana le polelo ea Bibele hore bokahohleng bo bonahalang bo bile le tšimoloho: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.”—Gen. 1:1.
BOPAKI BO BONG HORE MOLIMO O HLILE O TENG
’Nete ea hore bokahohle bo bile le tšimoloho hase eona feela e pheang khang hore Molimo, ’Mōpi, o hlile o teng, empa ho pakang hape ke tumellano le taoleho e bonahalang hohle. Ke kahoo molepi e mong oa ba etellang pele ba England, Sir Bernard Lovell, a ileng a ngola “lipono tsa hae tse hlollang tsa lipatuoe tsa tumellano ea molao oa tlhaho, tse senolang bohlale bo phahameng hoo, ha bo bapisoa, monahano ’ohle o hlophisitsoeng le tšebetso tsa batho li fokolang ho se nang molemo.”
Ka mohlala, nahana ka mabaka ’ohle a sebelisanang ho etsa hore bophelo bo be teng naletsaneng ea rōna, Lefatše. Letsatsi le hole le lefatše ka limaele tse limillione tse 93. Hoja lefatše le ne le atametse ka limaele tse limillione tse seng kae ka tlase ho moo, bophelo bo ne bo ke ke ba e-ba teng ka baka la mocheso o matla. Ka lehlakoreng le leng, hoja lefatše le ne le le hole ka limaele tse limillione tse ngatanyana ho moo le leng teng hona joale, bophelo bo ne bo ke ke ba e-ba teng ka baka la mohatsela.
Hape nahana ka moea oo re o phefumolohang. Re ke ke ra phela ntle ho moea o hloekileng, karolo tse 21 lekholong tsa sepaka-paka ke moea o hloekileng. Empa hoja moea o hloekileng o ne o imena habeli ka bongata ho moo kapa o le habeli ka tlase ho moo ka bongata, bophelo kamoo re bo tsebang, bo ne bo ke ke ba atleha lefatšeng. Joale ho teng tumellano le tekano pakeng tsa limela le liphoofolo. Limela li amohela moea o litšila empa li ntša moea o hloekileng, ha libopuoa tsohle tse phefumolohang li amohela moea o hloekileng ’me li ntša moea o litšila. Tumellano eohle e joalo le tekano li bile teng joang? Na hase bopaki ba hore Molimo o teng?
Bopaki bo matla ka mokhoa o tšoanang ba hore Molimo o hlile o teng bo bonoa ka lisele tse limillione millione tse etsang ’mele oa motho. Li nyenyane hakaakang! Empa e ’ngoe le e ’ngoe ea lisele tsena tse limillione e ka tšoantšoa le motse oa qhobosheane moo metsoako, lihaha ’mele le maro li etsoang teng. Mosebetsi ona kaofela o tsamaisoa ke setsi, ’me lintho tse hlahisoang moo li kenngoa le ho ntšoa ka liseleng ka mecha e rarahaneng. Tse ling tsa liphatsa tse ka liseleng tsena li nyenyane hoo li ke keng tsa hōlisoa hore li bonoe leha li ka hōlisoa ka makhetlo a 200 000! Hase ho makatsang hore koranta e ka sehloohong ea Amerika ea bongaka e ile ea bolela hore karolo tse 80 lekholong bonyane tsa bahlalefi lekaleng la lintho tse phelang e lumela hore bophelo bo laoloa ke matla a mang a phahameng.
Bopaki bo bong ba hore Molimo o fela o le teng bo bonoa lefutsong la liphoofolo. Ke hobane’ng ha linonyana li ka fofa li sa fose ka likete-kete tsa limaele ho ea moo li itheretseng ho ea teng, ’me li etsa joalo ho sa tsotellehe boemo ba leholimo? Likokoanyana tse kang linotši le bohloa li bontša bohlale bo bokaakang! Hape hlokomela ho hlolla ha lihlapi tse bitsoang “eel.” Lihlapi tsena tsa Europe le tsa Amerika li tla leoatleng la Sargasso ho behela ’me li shoela hona moo. Ha mahe a tsona a qhotsoa, malinyane a tsona a khutlela habo ’m’a oona. Ho boleleha hore ha ho mohla u tla fumana hlapi ena e le ea Europe metsing a Amerika, kapa ea Amerika metsing a Europe. Ke’ng se etsang hona?
Bopaki bo ke ke ba hanyetsoa: Ho na le Mohloli oa Pele o moholo. Ruri Molimo o teng. Ruri o entse meeka e se nang palo. Batho ba bang, lebitsong la thuto ea mahlale, ba ka latola mehlolo ena. Leha ho le joalo, kamoo ho ileng ha hlokomela seroki sa Lenyesemane Cowper ka lekhetlo le leng: “Hohle hoo re ho bonang ke mehlolo, empa ha e bonoa [khafetsa] hakana, hohle ke mohlolo oa lefeela,” empa ha ho joalo ho ba lumelang hore Molimo o hlile o teng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha re feta, ho ke ho hlokomelehe hore khopolo ka ho qaleha ha tsamaiso ea letsatsi eo Laplace a e ntšelitseng pele ho Celestial Mechanics ea hae e nketsoe sebaka ka likhopolo tse ling tse ntseng li sa fella ka mokhoa o tšoanang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Sele e phelang—mohlolo oa tlhophiso
Ho falla ho sa foseng ha linonyana
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Malinyane a “eel”—a sesa ho khutlela metsing a habo ’m’a oona