“Hoseng ho Hong ka 1914”
“Hang feela, ka tšohanyetso, hoseng ho hong ka 1914 ntho eohle ea fela,” kamoo ho boletseng eo e neng e le tona-kholo ea Brithani Harold Macmillan puong ea hae Univesithing ea Yale. A bolela hore ntoa e khōlō e qalileng ka 1914 e tšoaile ho fela ha “lilemo tse 100 tsa khotso le tsoelopele” ’me ea tšoaea “Ho fela ha mehla.” Pele ho moo ho bonahala lefatše le ne le le mehleng ea “tsoelopele e itlisang” mo “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e tsoela pele hamolemo,” kamoo ho boletseng ramolao ea lilemo li 86. A re: “Ke lona lefatše leo ke hlahetseng ho lona.”
Macmillan joale a hlokomela hore Selekane sa Lichaba e ne e le “boiteko ba ho hlahisa hape mehleng e mecha ntho ea botsitso bo qapiloeng ke lichaba tse khōlō” pele ho 1914. Empa Selekane sa hlōleha, kamoo a boletseng, hobane ho ne ho se ho se teng “boikutlo leha e le bofe ba tšireletseho bo neng bo bile teng ka lilemo tsa pele tse 100 tsa khotso.”
Kahoo, moholo e mong ea hlomphehang a phaella ka lentsoe la hae ho a bo-ramolao ba bangata le bangoli ba histori bao, ha ba hetla litaba morao, ba hlokomelang bohlokoa ba selemo sa 1914. Empa, lilemo tse mashome pele ho selemo seo, liithuti tse ineetseng tsa boprofeta ba Bibele li ne li supile 1914 e le moo litaba li tla fetoha teng. (“Bible Examiner,” Mphalane 1876, maq. 27, 28) Boprofeta bona ba Bibele ba boetse ba bontša hore “moloko” o boneng liketsahalo tse qalileng ka 1914 o tla boela o bona “ho fela ha lefatše.”—Mattheu 24:3, 7-22, 32-35.