Ho Sebeletsa Molimo Linakong Tse Thata
MARIHENG a 1946, ho ne ho khetheha lehloa ka matla naheng ea Europe e ka bochabela eo ke phelang ho eona. Letsatsing lena le khethehileng lehloa la sitisa maeto a literene, eaba ke emela lehahla seemelong sa literene bakeng sa ho ea motseng o moholo. Ba bang ba supa motsana o mong moo ho neng ho thoe ho na le tšebeletso ea libese. Empa ha ke fihla moo, ka fumana ho se libese tse tsamaeang.
Ka makhetlo a mangata likhoeling tse fetileng tse ngata ke ne ke ile ka tloha motseng o moholo ho ea ba mong metseng e ka thōko. Moo ho khutsitseng, ke ne ke ee ke khumame ’me ke rapele Molimo. Hoba ke pholohe lilemo tse sisimosang tsa Ntoa ea II ea Lefatše, ke thapelo e joalo feela e neng e mpha khotso le ho nkhotsofatsa. Ke ne ke le Mok’hatholike ea neng a lumela ka matla ho Molimo, empa ho rapela kerekeng ka pel’a litšoantšo tse se nang bophelo ho ntlisetsa matšeliso a fokolang. Ha e le hantle, ho hlokomela boitšoaro ba baprista ha nketsa hore ke ikemisetse hore nke ke ka hlola ke ea kerekeng.
Letsatsing lena—ke tsietsoe ka nakoana, ke lapile ke bile ke khathetse—ka bona tsebiso “Lebaka” ntlong e ’ngoe ea motse. Le hoja mofumahali oa lelapa leo a ile a tsebisa hore lebaka ha le sebetse, ka mosa a mpha bohobenyana ho ba hae ba lapeng. Ka botsa: “Na u ka ntumella hore ke mpe ke lule fatše, ke phomole?”
Ha ke ntse ke lutse, ka hlokomela buka tafoleng. Ha ke utloa hore ke Bibele, ka e thahasella haholo. Ka nako e telele ka bua le mosali enoa le monna oa hae, ke fumana hore ke Lipaki tsa Jehova. Seo ke ileng ka se utloa se ne se tšoana le metsi a pholileng ho motsamai ea nyoriloeng. Banyalani ba mpolella hore ba ka nketela ka Sontaha se tlang.
Ka Sontaha seo se tlang ke ne ke lokile. Ka ba ka lokisa lijo hore re ka ba le nako e ngatanyana ea ho bua re lokolohile. Empa ba se ke ba tla. Monna oa ka a rata eka nka lebala ka ‘bolumeli bona bo bocha.’ Ka tsieleha haholo, ke bile ke nahana ho ipolaea. Empa morali oa ka e moholo a ntlela le lengolo le tsoang ho Lipaki. Li ne li sa lebala! Ka potlako re ne re thusoa ho utloisisa Bibele lapeng la rōna. Bana ba ka ba kopanela, ho akarelletsa morali oa ka ea lilemo li 15, mora oa ka ea lilemo li 10 le morali oa ka e monyenyane ea lilemo li robong. Kaofela ba ne ba lokisetsa thuto ea bona hantle, ba ngola likarabo tsa lipotso bukaneng.
Ka qala ho kopanela le ba bang lintho tseo re ithutang tsona, ’me hona ha nthabisa le ho ’matlafatsa moeeng. Ka Phato 1947 morali oa ka e moholo le ’na ra kolobetsoa, kahoo re tšoantšetsa boineelo ba rōna ho Jehova Molimo.
KHANYETSO EA MONNA OA KA
Monna oa ka o ne a tahoa hangata, ’me a nkhathatsa ka ’nete. A re hanela ho ea libokeng tsa Bokreste. Kahoo ka linako tse ling ’na le morali oa ka re ne re ea tlung kapele, e re, ha a sa re hlokomele, re apare ’me re tsoe ka tlung. Ka lekhetlo le leng, a nkile selepe, a tlatsa lerata hore o tla mpolaea. A tsokotsa selepe, empa, kaha o ne a tahiloe, sa fosa, sa oela kamor’a ka. Ka khona ho pholoha.
Monna oa ka a loana haholo joale, ka letsatsi le leng a leka ho mpolaea ka thipa e khōlō. Morali oa ka e monyenyane le ’na ra pholoha ho ea tlung ea Lipaki tse ling tse neng li lula haufi, monna oa ka a ntse a tla a re lelekisa. Kaha Lipaki li ile tsa mo hanela ho kena, a choatla lifenstere, ’me sepolesa sa tlameha ho kenella.
Mathoasong a selemo ka 1948 monna oa ka a fana ka taelo e matla: “U ikhethela lelapa kapa Jehova!” Ka ikhethela ho tloha lapeng, ntlo ea rōna e likamore li ’nè e nang le thepa, ho e-na le ho tela seo re ithutileng sona. Ka nka feela lintho tseo e leng tsa ka le bana ba ka ba bararo. Sohle seo re neng re se nkile se ne se ka nkuoa ke motho a le mong.
LILEMO TSE PELI TSA THABO
Kamor’a lintho tsena tseo ke fetileng ho tsona ke ne ke khathetse ’meleng le kelellong, empa bonyane ke ne ke lokolohile mahlorisong a lelapa. Lipaki tse phelang ka ntle ho motse o moholo tsa re amohela malapeng a tsona.
Ka Motšeanong 1948 morali oa ka e moholo a qala ho bula-maliboho, kamoo mosebetsi oa boboleli oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova o bitsoang. A ea karolong e ka boroa ea naha, ’me hamorao a re khothalletsa hore re ee ho eena. Ha re fihla, ho ne ho se phutheho ea Lipaki tsa Jehova moo. Ka khona ho fumana mosebetsi, hammoho le likamore tse peli tse nang le thepa. Kamore ea rōna e nang le piano ea beelloa ka thōko e le Holo ea ’Muso.
Ra qala ho bolela le ho fumana batho ba thabelang. Lipaki tsa motse o haufi le moo tsa tla ’me tsa fana ka lipuo tsa phatlalatsa tsa Bibele ’me tsa re thusa ho hōla moeeng. Ka nako ea phomolo ea sekolo ka 1949 morali oa ka e monyenyane a etsa mosebetsi oa bopula-maliboho ba phomolo, ’me selemong se latelang eena le mora oa ka ba kolobetsoa. Leha ho le joalo, se ileng sa etsahala ka 1950 sa khaoletsa bophelo bo thabileng le hoja bo ne bo le thata boo ke neng ke e-na le bona le bana ba ka.
TUMELO E MATLAFATSOA KE LITEKO
Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa thibeloa, ’me hoo e ka bang bohle ba tsejoang ke sepolesa, ho akarelletsa ’na le morali oa ka e moholo, ba tšoaroa. Mora oa ka ea lilemo li 13 le morali ea lilemo li 12 kahoo ba hlokisoa tlhokomelo ea ka. Lelapa le leng la nka mora oa ka, le leng morali oa ka.
Morali oa ka e moholo a lokolloa chankaneng kamor’a likhoeli tse tharo. Ka kena litlamong likhoeli tse ’nè ho feta moo. Ha ke lokolloa, ka laeloa hore ke tlohe sebakeng seo. Ra nka feela liaparo tsa rōna le lintho tsa ho robala, ’me ka bone ba rōna ra leba motseng o mong moo re ileng ra amoheloa ke Lipaki. Liphihlelo tsa ha ke le chankaneng, le ho ea sebakeng se seng, tsa tiisa tumelo ea ka le kananelo bakeng sa tlhokomelo ea Jehova le tataiso.
Kamor’a likhoeli tse seng kae morali oa ka a qala ho bulamaliboho hape. Ka baka la thibelo, leha ho le joalo, o ne a sa bolele ka ntlo le ntlo. Kahoo o ne a etela batho ba seng ba ntse ba khahleha, a ba nea libuka tsa Bibele le ho ithuta Bibele le bona.
Ka 1952 mora oa ka a qeta sekolong. Joale ra fallela motseng o hole ka lik’hilomithara tse 100, moo eena le ’na re ileng ra fumana mosebetsi mapolankeng. Kaha ke ne ke sa sebetse letšehare lohle, e bile monyaka ho qalisa ho bula-maliboho.
Nakoana kamor’a mona Lipaki tse ’maloa, ho akarelletsa ’na le mora oa ka, tsa tšoaroa ka baka la ho bolela molaetsa oa Bibele. Leha ho le joalo, kaha re ne re sebetsa, ra lokolloa kamor’a matsatsi a mabeli feela. Lipaki tse ngata tsa emela nyeoe, ’me tsa ahloleloa chankaneng nako ea ho ea fihla lilemong tse 15. Empa ra ’na ra bolela ’me kamora nakoana batho ba 35 ba kolobetsoa sebakeng sa rōna.
Morali oa ka e moholo a tšoaroa hape ka 1953. Nakong ea lipotso o ile a shapuoa ’me hamorao a ahloleloa lilemo tse ’nè chankaneng. Nakong eona ena morali oa ka e monyenyane a qeta sekolong, ’me eena le khaitseliee ba qala ho bula maliboho. Selemong se latelang, ha a le lilemo li 16 feela, a tšoaroa ’me a kenngoa litlamong khoeli. Joale a beoa lehaeng la banana ba tlase lilemong ba khathatsong le molao.
Kaha ke ne ke tsongoa ke sepolesa ka baka la mosebetsi oa ka oa ho bolela, ka sitoa ho ba teng nyeoeng ea morali oa ka. Kaha o ne a se na batsoali ba mo hlokomelang, a ahloleloa nako e sa tsitsang tsamaisong ea tokiso. Ka baka la botumo ba hae bo botle, o ne a tšepuoa hore a ka isa melaetsa motseng, ’me re ne re bonana hangata. Tsena e ne e le linako tsa thabo e kaakang.
Joale ka rōmeloa motseng o mong ho ea bula-maliboho. E bile nako ea teko ho ’na. Barali ba ka ba babeli ba ne ba le chankaneng. ’Me ke ne ke bona mora oa ka seoelo, kaha o ne a bula-maliboho karolong e ’ngoe ea naha. Leha ho le joalo, re ne re bonana libokeng tsa bo-pula-maliboho, tseo ka linako tse ling li neng li nka matsatsi a mangata. Mekete ena ea moea e ne e etsetsoa malapeng a thōko a Lipaki. E ne e le linako tsa thabo e kaakang!
Ho ea qetellong ea 1955 ka kōpuoa ho thusa ho etseng, hammoho le ho tsamaiseng libuka tsa Bibele. Mosebetsi o ne o le boima, empa re tseba hore na ke oa bohlokoa hakae. Re fumana matla ka ho bona thabo ea baena ba neng ba thabile hakana ho fumana “bohobe” (ke seo re neng re se bitsa Molula-Qhooa) Le hlama e lubiloeng (eo e neng e le libukana). Hape, neng le neng ha ke lokolohile ke ne ke bolela libakeng tsa boikhathollo, ke qalisa ho qoqa le batho ’me ke thea maeto a ho boela.
RE BULA-MALIBOHO KAOFELA
Mathoasong a 1956 morali oa ka e monyenyane a lokolloa, ’me a tsoela pele moo a neng a siile teng tšebeletsong ea bopula-maliboho. Hoo e ka bang likhoeli tse tharo hamorao morali oa ka e moholo a lokolloa chankaneng, ’me le eena a phakisa a qala ho bula-maliboho. Hoba a lokolloe, ra kopana ka bone ba rōna sebokeng sa bo-pula-maliboho, seo re ke keng ra se lebala.
Ka lilemo tse hlano tse latelang ra kopana nako le nako. Qalehong, e mong le e mong ho rōna o ne a bula-maliboho sebakeng sesele. Kahoo kae le kae moo re neng re teana teng e ne e le “lapeng.” Marulelo a re okametseng ka mehla e ne e le leholimo le leputsoa, ’me ka linako tse ling fatše e le botala, kapa bosoue, ho itšetlehile ka hore na ke nako efe ea selemo.
Ra qala ho sebetsa ka mechine ea khatiso ea motlakase ho etsa libuka tsa Bibele. Ka lekhetlo le leng ntlo e nang le thepa ea khatiso le pampiri ea cha lore. Ba boholong ba fumana hore ho na le mochine oa khatiso ntlong ena e cheleng, empa ha ho ea ileng a tšoaroa. Joale ra ba le kabelo mosebetsing o khethehileng. Ka thusa ho hatisa buka e ntle Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape.
Phomolo ea rōna ea lehlabula ea 1961 ra e nka re le lelapa le baena ba mofuthu motseng o tšoasang lihlapi. Ra tseba ho phomola leoatleng le ho fumana matla a ho sebetsa ka selemo se latelang. Re sa hlokomele hore na re emetsoe ke eng.
LELAPA LA RŌNA KAOFELA LITLAMONG
Ka Phato morali oa ka e moholo a tšoaroa, hammoho le mora oa ka. Joale, likhoeli tse tharo hamorao, morali oa ka e monyenyane le ’na ra tšoaroa. Ra tšoaroa ke ba lipotso nako e fetang selemo.
Ha re le litlamong, ka kōpa ho ea bona ngaka ea meno ea chankane. Ha ke eme moleng, mosali oa motšoaruoa ea pel’a ka a mpotsa hore na ke hobane’ng ha hlooho ea ntlo e ne e ntlatselitse lerata maobane. Ha ke mo bolella hore ke ka baka la ho qoqa le Lipaki tse ling ha re ntse re thapolla maoto, moroetsana ea pel’a mosali enoa a ntšoara. A nkopa ka liatla ka thabo, a bolela hore le eena ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ne a sebetsa kahlolo ea lilemo tse tharo ka baka la ho etsa libuka tsa Bibele. Ka nako eo ke ne ke sa tsebe hore o tla qetella e le ngoetsi ea ka—“morali oa ka oa boraro.”
Ha ke ntse ke le litlamong ke ne ke kopana hangata le bana ba ka ka mangolo. Lengolo le leng le le leng le ne le hlahlojoa habeli ka molao. Re ne re ngola litaba tse ngata haholo tsa Bibele ka mangolong e le hore bahlahlobi ba poso ba ka fumana bopaki bo bongata ka merero ea Molimo. Ka nako e ’ngoe mosali ea seng a hōlile, e le hlooho ea lekala, a mpitsa ka seleng ea ka. A nkisa karolong e ’ngoe ea chankane ho ea qoqa, a mpotsa hore na ke hōlisitse bana ba ka joang. A bolela kamoo ba mamelletseng ka sebete chankaneng. A bolela hore le batho bohle ba mosebetsing ba khahloa ke mangolo a rōna haholo.
Ha e-ea ba ho fihlela ka 1963, hoo e ka bang selemo le likhoeli tse tšeletseng hoba re tšoaroe, moo ba ileng ba qala linyeoe ka lekhotleng. Tsa nka matsatsi a mararo. Morali oa ka e moholo a ahloleloa lilemo tse tharo chankaneng, ha mora oa ka a ahloleloa lilemo tse peli. ’Na le morali oa ka e monyenyane ra lokolloa. Nako eo re e lutseng chankaneng ea nkoa e le kotlo ea rōna.
HOBA RE LOKOLLOE CHANKANENG
Hoba re lokolloe, baena ba mofuthu ba re amohela le morali oa ka ’me ba re thusa hore re hlaphoheloe ’meleng. Nakoana kamor’a moo mora oa ka a lokolloa, ’me ka boraro ba rōna ra phela le baena. Ka fumana mosebetsi litšepeng, mora oa ka a fumana mosebetsi libeseng ’me morali oa ka a fumana mosebetsi oa ofisi. Lapeng, kamor’a mosebetsi, kaofela re ne re thusa ho hatisa khatiso ea bobeli ea buka “’Nete e be ea Molimo.”
Morali oa ka e moholo a lokolloa chankaneng ka Loetse 1963. Ra khutlela sebakeng seo re neng re sebelitse ho sona lilemong tse fetileng tse 15. Moo ra fumana ntlo ea khale ’me, ka thuso ea baena ba neng ba phela haufi le moo, ra khona ho e lokisa. Bana ba qala ho bula-maliboho kaofela ha bona.
Monna oa ka o ne a ’nile a re batla, empa kaha re ne re le mosebetsing oa nako e tletseng oa boboleli, ha ho mohla a ileng a re fumana. Ke ne ke tseba moo a phelang, kahoo kamor’a ho arohana ka lilemo tse 10 ka khothalletsa bana ho mo etela. Ka nako ena o ne a sa ntsane a tahoa.
Joale, ka 1963, ka utloa hore monna oa ka ha a sa noa. Ka mo rōmella aterese ea rōna e le hore a ka etela bana. Ha a chakile ka lekhetlo la pele, mora oa ka o ne a se a nyetse. A bona hore re phela ka khotso le ka kutloano. A memeloa lechato la morali oa rōna e moholo, kamorao ho moo a bolela hore o lakatsa ha Lipaki tsa Jehova li ka mo etela lapeng ha hae.
Hang a boela a tla ho tla bua. Ea e-ba puisano e khutšoanyane haholo le e boima. A bolela hore o molato oa ho tlōla molao oa Molimo le molao oa naha. Kamor’a karohano ea lilemo tse 22 a khutla ho tla phela le rōna. Nakoana kamor’a moo, ka la 4 ’Mesa, 1971, a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Kajeno, mora oa ka le barali ba na le malapa a bona ’me ke nkhono ea thabileng, ke na le litloholo tse ’nè tsa bashemane le tse peli tsa banana. Re thabile haholo ’me re utloile tsamaiso ea Jehova, tšireletso le thuso. Ke kholisehile hore ha ho lea mong oa ba mamellang ka cheseho tšebeletsong ea Jehova ea tla soaba. Ka pelo eohle ea ka ke tšepile Jehova le mantsoe a hae a tiiso, “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” (Ba-Heb. 13:5)—Se fananoe.