Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 9/1 maq. 27-30
  • Ho Khotsofala Moeeng Denmark

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khotsofala Moeeng Denmark
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • MOSEBETSI OA PELE OA LIPAKI TSA JEHOVA
  • THAHASELLO HAR’A BACHA
  • HO BUA FEELA LIKOLONG
  • HO SA NTSANE HO HLOKAHALA HO LOANELA TUMELO
  • HO SA NA LE MOSEBETSI O TLA ETSOA
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 9/1 maq. 27-30

Ho Khotsofala Moeeng Denmark

LELIBOHONG la Leoatle la Baltic ke Denmark. E hahehile ka kou le lihleke-hleke tse itseng, naha ena boholo ba eona ke lik’hilomithara tse lekanang tse ka bang 43 000 ’me e na le baahi ba ka bang 5 000 000.

Makholong a lilemo a fetileng ’muso ona o ne o namme ho tlōla meeli ea oona ea hona joale. Lilemong tsa 800 ho ea ho 1000 C.E., Maviking a tšela maoatle ka liketsoana tsa oona, a ripitla le ho hapa libaka tse khōlō ka bophirimela ho Denmark. Hoba naha e be ea “Bokreste,” ho na le linako tseo ka tsona naha e ka leboea, ka bochabela le ka boroa e neng e ee e oele pusong ea marena a Madanishe. Tse peli ho libaka tsena, Lihleke-hleke tsa Faroe le Greenland, li sa ntsane li le tlas’a moqhaka oa Denmark.

Ka lilemo tse fetang 100, Denmark ha e-ea kena ka mafolo-folo ntoeng, le hoja e sa ka ea tsoa feela liphellong tsa lintoa tse peli tsa lefatše. Ka mohau oa temo e ntlafalitsoeng haholo, naha ke e ’ngoe ea bafepi ba Europe. Mokhoa oa bophelo o phahame haholo, ’me Madane a thabela tšireletseho e hlokomelehang ka baka la melao ea bona e laolang tulisano.

Leha ho le joalo, ho sa na le ’nete ea mantsoe ana ao sengoli sa Lenyesemane William Shakespeare a ileng a a ngola a boleloa ke molomo oa khosana ea Denmark Hamlet: ‘Ho teng ho senyehileng naheng ea Denmark.’ Mathata a lichelete a bonoa ka khaello ea mesebetsi le ho sitoa ho lefa melato, le maloetse a amanang le tšesefalo ea methapo le kankere li ipakahatsa e le bothata bo atileng ba bophelo. Batho bana ha baa etsoa hore ba thabe haholoanyane ka baka la tokoloho le nala tseo ba li thabelang, leha e le ka boitšoaro bo hlephileng ba likamano tsa botona le botšehali bo amohelehang. Ka lipalo tsa liphuputso, Denmark e na le batho ba bangata ba ipolaeang har’a tse ling tsa linaha tsa lefatše. Hona ho tiisa bonnete ba mantsoe a Jesu: “Bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.” (Luka 12:15) Hore batho ba thabe ka ’nete ba be ba khotsofale ke seo ba nang le sona bophelong, ho hlokahala hore ba khotsofatsoe ka seo ba se hlokang moeeng.—1 Tim. 6:6-8.

MOSEBETSI OA PELE OA LIPAKI TSA JEHOVA

Ke ho thahasella sona sena se hlokahalang moeeng se ileng sa khannela C. T. Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Society, hore a etele Denmark ka 1891. A fumana naha e tšoana le tšimo e butsoelitseng ho kotuloa. Hape, maemo a ne a le matle haholo bakeng sa ho jala molaetsa oa Bibele.

Lilemo tse fetang 40 pelenyana, ka 1849, borena boo pele bo neng bo e-na le lentsoe la qeto ba fetoha borena bo tsamaisoang ke molao oa motheo. Ho tla fihlela ka nako eo Kereke ea Naha ea Evangeli-Lutere e ne e qobella masea a batsoali ba Bapapatisi bokresteng ka ho ba kolobetsa. Empa ha ho qaleha borena bo tsamaisoang ka motheo, Kereke ea naha ea fetoha kereke ea Bosechaba, eo motho a neng a e kena ka ho ithatela. Ho feta moo, kamor’a nako ea ho iphapanyetsa Bibele, ho tsosolosoa ho hong ha bolumeli ha eketsa thahasello litabeng tsa moea. Hape, bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, moruti oa bolumeli ea tsebisahalang oa Ledane le mohlalefi Søren Kierkegaard a hlasela kereke ka lipolelo tse sa e qekiseng. A e nqosa ka ho kolobisa mantsoe a Jesu ka “tsela e tšesaane” e isang bophelong, a bolela hore kereke e e hateletse ho sephara hoo mang le mang a itsamaelang kamoo a ratang ho eona.—Matt. 7:13, 14.

Kahoo, ka litsela tse ’maloa, e bile ho loketseng hore “Seithuti sa Bibele” sa pele, Ledane la Amerika, le rōmeloe Denmark ka 1894. Ho tloha ka 1897 ho ea pele, lihlooho tse tsoang ho The Watchtower tsa hatisoa leselinyaneng le lenyenyane le neng le bitsoa Tusindaars-rigets Budbærer (Lenqosa la Lilemo tse Sekete), ’me ho tloha ka 1900 makasine ea Molula-Qhooa o ’nile oa hatisoa ka Danishe. Leselinyana lena le nkile karolo ea bohlokoa ho chesehisa takatso ea lijo tsa moea ea ba bangata.

Leha ho le joalo, mantsoe a Søren Kierkegaard e ntse e le ’nete. Boitšoaro bo akaretsang e ntse e le ba ho iphapanyetsa bolumeli. Hona ho ka bonoa sehloohong se ho Danish Journal, e ntšitsoeng ke Lefapha la Litaba tsa Kantle. Tokollong ea Pherekhong 1978, ho ile ha boleloa se latelang: “Haeba ke ’nete, joalokaha maele a boholo-holo a Sedanishe a bolela, hore ho molemo ho lula ka ntlong ea joala ebe u nahana ka kereke ho e-na le ho lula ka kerekeng u nahanne ka ntlo ea joala, joale Madanishe a tla be a etsa ntho e nepahetseng.” Le hoja karolo e fetang 93 lekholong ea baahi e tsoela pele e le litho tsa kereke, ke karolo ea 2 lekholong feela e eang kerekeng Sontaha se seng le se seng. Karolo ea bone lekholong e ea hang kapa habeli ka khoeli, ha “karolo ea 51 lekholong ea batho ba baholo e bolela hore ha ho mohla e eang kerekeng.” Lilemong tsa morao tjena, lenane le ntseng le phahama, haholo har’a bacha, le khaolitse ho ba litho likerekeng tsa lona.

THAHASELLO HAR’A BACHA

Nala e ileng ea latela Ntoa ea II ea lefatše ea etsa hore ba bangata ho bao hona joale e seng e le batho ba hōlileng ba sebeletse lipakane tsa lintho tse bonahalang. Empa mathata a kang ho tšosa ha athomiki, tšilafalo le ho hloka mosebetsi a entse hore batho ba felloe ke tumelo linthong tse joalo ka lehlakoreng la bacha ba bangata. Bacha bana ba qamaka hore na ke hokae hape moo ba ka batlang khotsofalo.

Nka taba ea mohlnkana e mong ea ileng a phetha thupelo ea likhoeli tse tšeletseng sekolong se phahameng sa bolumeli ntle ho ho fumanela mathata a hae pheko. Ha a le lilemo li 18, a qala ho batla karabo sebakeng se seng—Bohindung, liphiring, boleping, bothueleng, “Scientology” le lithethefatsi. Hamorao, a re: “Ke ne ke nahana hore hona hohle ho ne ho tlameha ho ’nea leseli ka Molimo.” A soabile ke se qetelletseng se hlahile, a kena lithethefatsing eaba o ntse a tetebela tlas’a tšusumetso ea bademona ho isa hoo a ileng a ikutloa hore bophelo ba hae bo kotsing. Leha ho le joalo, ha sala tlhase ea tumelo ho Molimo oa lerato le ho Kreste. Mabapi le ho ’na a batla, o itse: “ka ea litumelong tse ipolelang hore ke tsa Bokreste—Mapentekonta, Maapostoliki, Bapapatisi, lihlopha tsa bacha ba Bakreste, le Lipaki tsa Jehova. Ka ’na ka botsa, ke fumana likarabelo tse loantšanang, ke ipotsa ke ho makala, ke rapela ke bile ke batlisisa ka Mangolong.”

Ha a le lilemo li 22, mohlankana a fihlela qeto ea kholiseho ea hore ’nete e ka fumanoa har’a Lipaki tsa Jehova. A atleha ho hlōla ho lemalla lithethefatsi kamor’a hore a li tloaele selemo le likhoeli tse tšeletseng. Ho sa tsotellehe khanyetso e khōlō ea batsoali, ea e-ba Paki e kolobelitsoeng ’me hona joale ka mafolofolo o kopanela linnete tsa Bibele le ba bang. O khotsofetse moeeng.

HO BUA FEELA LIKOLONG

Likolong tsa Denmark, le teng, boikutlo bo matla ka ho se khotsofalle se etsahalang har’a batho. Phello e ’ngoe e ntle ea sena ke ho ithaopela ho sheba likarabo mehloling e meng. Ka mohlala, matichere a mangata a akarelletsa boitsebiso bo buang ka Lipaki tsa Jehova lihlopheng tsa oona. Haholo-holo lilemong tsa morao ho ile ha thahaselloa haholo hore lihlopha tsa likolo li eteloe ke Lipaki.

Maeto a joalo a sebetsoa joang? Banyalani ba bang ba banyenyane ba ileng likolong ka makhetlo a 60 kapa 70 baa bolela: “Re etsa puo e bulang sebae, re hlalosa lintlha tse ’maloa tsa motheo tsa tumelo ea rōna—ka mohlala, ho bolela ha rōna ka ’Muso oa Molimo le ho tla ha paradeise lefatšeng, ho lumela pōpo, maikutlo a rōna ka Bibele, molao oa ho rata bao re ahisaneng le bona le kamoo a amanang le ho se nke lehlakore, histori ea rōna, le hore na phutheho ea rōna e theiloe joang ha e bapisoa le phutheho ea pelenyana ea Bokreste. Nako e saletseng re e qeta re arabela lipotso tsa sehlopha. haufinyane, re fumana phetoho ho se likelellong tsa liithuti. Lilemong tse fetileng tse peli kapa tse tharo lipuisano le lihlopha li ne li itšetlehile mathateng a tulisano le ho se nke lehlakore ha rōna lipolotiking. Hona joale thahasello e teng litabeng tsa botho, boitšoaro kapa tsa Bibele ho hang.” Kamor’a hore Lipaki li buisane ka lekhetlo le le leng le liithuti tse 40, tichere ea bolela kamoo e maketseng e bileng e leng motlōtlō ka baka la hore liithuti li mametse ka hloko li bile li botsa lipotso tse amanang le seo ho buoang ka sona.

HO SA NTSANE HO HLOKAHALA HO LOANELA TUMELO

Leha ho le joalo, Denmark ho na le sebaka se seng moo boikutlo bo phahameng haholo, mohlomong haholo ho feta libakeng tse ling. Bona bo ama boemo bo nkoang ke Lipaki tsa Jehova mabapi le tšelo ea mali. Khang ena e ile ea phatlalatsoa haholo ka Tlhakubele 1975, ha banyalani ba bacha ba ntša mora oa bona ea lilemo li tharo sepetleleng sa bana Copenhagen. Ba ho etsa hobane lingaka, hore li tšele ngoana mali khahlanong le litakatso tsa batsoali, li ile tsa amoha batsoali ngoana ka molao.

Ba tseba hore ba tla saloa morao ke sepolesa, bana ba tšabela ho balumeli ba bang bahabo bona. Nakong eona eo, ba leka ho fumana ngaka e neng e utloisisa ho sebetsa ngoana ntle ho tšelo ea mali. Sepolesa sa batla hohle. Hona ho tlatsitsoe ke tlhaselo ea sebele ea likoranta, ka lihlooho tse kang “Babolai ba ngoana,” “Mahlanya a bolumeli” le “Batsoali ba Maikutlo a Mang.” Ho bile ha etsoa le litšokelo tsa liqhomane le mabifi a totobetseng. Baruti ba ’maloa le setho sa Lekhotla la Sechaba ba hlahisa khang ea hore na e seng ba boholong ba nke bohato ka Lipaki tsa Jehova. Ho sa le joalo, batsoali ba fumana ngaka e neng e utloisisa ho hlompha tumelo ea bona le ho sebelisa mekhoa e nkang sebaka sa mali. Kajeno moshemane o phela hantle ’me oa phela.

HO SA NA LE MOSEBETSI O TLA ETSOA

Lilemong tsa morao tjena batho ba Madanishe ba fetohile haholo. Hona ho bile ho amme le lintho tseo Lipaki tsa Jehova li li sebelisang bakeng sa libōka. Nakong e fetileng, Lipaki li ne li sebelisa mehaho ea lipapali bakeng sa likopano tsa tsona tsa potoloho tsa har’a selemo. Leha ho le joalo, rente e ’nileng ea phahama ka potlako e entse hore ho be molemo hore li hahe liholo tsa tsona tsa kopano.

Ho khakoloa ha holo ea pele ea kopano ka la 17 Tlhakubele, 1979, ruri e bile ketsahalo e monate. Lichelete tse e hahileng e bile meneelo e etsoang ka boithatelo ’me e hahuoe ke basebetsi ba ithaopang, holo ena e tla sebeletsa karolo ea naha e bitsoang Jutland le Fünen. Bakeng sa karolo e ka bochabela ea naha ka sehlekehleke sa Zealand le motse moholo oa Copenhagen, ho hatetsoe pele haholo ka litokisetso tsa holo ea mofuta oo. Mabapi le holo ea bobeli ea kopano, ho lokiselitsoe hore ho hahuoe ofisi e ncha le e kholoanyane ea lekala ea Watch Tower Society.

Nakong ea lilemo tse ka bang 90 tse fetileng esale C. T. Russell a ne a etele Denmark, mosebetsi oa ho thusa ba bang ho fumana tsebo e nepahetseng ea Bibele o tsoetse pele o iketlile, ka linako tsa khōlō e potlakileng le tsa ho tsitsisoa. Kamor’a Kereke ea bosechaba, Lipaki tsa Jehova ke sona sehlopha se seholo sa bolumeli ka har’a naha—mohlomong ho sa balelloe Kereke e K’hatholike, e sa kang ea phatlalatsa manane a litho tsa eona ka lilemo tse ’maloa. Ke linaha tse ’maloa tse nang le baahi ba lekanang le ba Denmark tse nang le karolelano e joalo ea Lipaki ho baahi—1 ho ba 387.

Kajeno karolo e khōlō ea mosebetsi oa ho aba lijo tsa moea e etsoa ka ho ruta le ho tiisa Lipaki tse ngata tse mafolo-folo. Ka nako eona eo, li ntse li itokisetsa bopaki bo boholoanyane ba ’muso oa Molimo. Ha feela Jehova a sa ho lumelletse, ba tla bolela ‘litaba tse molemo’ ho batho ba Denmark ba ba bontša hore na ba ka khotsofala joang moeeng.

[’Mapa o leqepheng la 27]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

DENMARK Copenhagen SWEDEN

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

LIPAKI TSA JEHOVA LI ATOLOSITSE HO ETELA LIHLOPHA LIKOLONG

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela