E-eang! Le Etse Barutuoa
1, 2. (a) Polelo ‘ho isa lipheletsong tsa lefatše’ e ne e tla atoloha hakae bocha ha nako e ntse e tsamaea? (b) Jesu o bontšitse joang hore thōmo ea Bokreste ea ho paka e ne e sa tl’o fella ka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?
KAMOO ho amehang nako le boemo ba lefatše, thōmo ea Jesu ea karohano ea ho ba lipaki ho isa pheletsong ea lefatše, joalokaha e tlalehiloe ho Liketso 1:8, ha e ka ea fella le Bakreste ba pele. Ba etsa mosebetsi o motle ba bolela ‘litaba tse molemo’ hole kamoo ba neng ba ka khona “lefatšeng lohle” kapa ‘ho babopuoa bohle ba tlas’a leholimo’ mehleng ea bona. (Ba-Kol. 1:5, 6, 23) Empa ha nako e ntse e tsamaea lipolelo tseo li ne li tla ba le boahlamo bo bocha, ha baahi ba ntseng ba ata ba tlala mafatše a fetang botšelela le lihleke-hleke tse se nang palo, “ho isa pheletsong ea lefatše” ka ’nete.
2 Jesu o ne a hlokometse sena hantle. Molemong oa barutuoa bohle ba hae—e seng Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo feela empa Bakreste bohle ho theosa le lilemo, ’me haholo-holo Bakreste ba neng ba phela lefatšeng ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho’—Kreste ea tsositsoeng a ileng a re:
“Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Matt. 28:18-20.
3. Ho latela seithuti se seng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tla phetha mosebetsi ofe?
3 Bona ke bopaki ho mang kapa mang ea batlang hore thōmo ea Kreste eo a e fileng barutuoa ba hae mohla a nyolohelang leholimong ha e ka ea phethahatsoa lekholong la pele la lilemo C.E. ka ho feletseng. E ne e le e tla ’ne e phethahale ho fihlela ‘bofelong ba lefatše.’ Ka bo-mang? Ka ho khahlisang, ka Liketso 1:8, Moprofesa oa Rylands F. F. Bruce oa ngola: “Joalokaha Jesu ka boeena a ne a tlotsoe kolobetsong ea hae ka Moea o Halalelang, kahoo balateli ba Hae le bona joale ba ne ba tlameha ho tlotsoa ka ho tšoanang le ho nolofaletsoa ho phethahatsa mosebetsi oa Hae. Mosebetsi ona e ne e tla ba mosebetsi oa ho paka—sehlooho se tsebisahalang boboleling ba baapostola ho Liketso kaofela (cf. Chs. 2:32; 3:15; 5:32; 10:39; 13:31; 22:15, jj.) Moprofeta oa Testamente ea Khale o ne a memile Iseraele ho ba lipaki tsa Molimo lefatšeng (Esa. 43:10; 44:8); mosebetsi o sa kang oa phethoa ke Iseraele e le sechaba oa nkoa ke Jesu, e le Mohlanka ea phethahetseng oa Morena, ’me a o fetisetsa ho barutuoa ba Hae.”
4. Ke ho tloha neng masala a phethahalitseng thōmo ee, ’me ke hobane’ng ha hona ho ne ho hloka tumelo e matla?
4 E, thōmo ea ho ba lipaki ho isa pheletsong ea lefatše le ea ho etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle ‘bofelong bona ba lefatše’ e fetiselitsoe ho masala a tlotsitsoeng a Iseraele ea moea, eo hammoho e bitsoang “mohlanka” oa Jehova le “lipaki” tsa hae. (Esa. 43:10-12) Ba phethahalitse thōmo ena ka botšepehi haholo ho tloha ka 1919. Empa ke joang likete tsena tse ’maloa tsa Bakreste ba tsoetsoeng ka moea li neng li ka fihla ho libillione tsa batho tse qhalaneng “ho isa pheletsong ea lefatše”? Ho ile ha hlokahala tumelo e kaakang hona ho nahana ka ho kena mosebetsing o joalo!
5. Ke mekhoa efe e thusitseng Bakreste ba kajeno ho jala bopaki ho isa pheletsong ea lefatše?
5 Bala hape pale ea kajeno ea Lipaki tsa Jehovaa ’me u tla bona hore o mong oa mekhoa e meholo e sebelisetsoang ho jala molaetsa oa ’Muso hole le ka bophara e bile ka ho tsamaisa limakasine, e leng, Molula-Qhooa le motlatsi oa oona makasine oa Tsoha! (oo pele e neng e le The Golden Age; ea e-ba Consolation). Likoranta tsena tse theiloeng Bibeleng li hlile li tsamaisitsoe ka libillioneb ka lipuo tse fetang 100 le ho isa likhutlong tse ’ne tsa lefatše.
“MAKHOTLA A BA KALETSENG”
6, 7. (a) Masala a tlotsitsoeng a tšoantšetsoa joang ho Tšenolo, khaolo ea 9, ’me a lokolohile ho sebelisa eng? (b) Tsena li tšoantšetsa eng? (c) Buka “Then Is Finished the Mystery of God” e entse tlhaloso efe ka boprofeta bona?
6 Ho Tšenolo, khaolo ea 9, masala a tlotsitoeng a tšoantšetsoa ka “mangeloi a mane,” kapa manqosa, a lokolotsoeng botlamuoeng ho Babylona e Moholo, “nōkeng e kholo ea Eufrate.” (Re 9 Litemana 14, 15) Manqosa ana a lokolotsoeng a lokolohile ho sebelisa “makhotla a ba kaletseng” ba “limillione tse makholo a mabeli,” kapa 200 000 000, ao ka tšoantšetso a sebelisetsoang ho ‘bolaea’ karolo e khōlō ea batho. (Re 9 Litemana 16-19) “Lipere” tse ponong ena li tšoantšetsa mekhoa e sebelisoang ke masala a tlotsitsoeng ho phatlalatsa molaetsa oa kahlolo oa Jehova o tsamaisoang haholo khahlanong le Bojakane, karolo e molato haholo ea “Babylona e Moholo” (’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata).
7 Ha e hlalosa pono ena e hapang, buka “Then Is Finished the Mystery of God” e re: “Ho futuha ha ‘lipere’ tsena tsa tšoantšetso ho eketsehile haholo ha limakasine tsa Watch Tower li qala ho nehelanoa literateng, le ka ntlo le ntlo le lebenkeleng ka lebenkele.” (Maqephe 246, 247) Kahoo, ka “lipere” tsena tsa tšoantšetso li akarelletsa libuka, libukana le lipampitšana, ntle ho pelaelo limakasine li nkile, ’me li sa ntsane li nka karolo ea bohlokoa ho jaleng bopaki ba ’Muso “ho isa pheletsong ea lefatše.”c
8. Masala a tlotsitsoeng le oona a utloile thōmo ea Kreste ea ‘ho ea etsa barutuoa’ joang?
8 Hase feela hore masala a tlotsitsoeng ka cheseho le ka sebete a etelletse pele makhotla a kaletseng joalo khahlanong le liqhobosheane tsa bolumeli ba bohata, empa hape a mametse taelo ea Kreste ea ‘ho etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle, ba kolobetsoa.’ Ho tloha ka 1935 batho ba ntseng ba eketseha ba balile melaetsa ea kahlolo e hatisoang khahlanong le ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ’me ba mametse taelo ea Molimo ea ho tloha “Babylona e Moholo.” (Tšen. 18:1-4) Ba ineetse ho Jehova Molimo ’me ba kolobetsoa ka “lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang.” Ka bobona ba thusitsoe ke Molula-Qhooa le Tsoha!, ba ikopantse le masala a tlotsitsoeng ho abeng limakasine tsena tse ntle hole le ka bophara, e, “ho isa pheletsong ea lefatše.”—Esa. 49:6.
NA U ’MOLELI EA MAFOLO-FOLO OA ‘LITABA TSE MOLEMO’
9. Tšoanelo ea Mokreste e mong le e mong ke efe?
9 Taelo ea ho ba lipaki “ho isa pheletsong ea lefatše” le ho ea ‘etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle’ e sebetsa ho bohle ba ipolelang hore ke Bakreste. Kahoo, lipaki tsohle tse ineetseng tsa Jehova li lokela ho ba le boikemisetso bo tebileng le bo tlohang botebong ba pelo ho kopanela ho phethahatseng thōmo ena e hlohonolofalitsoeng.
10. (a) Litho tsa “bongata bo boholo” li lokela ho hopola eng? (b) Ke eng, leha ho le joalo, eo e bileng boikutlo ba ba bang?
10 Haeba hona joale u setho sa “bongata bo boholo,” bo hlalosoang ho Tšenolo 7:9-17, hopola hore hore u tle u ‘tsoe mahlomoleng a maholo’ u tlameha hore u ’ne u re: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana,” ’me u se ke ua khaotsa ‘ho sebeletsa Jehova tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare tempeleng ea hae.’ Hamorao, leha ho le joalo, ba bang ba nkile boikutlo ba hore ho lekane ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste hang ka selemo, ba nkile leoto le tsebo ea morao-rao ea Bibele ka ho bala libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower, ba ba teng libokeng nako le nako ’me ba etsa hore leseli la bona le khanye ka hore feela ba phele bophelo bo botle le ho paka ngope’a-setšoha haeba monyetla o ka itlhahisa hore ba etse joalo.
11. Na thōmo ea Bokreste e ka phethoa feela ka ho phela bophelo bo botle, kapa joang hape?
11 Empa na hona ho lekane? Bopaki ba Bokreste bo ne bo ka fanoa joang “ho isa pheletsong ea lefatše” haeba Bakreste ba pele le masala a kajeno a tlotsitsoeng a ne a ile a lula feela moo ba teng, ba phela bophelo bo botle? Hore ba tle ba ‘etse barutuoa ka batho ba lichaba tsohle, ’ba ne ba tlameha ho qala ka “HO EA”! E, ba ne ba tlameha ho tsoa ho ea paka ka “ntlo le ntlo” le ‘matlung a batho.’ (Lik. 5:42) Bopaki bona ba pontšeng ke karolo e ke keng ea tloheloa ea “tšebeletso e halalelang” ea rōna.
12. Ba bang mohlomong ba lebetse eng, ’me bana ba khothalletsoa ho etsa joang joale?
12 U eme hokae? Na u mohoeletsi oa ’Muso ea thabisoang botebong ba hao ke ho tsebahatsa ‘litaba tse molemo’ hape le likahlolo tsa Jehova ka “lipere” tsa tšoantšetso, haholo-holo limakasine tsa Mokhatlo? Haeba u se u khoehlisitse kapa u khaolitse ho hang, na ebe ke hobane u fifaletsoe ke pono ea hore tšebetso ee ke ea bohlokoa moeeng, e leng, ho thusa masala a tlotsitsoeng ho phethahatsa thōmo ea oona ho ‘bolela ngoaha oa mehauhelo ea Jehova le letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna’? (Esa. 61:1, 2, 5) Joale ke nako ea hore u boele u fumane hape thabo eo ka ho boela u tšoareha tšebeletsong ea Jehova.
NA U THATAFALLOA KE HO ITLHALOSA
13, 14. (a) Ba bang mohlomong ba khaolitse ho paka ka ntlo le ntlo hobane’ng? (b) Ke lithlahiso life tse sebetsang tse etsoang ho ba thusa ho hlōla boi ba bona?
13 Mohlomong u fumana ho paka ka ntlo le ntlo ho u thatafalla hobane ha u bue habonolo. Kapa mohlomong u har’a ba likete-kete ba thabelang ho bala limakasine tsa Mokhatlo le ho kopanela le Lipaki tsa Jehova Liholong tsa ’Muso tsa tsona, empa u s’o nke karolo bopaking ba ntlo le ntlo hobane ba le letsoalo hore ha ba tsebe hore na ba ka re’ng. U hlokomela hantle hore bopaki bo tlameha ho fanoa “ho isa pheletsong ea lefatše” le hore barutuoa ba tlameha ho etsoa har’a “lichaba tsohle,” empa ho hang ha u ikutloe u na le hona ho talimana le batho matlong a bona. Ua tseba hore u lokela ho ho etsa, hape u tšoaneleha ka Mangolo, empa u ikutloa hore ua sitoa. Pelo ea hao e tletse kananelo bakeng sa ’nete ea Lentsoe la Molimo, empa maoto a hao a hana ho u jara hore u ee ntlong eane ea pele hobane u boi hore melomo ea hao e tla hloka mantsoe ao ua hlokang. U ka ho etsa joang?
14 U ka qala ka ho nka Bibele ea hao ’me u bale hape Ba-Roma 10:8-15. Hona ho tlameha ho hlohlontša maoto a hao hore a qale ho tsoa ’me ‘u bolele litaba tse molemo tsa lintho tse molemo.’ Ho latelang, rapella matla ho Jehova—e, ho eena ‘ea neang matla.’ (Ba-Fil. 4:13; bapisa Liketso 1:8.) Joale, ka lekhetlo le latelang ha u ea Holong ea ’Muso kapa thutong ea buka ea phutheho e haufi le uena, kōpa e mong oa baholo ba Bakreste hore a u kopanye le Paki e nang le tsebo eitseng ho bolelleng ba bang ‘litaba tse molemo’ ka ntlo le ntlo. ’Moleli enoa oa ’Muso a ke ke a u lebella hore u kenye beng ba matlo meqoqong e theiloeng Bibeleng ha le qala feela. Ho ka etsahala hore a etse tlhahiso ea hore le iphe nakoana le nahanisisa hammoho ka litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! pele le tsamaea hammoho ka ntlo le ntlo ho neelana ka limakasine tsena tse ntle pontšeng.
15. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa limakasine e le tsela e ntle ea ho rua tsebo bopaking ba ntlo le ntlo le ho qaliseng lithuto tsa mahae tsa Bibele?
15 Ho paka ka limakasine ke tsela e ntle haholo ea ho qalisa kapa ho tšoareha hape mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Ntle ho pelaelo ke o mong oa litsela tse bonolo haholo le tse ntle tsa ho tsoela ho batho le ho fumana tsebo ea ho paka ka ntlo le ntlo. Tokollo e ’ngoe le e ’ngoe e fana ka lintlha tse ncha tse ka buelloang. Ho phaella moo, ha u boela ho bohle ba ileng ba amohela makasine, ka pele u tla ba le letoto la batho bao u ba etelang ka mehla ka litokollo tsa morao-rao. U tla tseba batho bana butle-butle. Lihlooho tse kang “Na u Kile ua Ipotsa . . . ?” (ho Tsoha!) li tla u nolofaletsa ho qala moqoqo le hona ho qalisa thuto ea Bibele. Balla mong a ntlo serapa sa pele, botsa potso ea pele e hatisitsoeng (sehlohoana)—u emela motho hore a arabele—pele u bala serapa se latelang le mangolo leha e le afe a boletsoeng. Joale fetela potsong e latelang (sehlohoana), joalo ho ea pele ka nako eo mong a ntlo a nang le eona. Ke’ng ha u sa ho leke? U tla tsota thabo le khotsofalo ea bomolimo tseo u tla li utloa ka ho etsetsa Jehova “tšebeletso e halalelang” joalo ka mehla.—Tšen. 7:15.
BAKRESTE BA BACHA, TSAMAISANG “LIPERE” TSEO!
16. Ke litemana life tse bontšang hore le Bakreste ba bacha ba ameha?
16 Boikarabelo ba ho ba “lipaki . . . ho isa pheletsong ea lefatše” bo holim’a Bakreste bohle, ba baholo le ba banyenyane. Pesaleme ea 110 ea boprofeta e re ka Kreste:
“Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao. Sechaba sa hao e tla ba se mafolo-folo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokhabane bo khethehileng, ba bacha ba hao ba ea tsoa pel’a hao joale ka phoka e tsoang popelong ea mafube.” (Pes. 110:2, 3)
Pesaleme e ’ngoe ea Messia e bua ka “baroetsana” bao e neng e tla ba “thaka” tsa monyaluoa oa Kreste. (Pes. 45:13, 14) Lirapa tsena ka bobeli li sebetsa ho masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo” bo hlileng bo akarelletsang lōna “bahlankana” le “baroetsana.” Kahoo, le lōna le tlameha ho ‘ineela ka mafolo-folo’ ’me le be “thaka” tse tšepahalang ho ba saletseng ba sehlopha se tlotsitsoeng sa monyaluoa ba ntseng ba le lefatšeng, hape le ba tšoantšetsoang ka “mangeloi a mane” a laolang “makhotla a kaletseng” khahlanong le ’muso oa lefatše oa Satane oa bolumeli.—Tšen. 9:15-19; 21:2, 9.
17. Bahlankana le baroetsana ba bangata ba batle ba etsa ‘tšebeletso e halalelang’ joang?
17 Bahlankana le baroetsana ba bangata ba joalo ba etsa “tšebeletso e halalelang” ntlo-kholo ea Brooklyn ea Lipaki tsa Jehova le makaleng a 97 lefatšeng lohle. Moo, ka boithaopo ba etsa mesebetsi e sa tšoaneng e amanang ka ho toba le ho lokisoa le ho romeloa ha “lipere” tsa tšoantšetso—libuka tse nang le molaetsa oa kahlolo o amanang le “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna” ’me hape li bolela linnete tse tšelisang ka “ngoaha oa mehauhelo ea Jehova.” (Esa. 61:1, 2) Bana bohle ba ithaopang ha ba kopanele feela ho lokiseng “lipere” tse tla sebelisoa tšimong, empa hape ba kopanela tšebeletsong ea tšimo ka ho toba, ba sebelisa haholo “lipere” tse joalo, haholo-holo limakasine.
18. (a) Bakreste ba bang ba bacha ba ipaka e le metsoalle e chesehang ea masala joang? (b) “Morena” le “baena” ba hae ba nka cheseho ea bona joang?
18 Bakreste ba bang ba bacha ‘ba ineela ka boithaopo’ ’me ba ipaka e le metsoalle e chesehang ea masala a tlotsitsoeng ka ho sebeletsa e le “bo-pula-maliboho,” ke hore ka ho neela bonyane lihora tse 1 000 ka selemo mosebetsing oa bopaki ba pontšeng. Cheseho ea Bakreste bana bohle ba bacha e nkoa ka mokhoa o phahameng haholo ke Morena Jesu Kreste le “baena” ba hae ba tlotsitsoeng ba sa ntsaneng ba le lefatšeng.—Bapisa Mattheu 25:34-40.
19. Ke khothatso efe e neoang Bakreste bohle ba bang ba bacha?
19 Empa ho teng ba bang ba likete ho “bahlankana” le “baroetsana” ka liphuthehong tsa batho ba Jehova. Na le ‘ineetse ka mafolo-folo mohla letsatsi la ho futuha ha Kreste’? Kapa na le lumella “lipere” tsa tšoantšetso li bokellane ka likamoreng tsa lōna kapa li lule li thōtse ka mekotlaneng ea lōna ea bopaki? Tsamaisang “lipere” tseo! Tsoelang tšimong lihoreng tsa ha sekolo se tsoile, ka phomolo ea har’a beke (moo tokisetso ena e leng teng), mafelong a beke le linako tse sa tšoaneng tsa phomolo tseo le nang le tsona har’a selemo. Tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang e le fa monyetla o hlollang ho ‘ineela ka mafolo-folo’ bakeng sa “tšebeletso e halalelang.” ’Me mosebetsi oa limakasine ke mokhoa oa bopaki ba Bokreste o hlileng o loketseng lona bacha. O matleng a lōna ’me o ka bea litholoana tse ntle.
LIPAKI TSE MAFOLO-FOLO HO ISA QETELLONG
20, 21. (a) Kreste o neile Bakreste ba lekholong la pele la lilemo thōmo efe le ba phelang “mehleng ea qetello”? (b) Bopaki ba moprofesa oa histori bo bontša eng? (c) Lipaki tsa Jehova li sebelisitse limakasine joang ho tla ntlheng ee?
20 Jesu Kreste o itse ho Bakreste ba pele: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa pheletsong ea lefatše.” (Lik. 1:8) Ho Bakreste ba phelang ‘mehleng ea ho qetela,’ kapa “nakong ea bofelo,” o itse ka boprofeta: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Matt. 24:14; Dan. 12:4; 2 Tim. 3:1.
21 Moprista e moholo oa Sejode, sera se mennoeng habeli sa Bakreste ba pele, ka masoabi a lumela: “Bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lōna.” (Lik. 5:28) Bukeng ea hae These Also Believe, moprofesa oa histori Charles Braden o ngolile: “Lipaki tsa Jehova li hlile li koahetse lefatše ka bopaki ba tsona. . . . ho ka boleloa kannete hore ha ho sehlopha le se seng sa bolumeli lefatšeng se bontšang cheseho le phehello e fetang boitekong ba ho jala litaba tse molemo tsa ’Muso ho feta Lipaki tsa Jehova.” Le hoja palo ea tsona e ne e le likete tse seng kae ka 1919, masala a tlotsitsoeng a amohela phephetso. Ka “matla” a moea o halalelang le thuso e ntseng e hōla ea “bongata bo boholo” ba metsoalle ea oona, ruri ba hlile ba ‘koahetse lefatše ka bopaki ba bona.’ Ho tloha ka 1919 ho ea ho 1980, Bakreste bana ba tsamaisitse likopi tse fetang libillione tse ’ne le kotara tsa Molula-Qhooa le molekane oa eona oa makasine (The Golden Age; Consolation; Tsoha! hona joale).
22. Linnete li supa eng, ’me bohle re khothalletsoa ho etsa joang?
22 Limakasine tsena tse ntle tse peli tsa Bokreste li ’nile tsa e-ba mokhoa oa bohlokoa ’me ho ntse ho le joalo ka tsona bakeng sa ho paka ho isa lipheletsong tsa lefatše le ho etsa ‘barutuoa ka batho ba lichaba tsohle.’ (Matt. 28:19, 20) Linnete li bontša hore ho sa le bopaki bo bongata bo lokelang ho etsoa. Kahoo ‘lipereng’ tsa lōna lōna lipaki tsohle tse tšepahalang tsa Bakreste! Li fumaneng ’me le ’ne le li tsamaise “tšimong,” ’me Jehova a ke a tsoele pele ho hlohonolofatsa tšebeliso e matla ea Molula-Qhooa le Tsoha! matsatsing a tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka Jehovah ‘s Witnesses in the Divine Purpose le 1975 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, tse hatisitsoeng ke Watch Tower Society.
b Pakeng tsa 1919 le 1980, ho ile ha tsamaisoa limakasine tse 4 767 340 lefatšeng lohle ke Lipaki tsa Jehova, ho sa balelloe likopi tse limillione tse romeloang ka poso ho ba beeletsang Molula-Qhooa le Tsoha! Hona ho feta makhetlo a imenang habeli a lipampitšana le libukana tse tsamaisitsoeng ka nako eo.
c Bakeng sa tlhaloso e feletseng ea boprofeta bona, bona buka “Then Is Finished the Mystery of God,” maqephe 238-247.
[Chate e leqepheng la 23]
Chate ea Kabo ea Mosebetsi oa Lefatše ka Bophara
Lilemo Lipampitšana Limakasine Libuka Palo-kholo
(Libukana)
1879-1917 419 078 170 (limak. lia aka.) 9 894 056 428 972 226
1918 102 775 13 140 256 609 372 524
1919-1980 2 322 888 592 4 767 784 340 450 642 739 7 541 315 671
Likakaretso 2 742 069 537 4 767 797 480 460 793 404 7 970 660 421