Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 9/15 maq. 30-31
  • Cypruse e Ferekaneng e Utloa “Litaba Tse Molemo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Cypruse e Ferekaneng e Utloa “Litaba Tse Molemo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • BOBOLELI BA ’MUSO CYPRUSE
  • HO HLŌLA KHANYETSO EA LELAPA
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 9/15 maq. 30-31

Cypruse e Ferekaneng e Utloa “Litaba Tse Molemo”

KAMOR’A hore ’muso o nkuoe ka likhoka ka Phupu 1974, mabotho a ntoa a Turkey a ile a hlasela Cypruse. Ho se ho fetile lilemo tse supileng ho tloha nakong eo ’me karolo e ka leboea ea naha (sebaka se fihla ho 40 lekholong) e sa ntsane e busoa ke ma-Turkey. Batho ba likete-kete ba balehetse Engelane, Australia, Canada le Greece. Babalehi ba ma-Gerike ba leng Cypruse ho fallela karolong e ka boroa.

Motho a ka nahana hore boemo bo joalo bo ka etsa hore naha e senyeheloe ke boemo ba eona ba moruo. Empa boemo ba moruo karolong e ka boroa bo botle haholo. Matlo a macha, lihotele le liofisi tsa mosebetsi liahuoa ka mehla. Sebakeng sena ho hlokahala hore motho a ikalose hore a se tšoasoe ke lerato la lintho tse bonahalang.

BOBOLELI BA ’MUSO CYPRUSE

Ka lekhetlo le leng Jesu Kreste o ile a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli [litaba tse molemo] ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (Luka 4:43, bapisa NW) Lipaki tsa Jehova ho la Cypruse li leka ho abelana le baahi ba sehleke-hleke sena se ferekaneng “litaba tse molemo.”

Le hoja mabotho a ntoa a leng karolong e ka leboea ea sehleke-hleke a thibetse mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova, ho etsoa mosebetsi o motle haholo karolong e ka boroa. Ho lekanyetsoa hore babalehi ba Lipaki tsa Jehova ba Cypruse ba 300 ba fihlile karolong e ka boroa ea naha. Ba bangata ba tsebile ho fumana matlo ao pele a neng a luloa ke ma-Turkey a falletseng karolong e ka leboea.

Hobane joale naha e arotsoe ka lehare, ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e neng e le toropong ea Nicosia e se e le lipakeng tsa meeli ea Cypruse ka leboea le ka boroa. Sebaka sena se ne se le kotsi joale, ’me ha reroa hore liphahlo tsohle tse leng kahare ho mohaho li isoe toropong ea Limassol. Sehlotšoana sa Lipaki se beileng bophelo ba sona kotsing, se ile sa kena kahare ho mohaho oa lekala, sa koala lifenstere tse lebileng ka nqeng ea masole a ma-Turkey. Ba bokella liphahlo tse leng mohahong le ofising, tsa ntšuoa ka fenstere ho beoa ka nq’ane ho literata tsa matlo a leng haufi a seng a siuoe ke beng ba oona. Ho tsoa moo liphahlo tsa kengoa likoloing tse emeng hore li tlosoe sebakeng se kotsi. ’Mila o fetang le pel’a mohaho oa lekala o ne o ke ke oa sebelisoa hobane o ne o ka ’na oa hula tlhokomelo ea masole a Turkey a leng haufi.

Nakong e fetileng batho ba bangata ba Cypruse ba ne ba sa tsebe letho ka Lipaki tsa Jehova. Empa joale boemo bo fetohile. Selemong sa 1980 ho bile le Lipaki tse 1 008 tse ileng tsa kopanela mosbetsing oa boboleli oa ’Muso, keketseho e ntle ka sebele ea baboleli ba ’Muso ba 962 ho feta ba neng ba etsa mosebetsi ona selemong se fetileng. Mohaho oo nakong e fetileng o neng o sebelisetsoa ho bontša libaesekopo joale o se o sebelisoa e le Holo ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova, ’me karolo ea oona e sebelisoa e le Holo ea ’Muso. Ho na le liphutheho tse fetang 12 Cypruse.

HO HLŌLA KHANYETSO EA LELAPA

Jesu o ile a bua mantsoe a latelang mabapi le kamoo Bokreste ba ’nete bo neng bo tla ama ba bang: “Ke tlile ho fapanya motho le ntat’ae, morali le ’m’ae, ngoetsi le matsal’a eona; le bafo ba motho e tla ba lira ho eena.” (Matt. 10:35, 36) Mehleng ena mantsoe ana a phethahala le naheng ea Cypruse. Mofumahali e mocha, ea ileng a teana ka lekhetlo la pele le Lipaki tsa Jehova ka April 1975, o itse:

“Ke bile le mathata a mangata le monna oa ka, ’me ka ’Mesa 1975 ka mo tlohela ’me ka ea lula le beng ka ’na toropong ea Limassol. Lipaki tsa Jehova li ne li etela lelapa leso ka mehla ’me joale ka hlokomela hore ke thabela Lentsoe la Molimo, ’me ka baka leo tsa lokisetsa ho tsamaisa thuto ea Bibele ka linako tsohle le ’na. Nakong ena bothata bo ne bo hōla haholo pakeng tsa ka le monna oa ka hoo methapo ea ka ea kutlo e neng e se e tla senyeha. Bosiung bo bong, ke ne ke hatellehile haholo maikutlong hoo ke ileng ka nka buka ea Mokhatlo oa Watchtower e buang ka lithuto tsa motheo tsa Bibele. Ke ne ke thabela ho e bala hoo ke ileng ka e qeta eohle ka hora ea 4 hoseng.”

Hang kamorao ho moo mofumahali enoa a fihla kopanong ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova. Ha a hlalosa ka boitšoaro ba Bokreste boo a bo hlokometseng moo, o re: “Ke ne ke nahana hore ke paradeiseng!”

Empa khanyetso ea simolla. O re: “Ha ke fihla hae kamor’a kopano, ’mè a nchapa. Monna oa ka o ne a sa batle ho utloa letho; bana beso ba qala ho ntoantša. Hobane ’mè oa ka a ne a sa batle hore lebitso la lelapa le senyehe hobane ke le Paki, o ile a bolela hore o tla ipolaea. Leha ho le joalo, ngoan’eso e mong oa ngoanana a qala ho thabela ho ithuta le Lipaki tsa Jehova. Sena sa etsa hore litho tse ling tsa lelapa li re loantše ka bobeli. Libuka tsa rona li ile tsa chesoa ’me ba ile ba bolella Lipaki tse neng li ithuta le rona hore ba tla li bolaea.”

Ka baka la lintho tseo mofumahali enoa a neng a ithuta tsona ka Bibeleng, o ile a hlophisa lintho tsa hae hore a boelane le monna oa hae, eo a neng a se a arohane le eena. Ba ile ba fumana ntlo ea bona ’me eena le bana ba hae ba babeli ba boela ba phela le monna oa hae. Empa ho etsa sena ha hoa ka ha thibela khanyetso e neng e qaliloe ke ho ithuta ha hae Bibele. O hlalosa tjena: “Ka makhetlo a mangata ha ke khutla libokeng tsa Bokreste ke ne ke fumana monna oa ka a se a notletse menyako. ’Me ha qetellong re lumelloa ho kena, ’na le bana ba ka re ne re letetse ho shapuoa.”

Bibele e phehella Bakreste hore ba se phetetse bobe ka bobe, empa ba mamelle. (Ba-Roma 12:17, 18) Mofumahali enoa e mocha a leka ho latela keletso ea Mangolo. Phello e bile ntle haholo, oa re phetela:

“Kamor’a lilemo tse tharo ke ile ka kolobetsoa, e ne e le ka ’Mesa 1978. Ho tloha nakong eo ho ea pele ke bile le mahlohonolo a sa khaotseng a Jehova. Pelo ea monna oa ka e nolofetse ’me joale o se a ithuta Bibele. Re lelapa le kopaneng. Ngoan’eso oa ngoanana o se a kolobelitsoe. Monna oa hae o fetotse botho ba hae. O thabela ho ithuta Bibele ’me o fihla libokeng ka mehla Holong ea ’Muso. Hape, lipelo tsa batsoali ba ka li nolofetse. Nakong e fetileng ba ne ba hana hore ke ipitse morali oa bona. Empa hona joale ba hlokomela hore qeto eo e ne e le bothoto ’me ha ba sa hlola ba batla ho lahleheloa ke bana ba bona ka baka la mehopolo ea batho ba bang. Hona joale beng ka rona bohle ba batla ho ithuta Bibele.”

Batho ba laolang bophelo ba bona ka melao e boletsoeng ke Jesu ba ee ba fane ka leseli le letle ho ba bang. (Matt. 5:16) Nakong e ’ngoe ’muelli oa molao o ile a phehella lekhotla hore motho eo a mo emetseng nyeoeng a ke ke a hlola a utsoa kapa ho bua leshano. Moahloli a mo botsa: “Na motho enoa eo u mo emetseng nyeoeng o fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova?”

Le hoja batho ba bangata ba tsoela pele ho hanyetsa mosebetsi oa ho ruta ka Bibele o etsoang ke Lipaki tsa Jehova, batho ba hlileng ba nang le lerato bakeng sa ’nete ea Mangolo baa fumanoa ’me ba arabela hantle haholo. Sena se fana ka tšusumetso e ntle haholo ho Lipaki tsa Jehova hore li tsoela pele ho abelana “litaba tse molemo” le baahi ba naha ea Cypruse.

[’Mapa o leqepheng la 30]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

TURKEY

LEOATLE MEDITERRANEAN

Nicosia

CYPRUSE

SYRIA

LEBANONE

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela