Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 9/15 maq. 28-30
  • Ho Tšaba Motho ho Tšoasa Morena Tsedekia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšaba Motho ho Tšoasa Morena Tsedekia
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • PHEPHETSO EA HO TIEA POLELONG EA HAE
  • O INEELA TŠABONG HAPE
  • Jerusalema ea Timetsoa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Sebeletsa “Morena oa Lichaba” ʼme u Pholohe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Ho Sebeletsa Molimo “Karolong e Qetellang ea Matsatsi”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • U Tla Khetha Metsoalle ea Mofuta Ofe?
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 9/15 maq. 28-30

Ho Tšaba Motho ho Tšoasa Morena Tsedekia

KE HANTLE Lentsoe la Molimo le re hopotsang hore “ho tšaba batho,” ho ineela ho tšabeng batho, “ho isa sefing; empa ea tšepang Jehova o beiloe phahameng.” (Liprov. 29:25) Ka baka la mefokolo e futsitsoeng motho o na le tšekamelo ea ho sekisetsa ha kotsi e sokela kapa ha a talimane le taba e sa thabiseng. Ke kahoo ho tšaba seo batho ba tla se nahana kapa ba se bue ho ka etsang hore motho a honyele ho etsa seo a tsebang hore se nepahetse.

Ka mohlala, Mokreste oa tseba hore o lokela ho bua ka linnete tsa Bibele ho ba bang a etsisa Jesu Kreste le balateli ba hae ba pele, ho akarelletsa moapostola Pauluse ea neng a “ruta . . . pontšeng le ka matlung.” (Luka 8:1; Lik. 20:20) Leha ho le joalo tšabo ea seo ba bang ba tla se nahana kapa ba se bue e etsa hore ba bang ba honyele mosebetsing ona oa Bokreste. Ea fanang ka mohlala o matla oa kamoo ho tšaba motho ho ka etsang hore motho a sekisetse ho intša kotsi ke Tsedekia, morena oa ho qetela oa ’muso oa Juda oa meloko e ’meli.

PHEPHETSO EA HO TIEA POLELONG EA HAE

Tsedekia, mora oa Morena Josiase ka mosali oa hae Hamuthale pele lebitso la hae e ne e le Matthania. Ha ngoan’a oa moholoane oa hae, Morena Jojakine a hapuoa ke Bababylona, Matthania a etsoa morena ea emeng lebitsong la Morena Nebukadnezare, morena oa Babylona. Ka nako eo lebitso la hae la fetoloa ke Nebukadnezare hore e be Tsedekia, e bolelang “Jehova ke ho loka.” Tsedekia a laeloa hore a ikane ka lebitso la Jehova hore o tla tšepahala ho Nebukadnezare. Empa na o ne a tla boloka tšepiso ea hae eo a e tlammeng ka kano?—2 Mar. 24:12, 17, 18; 2 Likron. 36:13; Jer, 37:1.

Tsedekia a ho etsa ka nakoana. Empa kamor’a nako a ineela khatellong ea mahosana a matla ’musong oa hae a neng a fehla ho loantša Bababylona. Eaba o roba tšepiso ea hae ’me a fetohela Nebukadnezare a leba Egepeta bakeng sa thuso. Ho felisa bofetoheli bona, morena oa Babylona a futuhela Jerusalema ka makhotla a hae, a thibella motse ka selemo sa borobong sa puso ea Tsedekia.—-Jer. 52:3, 4; Ezek. 17:15.

Ho bonahala eka ke qalehong ea thibello ena moo Tsedekia a ileng a laetsa moprofeta Jeremia, a mo botsa hore na ho tla etsahala joang ka Jerusalema. Lentsoe la Jehova ka Jeremia la lemosa hore boiteko bohle ba ho sireletsa motse bo tla hlōleha. Tsela feela ea ho pholoha, kamoo Jeremia a boletseng, ke ka ho ineela ho lekhotla le thibelletseng.—Jer. 21:1-10.

Leha ho le joalo, Morena Tsedekia le bahlanka ba hae ba ne ba sa na le boikhethelo bo bong haeba ba batla ho bontšoa mohau. Ka moprofeta oa hae Jeremia, Jehova a fana ka keletso ena: “Etsang kahlolo e lokileng ka hosasa ho hong le ho hong, le namolele mofutsana matsohong a ea mo tubang, e se be khalefo ea ka e ka tsoa joale ka mollo, ea chesa, ’me ho se be ea ka e timang ka baka la bolotsana ba liketso tsa lōna.”—Jer. 21:12.

Thibellong, Tsedekia, mahosana a hae le batho ba bang ba Jerusalema ba iteka ho hapa mohau oa Jehova ka ho etsa ho hong ho lumellana le molao oa Hae. Le hoja e ne e se selemo sa Jubile, ba etsa tumellano ea ho lokolla makhoba a bona a Baheberu, a matona le a matšehali, ’me ba fela ba a lokolla. Empa eare ha makhotla a Baegepeta a phallela ho tla thusa Jerusalema ’me Bababylona ba tlohela ho thibella hore ba sebetsane le kotsi ea Baegepeta, ba fetola maikutlo a bona. Ba lata makhoba a bona hape ’me ba a qobella ho sebetsa hape. Morena Tsedekia a etsa joang ka hoo?

Morena a se ke a etsa letho ho thibela mahosana le batho ho tlōla tumellano ea bona ea ho lokolla makhoba a bona a Baheberu. O ne a tseba hore na liketso tsa bona li fosahetse hakaakang, empa, ka ho totobetseng ka baka la ho tšaba ho soabisa bana ba tsebisahalang, a khothalletsa bokhopo ba bona. Kahoo, tlokotsi e ne e tla oela Jerusalema joang kapa joang, hobane Jehova o ne a ke ke a pholosa batho ba silafetseng.—Jer. 34:8-22; 37:5.

Kamor’a hore Jeremia a kenngoe litlamong ka qoso ea bohata ea ho balehela ho Bakalde, le ha Jerusalema e boetse e thibeloa, Tsedekia a laetsa Jeremia. Ha a arabela potso ea morena ka nako e tlang, Jeremia a re: “U tla neeloa matsohong a morena oa Babylona.” Ka lekhetlo lena Jeremia a ipiletsa ho Tsedekia hore a se ke a busetsoa litlamong ka tlung ea Jonathane. Morena a mo mamela ’me a etsa hore Jeremia a isoe “lebaleng la teronko.”—Jer. 37:11-21.

O INEELA TŠABONG HAPE

Tsedekia a tseba hore Jeremia o tšoeroe hampe. Leha ho le joalo, ha mahosana a nqosa Jeremia ka ho fokolisa maikutlo a batho, Tsedekia ha a ka a etsa letho ho sireletsa moprofeta. A boetse a ineela ho tšabeng motho, a neela Jeremia matsohong a mahosana, a re: “Bonang, o matsohong a lōna, hobane morena a ke ke a ba le matla ho lōna.” Mahosana a nka Jeremia a mo lahlela ka seretseng hore a shoe. E bile feela ka ho kenella ho sebete ha letona la Moethiopia Ebede-Meleke bophelo ba Jeremia bo ileng ba pholosoa lefung ka ho sona.

Hamorao Tsedekia a boela a kopana ka lekunutu le Jeremia. Jeremia a boela a mo bolella hore ke feela ka ho ineela ho Babylona Jerusalema e ka pholosoang. Empa Tsedekia a se ke a mamela keletso ea Jeremia e bululetsoeng. Hobane’ng? Hobane morena o ne a tšohile hore o tla neeloa matsohong a Bajode ba neng ba se ba balehetse ho Bababylona, le hore Bajode bana ba tla mo hlorisa. Ho bontšang tšabo ea hae ea motho ke kōpo ea hae hore Jeremia a se ke a bolela taba eo ba neng ba buisana ka eona ho mahosana a Juda.—Jer. 38:1-28.

Joalokaha Jeremia a ne a hlile a bolela, Jerusalema ea fela ea oela ho Bababylona. Ka selemo sa boll sa puso ea Tsedekia, makhotla a lira a phunya marako a motse. A ipatile ka lefifi, Tsedekia le bahlabani ba baleha, empa ba tšoaroa mahoatateng a Jeriko. Ba tlisoa ka pel’a Nebukdnezare ho tla ahloloa, Tsedekia pele a bona ha ho bolauoa bara ba hae. Joale a honngoa mahlo ’me a isoa botlamuoeng Babylona. Ruri ho tšaba batho ho ne ho ipakile e le leraba ho eena.—Jer. 52:9-11.

Ruri, taba ea Tsedekia ka matla e bontša motheo oa hore ho tšaba motho ho isa sefing. Pheko ea ho tšaba batho ke efe? Ho lumela ho Jehova le ho tšaba ho mo soabisa, hobane “ea tšabang Jehova o na le khotso ea sebele-bele.” (Liprov. 14:26) Ho boetseng ho hlōlang ho tšaba motho ke moea o halalelang oa Molimo, hobane ‘hase moea o boi, empa e le oa matla, le o lerato, le oa kelello.’—2 Tim. 1:7.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela