Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 3/15 maq. 28-29
  • Mekete ea Topollo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mekete ea Topollo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hopola Jehova le Mora oa Hae
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Ho Keteka Lefu la Motho ea Phahameng ea Kileng a Phela Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • La 14 Nisane—Letsatsi la Sehopotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • E-bang Sebete ha Topollo e Ntse e Atamela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 3/15 maq. 28-29

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Mekete ea Topollo

EBILE topollo e tsotehang hakaakang! Sechaba sa Iseraele se ne se le bokhobeng Egepeta, ’me Faro a hana ho ba lopolla hore ba ikele. Eaba Jehova o etsa hore Baiseraele ba bolaee konyana ’me ba fafatse mali a eona lifateng tsa mamati a bona, joalokaha u bona. Bosiung bona boo lengeloi la Jehova la feta matlo a nang le mali menyakong empa la bolaea matsibolo ’ohle a bara matlong a Baegepeta bohle. Ka hoo Faro a tlohela Baiseraele hore ba ikele ba lokolohile.

Na ho lopolloa ha Baiseraele ho hlile ha phetheha? Matsibolo a bona a ile a phela; ba lopolloa bohlankeng Egepeta ’me ba qetella ba kene ‘lefatšeng le kollang lebese le linotši.” (Ex. 13:5) Empa batho ba ’na ba kula; ba tsofala le ho shoa, Ba ne ba sa lopolloa sebeng le phellong ea sona, lefu.

Hamorao, Jesu Kreste a bonahala ponong lefatšeng. Ka letsatsi le leng Johanne, ea neng a kolobelitse Jesu, a mo supa ’me a re; “Bonang, ke Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Joh. 1:29) Joalokaha mali a konyana ea Paseka a ile a bolela topollo ho matsibolo a Baiseraele, kahoo mali a tšolotsoeng a Kreste a ka lopolla. A ka lokisetsa topollo e phahameng, e feletseng. Ba lumelang sehlabelong se lopollang sa Kreste libe tsa bona li tla tlosoa. (Joh. 3:16, 36) Ba tla tseba ho phela ka ho sa feleng ho se mohla ba tsofalang, ba kulang kapa ho shoa.—Tšen. 21:4.

Jesu a hloma sejo se khethehileng ho keteka topollo ena e khōlō, ’me se khethehileng kaha se amana le ba tla tsosetsoa ho ba majalefa le eena ’musong oa leholimo. Mantsiboeeng a pele a khokhotheloa, Jesu a nea baapostola ba hae ba tšepahalang bohobe ’me a re: “Nkang le je, hona ke ’mele oa ka.” Joale a ba nea senoelo sa veine ’me a re: “Noelang ho sona bohle; hobane hona ke mali a ka a selekane se secha, a tšolleloang ba bangata tšoarelong ea libe.” Hape, Jesu a re: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”—Matt. 26:26-28; Luka 22:19, 20.

Kahoo ona e ne e lokela ho ba mokete oa selemo le selemo ho hopoleng lefu la Jesu. Nakong ena e khethehileng se neng se boleloa ka lefu la Kreste e seng feela ho majalefa a ’Muso empa hape le ho bohle ba lumelang har’ batho, se hlahlojoa le ho hatisoa ka botebo kelellong le pelong. Ka la 8 ’Mesa, letsatsi la boikhopotso la selemo sena la lefu la Kreste, Lipaki tsa Jehova li u amohela ho kopanela le tsona moketeng ona o hopolehang. E-ba teng Holong ea ’Muso e haufi le uena. Botsa Lipaki tsa Jehova tsa moo bakeng sa nako e nepahetseng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela