Spain ‘e Utloa ka Jehova le Khanya ea Hae’
MAIKUTLO a ratehang ka Spain ke a baroetsana ba Andulasia ka boroa, ba moriri o phatšimang ba mahlo a lefifi ba tantšetsang ’mino oa likatara le lihoana. Empa Spain ke naha ea lintho tse ngata tse hapang. Ka mohlala, ka leboea ho na le masimo a matala, lithaba le mabōpo a maralla. Batho ba teng ba tiileng le ba shahlileng ba phela ka mobu, merafo ea mashala, leoatle, kapa mesebetsi ea khoebo ea Basque. Ho khahlisang, ho fapana le katara, ka leboea u ka utloa meropa le liphala.
Spain boholo e tletse bolumeli ba Roma e K’hatholike. Empa joale lintho lia fetoha ’me Kereke ha e sa na matla ao e neng e e-na le oona pele ho batho ba Spain ba limillione.
Molao oa motheo o mocha o ile oa amoheloa ka livoutu ka Tšitoe 1978. Hape, oa khaola litlamo tsa molao pakeng tsa Naha le Kereke e K’hatholike. Temana 16.3 ea molao ka ho toba se re: ‘Ha ho maipolelo [a bolumeli] a tla kenyelletsa ’muso.’ Molao ona oa motheo o tiisa bolokolohi ba bolumeli bakeng sa bohle.
KEKETSEHO E MATLA QHOBOSHEANENG EA K’HATHOLIKE
Har’a sena sohle, Lipaki tsa Jehova li tsoela pele joang Spain? Ruri hoa khothatsa ho bapisa tlhoro ea 1975 ea baboleli ba 31 948 ba ‘litaba tse molemo’ le tlhoro ea ba 43 276 ka 1980, keketseho e fetang 11 000 ka lilemo tse hlano feela. Hape, ha ka 1975 ho ne ho le teng liphutheho tsa Lipaki tse 534 Spain, Andorra le Canary Islands, hona joale li 784.
Cheseho ea batho ba Jehova e ntse e khahla batho ba bangata. Ka mohlala, mongoli e mong oa Moprostanta a lumela (Página abierta):
“Batho ba bangata baa hlolloa ho tseba hore ho teng makholo a mangata hakaalo kapa likete tsa . . . [Lipaki] motseng oa habo bona. Nka re ha ho makatse, empa hoa utloahala. Ke selemong se fetileng ha li etela metse kaofela, ka ntlo le ntlo, li rekisa buka ea tsona e tsebisahalang ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. . . .
“Balateli bao sehlopha sena se nang le bona hona joale ke tholoana feela e utloahalang ea ho jala hoo se ho entseng.”
Eaba o bua tjena ka balumeli bahabo: “Ho fihlile nako ea hore re lahle ho bonela haufi ha rōna ha moea, ’me ho e-na le hore re khoaele Libibele tsa rōna feela ka mahafing re be le pono ea ho tsoa ka mekotlana ea libuka e tletseng Molaetsa . . . kaha re ke ke ra lebella Morena ho hlohonolofatsa ka kotulo e khōlō ho jaloa ha peō hoo re sa kang ra ho etsa.”
HO BOLOKOA HO SE NKE LEHLAKORE HA BOKRESTE
Ka baka la botsoalle ba lilemo tse fetang 40 le ’muso oa Franco, Kereke e K’hatholike e feletsoe ke bophahamo le boemo Spain. Baprista ba bang ba banyenyane ba leka ho tloha ponahalong ea neano, ’me kahoo baruti ba arotsoe ke likhang tsa bopolotiki.
Ha ho bapisoa, Lipaki tsa Jehova li lutse li se na letheba lipolotiking. (Joh. 15:19; Jak. 1:27) Lipaki li ’nile tsa biletsoa moo ho khetheloang ’me tsa hana ka hlompho ka baka la matsoalo a tsona a koetlisitsoeng ka Bibele. Tse ling tsa tšosoa, ’me Paki ea Logrōno ea qeta matsatsi a mararo litlamong tsa sepolesa kaha e hanne ho sebetsa setsing sa likhetho.
Tabeng ea khang ea tšebeletso ea sesole, ba biletsoang ho ea ikoetlisetsa sesole e le Lipaki tsa Jehova ba ntse ba khutlisetsoa hae ho fihlela ba ka laetsoa hape. Kahoo hona joale ha ho lea mong ho Lipaki tsa Jehova ea chankaneng ka baka la ho hana ho nka tšebeletso ea sesole.
HO PAKA LIKOLONG
Batsoali ba bang ba ikhathatsa ho teana le batsamaisi ba likolo le matichere, ’me hona ho felletse ka bopaki bo botle, hammoho le lipolelo tsa ho ananela libuka tsa Watch Tower.
Tabeng e ’ngoe, ngoanana oa Paki ea lilemo li 11 ea tsoang sebakeng sa Andalusia oa Cádiz a ea le buka ea Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali bo Bona sekolong ’me a nea bao a balang le bona tse robileng mono o le mong. Tichere ea sheba buka ’me ea re: “Ke masoabi a makaakang hore Kereke e K’hatholike ha e hatise buka e ntle joalo bakeng sa bacha!”
Tichere e ’ngoe ea hlahloba se ka bukeng ’me ea bolella khaitseli e monyenyane hore a ka ema ’me a bua le sehlopha ka taba ea Bibele. A nka buka ea hae ’me a bala khaolo e reng: “U Nka Taeo Joang?” joale a e hlalosa. Ka baka leo, a qalisa thuto ea Bibele le ngoanana sehlopheng sa hae, ’me ngoanana enoa le ’mè oa hae hamorao ba ba teng Sehopotsong.
MOK’HATHOLIKE EA NYAHAMENG O FUMANA ’NETE
Phihlelo e ’ngoe e thabisang ke e amang Gloria, ea hlahetseng Logroño ’me a hōletse lelapeng la K’hatholike. A kenela boitlami a le lilemo li 19, a qala koetliso ea hae Orense ka 1952. Kamor’a lilemo tse robeli tšebeletsong ea boromuoa ea K’hatholike e le tichere Venezuela, ntat’ae a shoa ’me a khutlela Spain ho ea hlokomela ’m’ae. Leha ho le joalo, Gloria ea ’na ea e-ba Mok’hatholike ea mafolo-folo, a tsoha hoseng ho hong le ho hong ka 6 ho ea ’Miseng oa hoseng. Kamor’a lilemo tse leshome le metso e ’meli ’m’ae a shoa ’me Gloria a fallela Barcelona. Ho sa le joalo, ho khothalla ha hae bolumeli ho ne ho thekesela. Hobane’ng? Ka baka la mohlala o mobe o neng o beoa ke baprista ba bang bao a neng a amana le bona, haholo ea neng a nkoa a “halalela haholo a bile a le bohlale” empa a ile a mo atamela ka boitšoaro bo bobe! Eaba qetellong o khaotsa ho ea kerekeng.
Joale ka 1975 molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova a fihla lapeng ha hae ’me a mamela. Oa hlalosa:
“Ra bua ka litaba tse neng li ntšoenya ka mehla kaha ho ne ho bonahala li sa lokela kapa hona ho utloahala—mollo oa lihele, pelekatori, ho hlomphuoa ha Maria, le tse joalo. A ’memela ho ea sebokeng Holong ea ’Muso ’me ka ea . . . Ka khutla ke khahliloe haholo. Sohle se neng se boleloa moo se ne se lumellana le Bibele, ’me ka thaba. Ka ’na ka ea libokeng, ke sebelisa monyetla oo ho sheba Lipaki. Kamor’a likhoeli tse peli, ka kōpa thuto ea Bibele. Ke ne ke khotsoe. Qetellong ke ne ke fumane ’nete!”
“DISCO” LE LITHETHEFATSI HA SE KARABO
Spain kajeno, ho atile “li-disco” le libaka tsa lino moo meleko e leng teng ea boitšoaro bo bobe le ho sebelisa lithethefatsi. Empa ba bang ba thabela ho ikarola mekhoeng e joalo ’me ba inkela borapeli ba Jehova.
Mohlala o mong o joalo ke Julián, oa Torrenueva, Ciudad Real. Ka 1971 a kenella lefatšeng la “mahippie” ’me a khathalletsa “discong” karolong ea botekatse ea Barcelona. Hona ha mo etsa hore a leke lithethefatsi tsa mefuta, a qetella a sebelisa LSD. Julian a ba a rokella setšoantšo sa “molimo” oa hae, sebini se tsebisahalang, ka morao ho baki ea hae. A senyeheloa ke 12 000 pesetas kapa R144 le khoeli a phela ka bohobe, metsi le mafura a nama ea kolobe ho lefa molato oo.
Leha ho le joalo, kamor’a nako, Julián a hlokomela hore ha a fumana metsoalle ea ’nete kapa eona khotsofalo bophelong. Kahoo, ka ’Mesa 1974, a rera hore o tla etela moprista oa K’hatholike. Ka nako eona eo, o ne a lokisetsa ho lula le ngoanana eo a ratanang le eena. Empa bekeng eo ha hlaha khang har’a basebetsi le eena hore na ka ’nete Maria e ne e hlile e le moroetsana ha a emola Jesu. Bongata, le hoja e le Mak’hatholike, ba latola boroetsana ba Maria, ntle ho monna a le mong ea ileng a bua ka sebete. Julián a bua le eena kamor’a moo, ’me a utloa hore o ithuta le Lipaki tsa Jehova. Eaba Julián le eena oa qalisa.
Leha ho sa hlokahale ho boleloa, ha a ka a ea ho moprista mafelong a beke eo hape a se ke a phela le ngoanana eo a ratanang le eena. Kamor’a libeke tse peli a ithuta Bibele, Julián a senya liaparo tsa hae tsa “bohippie,” ho akarelletsa baki ea hae e theko e matla. Hobane’ng? “Ke ne ke tlameha ho felisa litlamo tsa ka tsa nakong e fetileng e le hore ke qalise bocha.”
Nakoana kamor’a moo, Julián a fallela sebakeng sa Pyrenea se Andora hore a tlohe metsoalleng ea hae ea pele. A kolobetsoa e le paki e ineetseng ea Jehova ka Mphalane 1974, ’me hamorao a sebeletsa e le pula-maliboho ea tloaelehileng. Ka Phuptjane 1978, a bitsoa ho ea sebeletsa Bethele ea Barcelona, Spain, moo ofisi ea lekala ea Watch Tower Society e leng teng.
‘HO ETSA HO HONGATA MOSEBETSING OA MORENA’
Ka mosebetsi o mongata o sa ntsaneng o lokela ho etsoa, ho lokisetsoa katoloso. Lelapa la Bethele la Spain joale le na le litho tse 50. Leha ho le joalo, ha ho sebaka sa katoloso sebakeng sa Watch Tower Society se Barcelona. Kahoo lehlabuleng le fetileng ho ile ha fumanoa sebaka ka ntle ho Madrid, mohahong o motle o moholo o ka nchafatsoang ho fana ka ntlokholo e ntle bakeng sa Lipaki tsa Jehova Spain. Empa na baena ba Spain ba ne ba tla nolofalloa ke ho fana ka se hlokahalang ho reka mohaho oo? Karabo e bile e tsotehang ruri. Ruri e bile ho susumetsang ho bona likhaitseli li fana ka masale a bohlokoa, lipele le mabenyane a mang.—Bapisa Exoda 35:20-24.
E, ‘mosebetsi oa Morena o sa le mongata’ Spain, ’me Lipaki tsa Jehova li phela haholo bakeng sa tokelo ena. (1 Ba-Kor. 15:58) Molaetsa oa ’nete o kopanya batho ba libaka tse ngata le tšimoloho—Macatanolia, Maandalusia, Magalicia, Maasturia, Macastilia, Magypsy le Mabasque—ho bolela ba seng bakae feela. Batho ba Spain ba fumana tlaleho ka ’muso oa Jehova, ’me ba bangata ba bolella ba bang ka khanya ea hae.—Esa. 66:19.
“Le tla ba lipaki tsa ka . . . le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Lik. 18:8.