Maele a Bohlale
“Se khahlisang lehlanya hase ho rua hlalefo, empa e le ho hlahatsa se ka pelong ea lona.” (Liprov. 18:2) Maele ana aa ruta. Motho oa leoatla ha a nke hlalefo e le ntho ea bohlokoa. Booatleng ba hae ha a batle hore kutloisiso e tebe ka ho eena hore na sa ’nete ke sefe le hore se seng joalo ke sefe. O thabela ntho e le ’ngoe feela, leha ho le joalo. Ke hore ka sebete le ka makhetlo a mangata a khotsofatse maikutlo a hae, ka kholiseho e beiloeng sebakeng sesele hore e hlile ke a bohlokoa. Kahoo a itlhahatsa seo a hlileng a leng sona. Ho bebera ha hae kahoo ho sebeletsa ho hlokomelisa ba bang hore na ke motho oa mofuta ofe.—Bapisa Liproverbia 10:19.