Maele a Bohlale
“Ba bohlale ba tla ja lefa la hlompho; ha e le lithoto, botumo ba tsona ke lihlong.”—Liprov. 3:35.
Ka linako tse ngata motho ea bontšang bohlale ba ’nete o fumana hlompho e sa qeloang. Hlompho ena e tla ho eena hobane ba bang ba hlokomela mesebetsi ea hae e tsamaisanang le tsebo le temoho, hore enoa ke motho ea beang mohlala. (Liprov. 12:8; 22:29) Ke ka baka la hore o batla bohlale bo tsoang ho Molimo le ho bo khomarela. (Jak. 3:13, 17) Motho enoa o fapane haholo hakaakang le “lithoto”! Li etelletsa pele lintho tse sa tliseng hlompho ea ’nete le e lulang ka mehla empa lintho tsena qetellong li li tlisetsa lihlong. Ka baka la bothoto, ha li bone hore lintho tsena li tla hlahisa eng hamorao. Khele, selomo se seholo hakaakang pakeng tsa ‘motho ea bohlale’ le ‘sethoto’!