Lentsoe lo Molimo Leo Phela
Na Botšepehi Feela bo Khahla Molimo?
HO ’NILE ha etsoa lintho tse sisimosang ka lebitso la bolumeli. Ak’u bone Setefane mona, morutuoa oa Jesu Kreste. Oa bolaoa!
Ba bolaeang Setefane ke banna ba tsebisahalang haholo bolumeling. E mong ho bona ke Saule, monna ea lebetseng liaparo tsa hae. (Lik. 7:58-60) Hamorao o ile a re: “Ke ne ke siile hole, ka taba tsa bo-Jode, thaka tsa ka tse ngata.” Ho e-na le ho iketsa motho ea molemo, leha ho le joalo, Saule a bolela hore bolumeli ba hae ke bona bo neng bo ikarabella ka ho “hlorisa . . . kereke ea Molimo” hoo a neng a ho etsa.—Ba-Gal. 1:13, 14.
Saule o ile a hlorisa Bakreste ba Jerusalema ka ho futuhela matlo a bona, a ba hulanyetsa ka ntle le ho ba kenya litlamong. (Lik. 8:3) Empa ha a ka a khaotsa ka hoo feela. Hape a qalisa ho leba Damaseka ho ea tsoara Bakreste le hona moo.—Lik. 9:1, 2.
Ha a le tseleng, leha ho le joalo, ha etsahala ntho e tsotehang. Joalokaha u bona, ha halima khanya e tsoang holimo ho pota Saule ’me o oela fatše. Lentsoe le re: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng na?”
Saule a botsa, “U mang, Morena?”
“Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang,” kamoo karabelo e hlahang. (Lik. 9:3-5) Jesu o bua joalo hobane ha Saule a hlorisa balateli ba Jesu, Jesu o ikutloa hore ke eena ea utloang bohloko. Hang kamor’a moo Saule o fetoha setho sa phutheho ea Bokreste ’me, kamor’a nako, o tsejoa e le moapostola Pauluse.
Re ka ithuta ntho ea bohlokoa ka sena. Saule o ne a tiile, a lumela hore o khahlisa Molimo ka ho hlorisa Bakreste. (Lik. 22:3, 4; Joh. 16:2) Empa hoo ho ne ho sa etse hore seo a se etsang ebe se nepahetseng. Ho ne ho hlokahala hore a fetole bolumeli ba hae e le hore a ka khahlisa Molimo hore o mo amohele. Hamorao o ile a ngola ka ba bang ba neng ba tiile, empa ba sa khahlise Molimo. Bothata ba bona e ne e le bofe?
Pauluse oa hlalosa: “Ke paki ea bona, ea hore ba na le cheseho ho Molimo, empa e seng ka kelello.” (Ba-Roma 10:2) E, tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e tsamaea le botšepehi. Ha motho a sa tsebe ’nete ea litaba, motho a ka ’na etsa lintho tse mpe ka ho fetisisa. Kahoo ke habohlokoa hakaakang hore re fumane tsebo e nepahetseng ka merero ea Molimo!—1 Tim. 1:13; Joh. 17:3.