E Tla u Etsa Hore u Nahane
Nakoaneng e fetileng ho ile ha fumanoa lengolo le lekhutšoanyane le tsoang ho mosali oa Des Moines, lowa. A ngola:
“Hoseng hona ho fihlile mosali ea motle haholo monyako oa ntlo ea ka ’me a mpha buka e bitsoang ‘’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.’ Ke sa tsoa qeta ho e bala. Ke ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ke bala ntho leha e le efe e maqephe a 190 ka letsatsi le le leng. Ka la 29 Phuptjane, 1967, ke ile ka khaotsa ho lumela ho Molimo. Kajeno ke qalisitse ho nahana hape.”
Na le uena u rata ho bala ntho e ka u etsang hore u nahane ka matla? U ka khaola leqetšoana lena ’me ua amohela buka e sekoahelo se thata “’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.”
Ke kentse lisente tse 70.