Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 10/15 leq. 31
  • Ho Batla Menyaka ha ho Tlise Thabo ea Sebele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Menyaka ha ho Tlise Thabo ea Sebele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 10/15 leq. 31

Ho Batla Menyaka ha ho Tlise Thabo ea Sebele

BATHO ba qalang ho phelela menyaka feela ba phakisa ba foufalle boikarabelo ba bona ho Molimo. Hona ho ile ha etsahalla Baiseraele ba bang bao mantsoe a latelang boprofeteng ba Esaia a ileng a tobisoa ho bona: “Ho malimabe ba tsohelang ho titimela joaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahoa. Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ea bona, empa ha ba ele mosebetsi oa Jehova hloko, ha ba bone morero oa matsoho a hae.”—Esa. 5:11, 12.

Baiseraele ba ngolloang mona ba ne ba entse sepheo se seholo sa bophelo ba bona e le ho phehella menyaka ea nama. Ba ne ba qala ho noa hoseng ’me ba tsoele pele ho fihlela bosiu, ho hang ba laoloa ke veine. Ba chesoa ke tahi, ba felloe ke boitšoaro, ba tlatsa lerata. Mekete ea bona e lerata e ne e na le ’mino, ntle ho pelaelo ’mino oa nama ho tsosa takatso.

Kaha batho ba kamanong ea selekane le Molimo ba ne ba ka tšoasoa joalo ke menyaka, hona ho lemosa Bakreste hore ba ikalose hore ba se fetohe ba batlang menyaka. Kamano ea motho ea hona joale le Jehova Molimo e ke ke ea nkuoa habobebe feela, ’me katamelano e haufi le eena ke ea bohlokoa ho thabeng ka ’nete.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela