Ke Bone Bophelo bo Fetoha ka ho Babatsehang
Kamoo ho boletseng Percy Iszlaub
KHALE ka 1949 monna oa Mojapane ea bitsoang Kimihiro Nakata a bolaea banna ba babeli. O ne a rekiloe hore a etse joalo. Eo e ne e le mehla e mebe. Ho ne ho bolailoe batho ba limillione mabaleng a ntoa, ’me, ka nakoana, mabifi a mehla eo a kenella le lilemong tsa kamor’a ntoa.
’Na le mosali oa ka Ilma, re ne re sa tsoa fihla Japane re le baromuoa kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Kimihiro o ne a le lilemo li 18 feela ka nako eo. Lekhotla la mo ahlolela ho bolaoa ka hore a fanyehoe. Hoja o ne a le likhoeli tse seng kae ka tlase ho moo, o ne a sa tlo ahloleloa lefu. A rōmeloa chankaneng ea Fukuoka a kenngoa moleng oa lefu.
Hase mokhoa oa Japane ho bolella motho ea ahloletsoeng lefu hore na o tla bolaoa neng. Motho a ka ’na a ba moleng oa lefu beke, khoeli, selemo, kapa tsona lilemo tse ngata; monna e mong o bile moo ka lilemo tse 30. Chankaneng, Kimihiro ea e-ba motho ea tšoenyehileng le ea mabifi haholo. O ne a ee a tšoare litšepe tsa ntlo eo a leng ho eona ’me a hoeletse; “Ke’ng ha le sa mpolaee! Ha re qetelaneng!” Empa lilemo tsa ’na tsa feta a sa bolaoe.
Kamor’a nako, Kimihiro a thahasella bolumeli. A fumana Bibele ’me a qala ho e bala ka thabo. Leha ho le joalo, o ne a e-na le lipotso tseo a sitoang ho li fumanela likarabo. Ka letsatsi le leng, bohareng ba bo-1950, a fumana makasine ea Molula-Qhooa. Motsoalle, ea neng a sa thahaselle makasine ka boeena, a mo romella eona. Ke eona ntho eo Kimihiro a neng a e batla. A ngolla Watch Tower Society ho fumana taba e eketsehileng, ’me ha rōmeloa e mong oa Lipaki tsa Jehova ho mo etela. Paki ea fihla chankaneng, ’me hona teng, moleng oa lefu, Kimihiro a qala ho ithuta Bibele.
Ho sa le joalo, ka Loetse 1957, kabelo ea rōna ea boromuoa ea fetoleloa motseng oa Fukuoka. Ka nako eona eo, Paki e neng e ithuta le Kimihiro ea tloha, eaba ke tsamaisa lithuto tsa beke le beke moleng oa lefu. Pelenyana re fihla Fukuoka, Kimihiro o ne a kolobelitsoe bateng ea chankane.
Mona ka fumana moena oa Mokreste eo botho ba hae bo fetohileng haholo. Kimihiro a fetoha ea haufi haholo le moratuoa oa ka ha ke ntse ke ea ho eena beke le beke le likhoeli li ntse li feta. Ha re ntse re tloaelana, ka bona ho tšoana bophelong ba rōna ba nako e fetileng. Ha e le hantle, ke ne ke atisa ho nahana hore hoja ka tsoela pele ke phela kamoo ke neng ke phela kateng le ’na mohlomong nka be ke qetelletse chankaneng.
BOPHELO BA BOHALE
Ke le moshemane oa sekolo ea hōlang Queensland e ka boroa bo ka bochabela, Australia, ka qala ho tsuba le ho noa. Hona ha nkenya khathatsong le sepolesa sa moo. Lintoa tsa botahoa libareng e ne e le ntho ea beke le beke. Ka tsatsi le leng ka betsa monna ea neng a mpuisitse hampe ka galase ea biri sefahlehong. Ka roba makoloi a mabeli ke ho khanna ke tahiloe ’me ka phonyoha kotsing e mpe ha ke beisa sethuthuthu.
Ka kena papali ea chelete ka baka la ho tsuba le ho noa. Ha mapolesa a phahla sebaka seo re bapalang papali ea chelete ho sona ka lekunutu, re ne re fumana se seng. Ka lekhetlo le leng, hore batho ba bechele ’na hore ke hlōle, ka kena ka holong ea tantši har’a mp’a bosiu ke apere liaparo tsa ho robala, ka letsohong ke nkile “ice cream” ’me molaleng ke itlamme ka mehatlana ea nama e sitsoeng. Ka hlōla empa ka hlōloa ha ke baleha sepolesa, se ileng sa nqosa ka ho se itlhomphe.
Ka fetoha lesholu, ke qala ka ho utsoa lapeng le leng. Joale ka thuha hore ke kene ka ntlong ea libaesekopo, ke nka chelete le lisakarete. Liketso tsa ka tsa bosholu tsa atoloha ha ’na le motsoalle oa ka re utsoa enjene ea koloi re e kenya chesing e ’ngoe ’me re e rekisa.
Papali ea “rugby” e ne e le lerato la ka. Ke ne ke bapala “halfback.” Re ne re bapalla ho hlōla; lepetjo la rōna e le ‘ho tabanya ba bang.’ Ka tsatsi le leng eare ha ke matha ka bolo ba lehlakore le leng ba ‘ntabanya’—ka robeha likhopo tse peli le letsoalo la ka la utloa bohloko.
KELELLO EA BOIKARABELO
Ka nako eona eo, ke ne ke hlokometse lelapa. Ha ntate le ’mè ba kula ’me ba sitoa ho sebetsa, ka tsoa sekolong ’me ka batla mosebetsi ke le setei sa makoloi ho thusa hore lelapa le phele. Ke ne ke le lilemo li 14 feela. Lilemo tse leshome hamorao, ka 1940, ke ne ke le moeta-pele karacheng eo, ke alositse litei tse 17.
Boithabiso bo boholo mehleng eo e ne e le litantši tsa Moqebelo bosiu. Ke ne ke le seletsi sehlopheng sa tantši. Ke ne ke atisa ho tloha mosebetsing motšehare o moholo ka Moqebelo, ke ee motseng o sebakana ’me ke letse e be e be bosiu, ke fihla hae ha letsatsi le chaba. Litantši tsa Moqebelo bosiu le ho tsoa le banana e ne e le karolo e khōlō ea bophelo ba ka.
TŠUSUMETSO E NTLE BOPHELONG BA KA
Ke ha ke le lilemo li 23 ha ke kopana le Ilma tantšing. Ra qala ho bonana khafetsa, pele litantšing. Empa joale o ne a chakela lapeng, eena le ’mè e e-ba metsoalle e meholo. Ka phakisa ka hlakisa hore ke rera ho mo nyala. Kamano ea rōna e ne e tla fetola bophelo ba ka hakaakang.
Ke sa le mona ke bolele hore lilemo pelenyana ’mè e ne e bile e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ne ke ho hloile hakaakang! Ke ne ke le lihlong ke ho mo bona a eme literateng a nea ba fetang ka tsela libuka tsa Bibele. Ke phea khang le eena hore a ho tlohele, empa ke sa atlehe. ’Me ka mo tsebisa hore ha ke batle ha a bua ka bolumeli ba hae ba bohlanya ho Ilma.
Bosiung bo bong kamor’a tantši ’na le Ilma re ne re qoqa ka ntoa—ntoa ea bobeli ea lefatše e ne e sa tsoa qaleha ka Loetse 1939. Moqoqo oa rōna oa ama liketsahalo tsa lefatše, ’me Ilma a re: “Na ha u rate ho bona puso e lokileng le ea toka e theoa e tla tlisetsa batho bohle maemo a khotso?”
Ka arabela, “Hantle haholo, empa ke mang ea ka ho etsang? Motho o lekile ka lilemo empa re hokae hona joale? Re qala ntoa ea lefatše!”
Ilma a arabela: “Molimo o matla ’ohle o ka ho etsa, ’me o tla ho etsa.”
“Ho tla joang hore Ea matla ’ohle ha a s’o etse letho ho tla fihlela joale? Bona ntoa le mahlomola tse tletseng hohle. Na le moo u ka nkarabela, moratuoa?”
E, Ilma a e arabela potso ea ka, empa ka tsela eo ke neng ke sa e lebella. A ntša bukana, Government and Peace, ’me a bala ho eona: “Ho ke ke ha e-ba le khotso e sa feleng ntle ho puso ea toka le ea ho loka. Ho ke ke ha e-ba puso ea toka le ho loka ntle ho khotso.”
Ka lumellana le seo. “Empa ntho e joalo e ka finyelloa joang?” Ke ne ke batla ho tseba. “Ere ke bone bukana eo.”
A ’neeletsa eona. Ha ke phetla leqephe la pele, ka bona “WATCH TOWER BIBLE AND TRACT SOCIETY . . . Khatiso ea Pele likopi tse 10 000 000.” Ka ‘bela ke bohale’! Ka botsa, “U e fumane joang?”
“Ho ’mè oa hao,” a arabela, “’me ke e balile ebile kea e kholoa.”
Ka hlanya ho feta joale ke ho utloa hore ’Mè o ne a ntse a bua ka bolumeli ho Ilma. Ho ile ha etsahala hore ka libekeng tse fetileng Ilma o ne a ile a botsa ’Mè potso e neng e mo khathatsa. “Kereke ea ka e ruta hore ba khopo ba ea liheleng ’me ba lokileng ba ea leholimong,” kamoo a ileng a qala kateng. “Joale, ha ke ikutloe ke lokile hore nka ea leholimong, empa le teng ha ke mobe hakaalo hore nka ea liheleng. Joale ke eme hokae?”
’Mè a ipha sebaka seo ho bolella Ilma ka morero oa mathomo oa Molimo ho etsa lefatše paradeise, le kamoo morero o tla tloha o phethahala tlas’a puso ea ’muso oa oona. A supa mangolo a kang Pesaleme ea 37:11 le 29, a reng: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” ’Me a hlalosa hore Jesu o bile o tšepisitse sesinyi se shoeletseng pel’a hae hore se tla khutlisetsoa bophelong paradeiseng eo ea lefatšeng.—Luka 23:43.
Kahoo ha Ilma a ne a chakela lapeng mafelong a beke, ’mè ka mofuthu o ne a nkopa hore ke ee ’marakeng ho ea reka lintho tse tla jeoa mantsiboea. Ha ke sa ile, o ne a bua ka lithuto tsa Bibele le Ilma. Hore na hona ho ne ho etsahetse ka makhetlo a makae ha ke tsebe, empa ha baka bohale bosiung boo.
Ka bolella Ilma hore ’mè o ne a sa tšoanela ho bua le eena ka bolumeli ba hae kaha ke hanana le bona. Joale Ilma a botsa: “Ebe u hanana le tokoloho?”
“E seng joalo ho hang!”
“Ebe joale ha u moikaketsi?” a ntoba.
Ke ne ke bitsitsoe lintho tse mpe ho feta moo pele, empa ho ne ho fapane ha li tsoa ho Ilma. “U itse ekaba ntho e babatsehang ha ho e-na le puso ea khotso,” a tsoela pele. “Empa ha u utloa hore ke Lipaki tsa Jehova tse bolelang hore na Molimo o tla tlisa ntho e joalo joang, joale ha u sa thahasella.”
Hoo ha etsa hore ke inahane ’me, ke korotla, ka tloha ho eena ke befola. Ha feta beke ’me ka bua le Ilma ka thelefono, ho bona hore na nka tla mo bona hape na. “E, haeba u itšoara hantle ’me u bua ka lintho tseo re neng re bua ka tsona bosiung bo bong,” a bolela joalo.
Eaba kea mo etela ’me ka mo botsa hore na ke eng se mo entseng hore a lumele “bolumeling ba Rutherford,” kamoo ke neng ke bo bitsa kateng. (J. F. Rutherford e le mookameli oa Watch Tower Society ka nako eo.) A re: “Ke ka lekhetlo la pele ke utloileng lintho tse babatsehang hakaalo. Ho ’na lia utloahala. Ha ’mè oa hao a arabela lipotso tsa ka nka be ke ile ka tantša ke thabo. Ke hlile ka utloa hore ke ’nete ka lekhetlo la pele feela.”
Ke tlameha ho lumela hore ke ne ke se moeeng oa ho tantša. Empa ke ile ka mamela mangolo a mang, ’me ka lumela hore ke tla fuputsa ho ea pelenyana. Kahoo, ka la 8 Tšitoe, 1939, ra chata.
KAMOO BOPHELO BA KA BO FETOHILENG KA MATLA
Ka re ho Ilma, “Ke hantle, re tla fumana motho ea tla ithuta Bibele le rōna. Empa ha ke batle ’mè kapa motsoalle oa hae ea lilemo li 70.” Ruri ke ne ke nahana hore bona ke bolumeli ba basali baholo. Eaba banyalani ba bahlanka ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova baa tla.
Qalehong ke ne ke ba phehisa khang haholo. Ka mohlala, ke ne ke sa utloisise hore na motho oa pele Adama o ne a ka etsa sebe joang haeba a phethahetse. Ho ‘na ho ne ho bonahala hore Molimo ha oa etsa mosebetsi o motle hakaalo ha o mo bōpa ha e le moo a entse bobe. Empa, kamor’a nako, ka utloisisa hore Molimo o bōpile motho a lokolohile ho ikhethela—a sa tšoane le robote. Kahoo o ne a e-na le matla a ho ikhethela ho etsa ho nepahetseng kapa ho fosahetseng.
Ha lithuto tsa rōna li kenella ho Tlhakola le Tlhakubele, thahasello ea ka ea phahama. Ka tsatsi le leng ka re ho Ilma: “A re ee kopanong e Brisbane.” E ne e le ka ‘Mesa, likhoeli tse ’ne feela re nyalane. Eaba rea ea. Ea re khahla hakaakang! Ke ne ke sa lumele hore ho na le batho ba bacha ba bangata hakaalo ba thaka ea rōna bao re ka teanang le bona; hona ruri e ne e se feela bolumeli ba batho ba maqhekoana.
Ha re khutlela hae, ka nka lithuto tsa rōna ka ho teba haholo ’me ka chesehela ho bolella ba bang. Motseng o haufi le moo, Norman Bellotti, mocha ea neng a le sehlopheng se neng se loantšana le sa rōna, le eena ea e-ba Paki. Joale re se re le metsoalle, ho e-na le baloantšani, ra qala ho paka. Metsaneng ea habo rōna ba bangata ba ne ba re tseba ’me ba sitoa ho lumela seo ba se bonang. Ho tsuba, lintoa tsa botahoa, bosholu, ho khanna ka bohlasoa, papali ea chelete, ho bapala ka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali—kaofela e ne e le lintho tsa nako e fetileng. Hobane’ng?
Mahlo a ka a kutloisiso a ne a tutubolohile. Ke ne ke lumela ka pelo eohle ea ka hore Jehova Molimo o tla thea puso ea toka, ’muso oa hae oo re neng re o rapella. (Matt. 6:9, 10; Dan. 2:44) Ke tsebo ena le ho e ananela ha ka tse neng li ikarabella bakeng sa phetoho e khōlō bophelong ba ka. Hona ke hona ho ileng ha mpholosa khathatsong e kang eo Kimihiro Nakata a ileng a ameha ho eona.
QALEHO EA BOPHELO BO BOCHA
Ka Phupu 1940, ’na le Ilma ra rera ho ea kopanong ea Sydney ’me kamor’a moo re qalise mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng, kapa bopula-maliboho kamoo o bitsoang kateng. Ka tlohela mosebetsi oa ka ke le moeta-pele karacheng, ’me ra rekisa thepa eohle eo re neng re e rekile bocha. Ka etela Norman ho mo phetela ka litokisetso tsa rōna. A re: “Nkemeleng! Nkemeleng! Le ’na ke tla tla!” Eaba Norman le khaitseliee Beatrice ba tla le rōna.
Kopanong e tiisang tumelo, bone ba rōna, ka la 24 Phupu, 1940, ra tšoantšetsa boineelo ba rōna ho Molimo ka kolobetso ea metsing. Kamor’a moo ra ea ofising ea lekala ea Watch Tower Society e Sydney ’me ra kōpa likabelo tsa bopula-maliboho. Ra rōmeloa motseng oa Townsville, Queensland Leboea.
Bophelo bo bocha boo re bo qalileng bo ne bo se bonolo. Empa bo ne bo putsa ’me re ne re thabela ho kholiseha hore re etsa se khahlisang Jehova Molimo.
Nako ea lipula e qala ho tloha ka Pulungoana ho isa ka Pherekhong Queensland Leboea. Ka linako tse ling e ne e na lisenthimithara tse 39 le ho feta ka letsatsi, e baka likhohola. Ka lekhetlo le leng re ne re arohile ka matsatsi a mangata pakeng tsa linōka tse peli tse tletseng haholo. Ha re felloa ke lijo, re ja litamati tsa naha.
Ha ntoa ea lefatše e ntse e tsoela pele, khethollo ea ja setsi ka Lipaki tsa Jehova. Ka Pherekhong 1941 ’muso oa thibela mesebetsi ea rōna Australia. Empa ra tsoela pele le mosebetsi oa rōna oa boboleli. Norman le ’na re ne re ee re tsoe ka Mantaha hoseng ho ea sebetsa libakeng tse ka thōko. Re ne re laela mabokose a mabeli a libuka baesekeleng e ’ngoe, ho e ’ngoe likobo, pane ea ho halika le ntho e nang le metsi bakeng sa tee. Nakong eo Ilma le Beatrice ba paka motseng ho fihlela re khutla Labohlano bosiu.
Ka nako e ’ngoe re ne re haelloa ke lijo, ’na le Norman re se na seo re se jang ka letsatsi kapa a mabeli. Joale re be le hona ho fapanyetsana libuka le lijo. Kapa, ka makhetlo a mang, re ne re kapa patsi bakeng sa lijo. Bosiu bo re fumana re robetse lepatsong la borogo ba khale, kapa hangata tlas’a sefate. Ho leleka menoang, re ne re besa khapane, qubu e ’ngoe maotong e ’ngoe qubu hloohong.
TOKELO E ATOLOHILENG EA TŠEBELETSO
Kamor’a likhoeli tse ’maloa tsa ho bula maliboho, ka tsatsi le leng ra khutlela hae ho fumana lengolo le tsoang ho Watch Tower Society. E ne e le memo ea ho ea sebeletsa lehaeng la Bethele, ntlo-kholo ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Sydney. Ka thabo ra e amohela. Empa nakoana hoba re qale mosebetsi oa rōna Bethele ’muso oa laela litho tsa lelapa la Bethele hore li tsoe mohahong ’me oa nka thepa ea Mokhatlo.
’Na le Ilma ra abeloa ho ea sebetsa Melbourne. Nakong ea thibelo re ne re bolela ka Bibele tsa rōna feela, re itšebeletsa ka bōrōna ka mokhoa o ipatileng haholo. Ka nako e ’ngoe bolutu bo ne bo e-ba bongata haholo, empa mahlohonolo a le teng. Ilma o re: “Ka tsatsi le leng ke ne ke sebetsa ’me ka bolella mosali ea hōla-hōlileng ka lefatše la paradeise. A Phakisa a hlokomela molumo oa ’nete. A ithuta ’me a tla, le hoja re ne re thibetsoe ka nako eo.” Thibelo ea tlosoa ka Phuptjane 1943.
Selemo sa 1947 sa re fumana mosebetsing oa potoloho New South Wales, moo ke neng ke sebeletsa ke le moemeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova. Joale ra neoa tokelo e ncha—memo ea ho kena Sekolo sa Watchtower sa Bibele sa Gileade, sekolo sa koetliso ea baromuoa se naheng ea New York. Re tla etsa joang?
Ke tsoile sekolo ke le lilemo li 14, ka tsila-tsila, ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho ea sekolong se joalo. Empa ka ho talima memo e le thato ea Molimo, ra arabela joaloka moprofeta oa hae Esaia: ‘Ke rōna bana! Rōma rōna.’ (Esa. 6:8) Kahoo ka Pherekhong 1948, hammoho le ba bang ba 17 ba tsoang Australia le New Zealand re ile ra iphumana ho akarelletsa motsoalle oa ka Norman Bellotti—re le sekepeng se eang United States.
Kamor’a likhoeli tse hlano tsa ho ithuta Bibele ka matla ra neoa likabelo tsa rōna tsa boromuoa. Rōna ra rōmeloa Japane.
BOPHELO BA BOROMUOA JAPANE
Kabelo ea rōna ea pele e bile motse oa Kobe. Ntlo ea rōna ea boromuoa e ne e beiloe leralleng, ’me kahoo re bona ka bokhabane Inland Sea, ka liketsoana tse ntle tsa mefuta eohle le boholo li leba koana le koana ka leoatleng. Tora ea temoso e ntse e panya-panya bosiu le motšehare, e tataisa ba tsamaeang maoatleng ho feta mafika a tlas’a metsi.
Ngaka e mosa e neng e phela haufi le rōna ea susumeletseha hore e re: “Ntlo ena ea boromuoa e tla fetoha mohloli oa leseli la moea ho batho ba sebaka sena.” Mantsoe a hae a fetoha ’nete hakaakang! Ka nako eo ho ne ho se Lipaki motseng oa Kobe, empa hona joale ho teng liphutheho tse 20 moo ka bahoeletsi ba muso ba ka bang 1 400. Barali ba babeli ba ngaka ba kolobetsoa lilemo tse fetang 20 hamorao, sebakeng sa Tokyo.
Ntlo ea rōna e ne e se na thepa ea ntlo ’me e hloka hore e hle e hloekisoe. Mohloa oa jarete o le molelele haholo eaba rea o kuta ’me ra o jala fatše, re robala ka liaparo tsa rōna mohloeng ona ka libeke tse tharo ho fihlela lintho tsa rōna li fihla. Ka bosoasoi re ne re e bitsa “Libeke Tse Tharo Tsa Ho Sola-sola.”
Ho ithuta puo e bile bothata ho rōna ka lekhetlo la pele, haholo ’na. Ke ne ke ee ke bolelle baena lintho tse kang “le je” (taberu) linku ho fapana le “le fepe” (tabesaseru) linku, kapa le tšehetse “noodles” (undon) tsa Molula-Qhooa, ho e-na le le tšehetse “phutuho” (undo) ea Molula-Qhooa. Leha ho le joalo, baena ka lerato ba ne ba nthusa likoting tseo, ’me re tsoele pele.
BOPHELO BO FETOHILENG—NTHO E NTLE
’Na le Ilma re bile Japane ka lilemo tse fetang 31 joale. E se e le lehae la rōna. Ha re fihla, ho ne ho le teng Lipaki tse tharo feela tsa matsoalloa a mona naheng eohle. Hona joale ho teng ba 58 400 ho baena ba rōna le likhaitseli ba bolelang litaba tse molemo tsa ’muso. Ka lilemo tsena ke bone ba bangata, bophelo ba ba bangata bo fetoha ka ho babatsehang—batho ba neng ba le molato oa ‘litšebelisano tsa bolotsana’ khoebong le ba phelang bophelo ba boitšoaro bo bobe haholo. Empa joale lipelo tsa bona tsa angoa ke linnete tsa Lentsoe la Molimo, ’me ke ntho e ntle hakaakang ho shebella phetoho!
Empa ho ’na phetoho e khōlō haholo bophelong ba mang kapa mang e bile ea Kimihiro Nakata, motšoaruoa ea tšoenyehileng ea neng a le mabifi moleng oa lefu ea neng a bolaile banna ba babeli. Ea e-ba mohlankana ea mosa le ea bonolo hakaakang! E ne e le e mong oa bahoeletsi ba ’muso ba chesehang ka ho fetisisa bao nkileng ka ba tseba. “Ha ke bona leholimo le leputsoa ka fenstere ea ntlo ea ka,” kamoo a neng a ee a bolelle baeti, “ke lakatsa hakaakang eka nka be ke le ntle koo ke le thusa ho bolela!”
Empa le hona moleng oa lefu oo a neng a le ho oona Kimihiro o thusitse ba bangata. A ngolla lelapa la batho bao a ba bolaileng, a le pakela, ’me ba bontša thahasello. Hape a pakela lelapa labo haholo. A ithuta mongolo oa lifofu, ’me a ngola buka “’Nete e be ea Molimo,” le bukana “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso” le lihlooho tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka mongolo oa lifofu. Libuka tsena tsa ajoa likarolong tse sa tšoaneng tsa Japane, ho akarelletsa likolo tsa lifofu.
HO BEA MAIKUTLO TŠEPONG E TLANG
Ka la 10 Phuptjane, 1959, koloi ea sepolesa ea ema ntlong ea rōna ea boromuoa. Kimihiro o ne a kōpile hore ke be teng ha a bolaoa hona hoseng hoo. Mantsoe a hae a ho qetela ho ’na nke ke ka a lebala: “Kajeno ke ikutloa ke kholisehile ka matla ka Jehova, le sehlabelo sa topollo le tšepo ea tsoho. Ke tla robala ka nakoana, ’me haeba ke thato ea Jehova, ke tla kopana le lōna kaofela paradeiseng.” Kimihiro a shoa ho khotsofatsa toka, ‘bophelo ka bophelo.’ Empa haa shoa e le senokoane se se nang tšepo se pelo e thata, o shoele e le mohlanka ea ineetseng le ea kolobelitsoeng, ea tšepahalang oa Jehova.
E, ke bone bophelo bo fetoha ka ho babatsehang—bophelo ba Kimihiro, bophelo ba ka. Ho sa tsotellehe bophelo bo seng bo fokola, Ilma e sa le molekane oa ka ea tšepahalang tšebeletsong ea nako e tletseng, tokelo eo re e thabetseng ka lilemo tse fetang 40. Teboho tsa rōna li ea li kopane ho Jehova, Molimo o ka fetolang bophelo.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
Hona ho mpolokile khathatsong eo Kimihiro Nakata a ileng a kena ho eona
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]
Bosiu bo re fumana re robetse lepatsong la borogo ba khale, kapa hangata tlas’a sefate
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 8]
Kimihiro o ne a kōpile hore ke be teng ha a bolaoa hoseng hoo